Jeremia 33:1-26

  • Modimo o tshepisa ho tsosolosa motse (1-13)

  • Batho ba tla sireletseha pusong ya “mojalefa ya lokileng” (14-16)

  • Selekane se entsweng le Davida le baprista (17-26)

    • Selekane se entsweng le letsatsi le bosiu (20)

33  Ha Jeremia a ntse a kwaletswe ntlong e Lebaleng la Balebedi,+ Jehova a bua le yena ka lekgetlo la bobedi a re:  “Jehova Moetsi wa lefatshe, Jehova ya bopileng lefatshe a ba a le tiisa ka thata, eo lebitso la hae e leng Jehova o re:  ‘Mpitseng, ke tla le araba mme ke le bolelle hanghang dintho tse kgolo le tse ke keng tsa utlwisiswa tseo le sa kang la di tseba.’+  Etswe nna Jehova Modimo wa Iseraele ke bua malebana le matlo a motse ona le matlo a marena a Juda ao batho ba a heleditseng e le ho itshireletsa saboleng le ditotomeng tse thibellang.+  Ke boetse ke bua malebana le ba tlilo lwantsha Bakalde le ho tlatsa dibaka tsena ka ditopo tsa batho bao ke ba bolaileng ha ke ne ke halefile haholo, bohle bao bokgopo ba bona bo entseng hore ke patele motse ona sefahleho sa ka.  Ke re: ‘Ke fodisa motse ona mme ke o fa bophelo bo botle.+ Ke tla phekola batho mme ke ba fe kgotso le tshireletso.+  Ke tla kgutlisa batho ba Juda le ba Iseraele+ ba hapuweng mme ke tla ba matlafatsa jwalo ka pele.+  Ke tla ba tshwarela dibe le diphoso tsohle tseo ba nketseditseng tsona e le hore ba hlweke.+  Lebitso la motse ona le tla nthabisa mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tla utlwa ka melemo yohle eo ke ba etseditseng yona di tla nthorisa le ho ntlotlisa ka lebaka la wona.+ Di tla tshoha di thothomele+ ka lebaka la melemo yohle le kgotso yohle eo ke tla e tlisa motseng ona.’+ 10  Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema tse fetohileng dithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utlwahale 11  modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, lentswe la ba reng: “Lebohang Jehova wa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+ ‘Ba tla tlisa dinyehelo tsa teboho ka tlung ya Jehova+ etswe ke tla kgutlisa batho ba hapuweng ba naha feela jwalo ka pele,’ ke Jehova ya tjhong. 12  Jehova wa mabotho o re: ‘Ho tla boela ho be le makgulo bakeng sa badisa hore ba bothise mehlape sebakeng sena se senyehileng se se nang motho kapa phoofolo le metseng yohle ya sona.+ 13  Metseng e dithabeng, e mabalane,* e ka borwa, naheng ya Benjamine, dibakeng tse haufi le Jerusalema+ le metseng ya Juda,+ badisa ba tla boela ba bale dinku tsa bona,’ ke Jehova ya tjhong. 14  ‘Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla etsa dintho tse ntle tseo ke tshepisitseng ho di etsa ka ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda,’ ke Jehova ya tjhong.+ 15  ‘Matsatsing ao le ka nako eo, ke tla hlahisetsa Davida mojalefa*+ ya lokileng ya tla phethisa toka le ho loka naheng.+ 16  Matsatsing ao, Juda e tla pholoswa+ mme Jerusalema e tla dula e sireletsehile.+ E tla bitswa ‘Jehova ke ho Loka ha Rona.’+ 17  Etswe Jehova o re: ‘Ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la Davida ya tla dula teroneng ya Iseraele+ 18  le baprista ba Balevi ba tla dula ba ena le monna ya emang ka pela ka hore a nyehele dinyehelo tse feletseng tsa setjheso, a tjhese dinyehelo tsa dijo* le ho etsa mahlabelo.’” 19  Jehova a boela a re ho Jeremia: 20  “Nna Jehova ke re: ‘Haeba le ka senya selekane seo ke se entseng le letsatsi kapa selekane seo ke se entseng le bosiu, la etsa hore bosiu le motshehare di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,+ 21  ke mohla selekane sa ka le mohlanka wa ka Davida se ka felang+ yaba ha a be le mora ya busang e le morena teroneng ya hae.+ Hape ke mohla selekane sa ka le baprista ba Balevi e leng basebeletsi ba ka se ka felang.+ 22  Feela jwalo ka ha dinaledi tsa mahodimo* di ke ke tsa balwa le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ke tla atisa ditloholo* tsa mohlanka wa ka Davida jwalo ha mmoho le Balevi ba ntshebeletsang.’” 23  Jehova a boela a re ho Jeremia: 24  “Na ha o a utlwa hore na batho baa ba ntse ba reng? Ba re: ‘Jehova o tla lahla malapa a mabedi ao a a kgethileng.’ Ba tella batho ba ka hape ha ba sa ba nka e le setjhaba. 25  Jehova o re: ‘Feela jwalo ka ha ke entse selekane sa ka mabapi le bosiu le motshehare+ le melao* ya lehodimo le lefatshe,+ 26  ka ho tshwanang le ka mohla nke ke ka lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa mohlanka wa ka Davida yaba ha ke kgethe marena a tla busa bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo hara ditloholo tsa hae. Ke tla bokella batho ba bona ba hapuweng+ mme ke tla ba hauhela.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng metse e seng dithabeng.
Ka Seheberu: “lehlomela.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “makgotla a mahodimo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “ditaelo.”