Jeremia 34:1-22

  • Molaetsa wa kahlolo o yang ho Tsedekia (1-7)

  • Selekane se entsweng bakeng sa ho lokolla makgoba ha se tshepahallwe (8-22)

34  Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bua ho Jeremia, ha Nebukadnezare* morena wa Babilona, masole ohle, mebuso yohle ya lefatshe e tlasa puso ya hae le ditjhaba tsohle di lwantsha Jerusalema le metse yohle ya yona. O ile a re:+  “Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Tsamaya o yo bua le Morena Tsedekia+ wa Juda, o re ho yena: “Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona letsohong la morena wa Babilona mme o tla o tjhesa ka mollo.+  O ke ke wa phonyoha letsohong la hae hobane o tla tshwarwa mme ho nehelanwe ka wena letsohong la hae.+ O tla bona morena wa Babilona ka mahlo a hao a mabedi mme le tla bua le shebane mahlong ebe o ya Babilona.’+  Le ha ho le jwalo, mamela lentswe la Jehova, wena Morena Tsedekia wa Juda: ‘Jehova o re ka wena: “O ke ke wa bolawa ka sabole.  O tla itjhwella ka kgotso,+ ba tla o etsetsa mokete wa ho tjhesa dibano jwalo ka ha ba etseditse bontate ba hao le marena a bileng teng pele ho wena. Ba tla o llela ba re: ‘Ao Monga rona!’ etswe ‘ke buile,’ ke Jehova ya tjhong.”’”’”  Yaba moprofeta Jeremia o bolella Morena Tsedekia wa Juda mantswe ana ohle a le Jerusalema.  E ne e le ha masole a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema le metse yohle ya Juda e setseng,+ a lwantsha Lakishe+ le Azeka.+ E ne e le yona feela metse ya Juda e neng e sireleditswe ka thata e sa kang ya haptjwa.  Ka mora hore Morena Tsedekia a etse selekane le setjhaba sohle se neng se le Jerusalema bakeng sa ho lokolla makgoba, Jehova o ile a bolella Jeremia+  hore motho e mong le e mong a lokolle lekgoba la hae la Moheberu ebang ke la monna kapa la mosadi e le hore ho se ke ha eba le motho ya entseng Mojuda wa habo lekgoba. 10  Ka hoo, dikgosana tsohle le batho bohle ba mamela. Ba ne ba entse selekane sa hore motho e mong le e mong a lokolle lekgoba la hae ebang ke la monna kapa la mosadi mme e se ke ya hlola e eba makgoba. Yaba ba a mamela mme ba a ba lokolla. 11  Empa ha morao ba lata banna le basadi bao ba neng ba ba lokolotse bokgobeng, ba ba etsa makgoba hape. 12  Ka hoo, Jehova a bua le Jeremia mme Jehova a re: 13  “nna Jehova Modimo wa Iseraele ke re: ‘Ke entse selekane le baholoholo ba lona+ mohla ke neng ke ba ntsha Egepeta, naheng ya bokgoba ba lona+ ka re: 14  “Ka mora dilemo tse supileng, e mong le e mong wa lona a lokolle ngwanabo wa Moheberu eo a mo rekiseditsweng, ya mo sebeleditseng ka dilemo tse tsheletseng. Le mo lokolle.”+ Empa baholoholo ba lona ha ba a ka ba mmamela kapa ba ntshekehela tsebe. 15  Haufinyane tjena,* lona le sokolohile yaba le etsa ntho e nepahetseng mahlong a ka ka hore le lokolle bana ba bo lona mme le etse selekane le nna ka tlung e bitswang ka lebitso la ka. 16  Empa jwale le mphetohetse, la silafatsa lebitso la ka+ ka hore le late banna le basadi bao e neng e le makgoba a lona, bao le ileng la ba lokolla hore ba ye moo ba batlang yaba le ba etsa makgoba a lona hape.’ 17  Ka hona, Jehova o re: ‘Ha le a mmamela hobane ha le a ka la lokolla bana ba bo lona le batho ba habo lona.+ Ka hoo, ke tla le lokolla hore le bolawe ka sabole, lefu la sewa le tlala+ mme ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e tshohe ha e bona ntho e le hlahetseng,’ ke Jehova ya tjhong.+ 18  ‘Ho tla etsahala tjena ka batho ba fetohetseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha mantswe a selekane seo ba se entseng ka pela ka ka ho seha namane ka lehare ebe ba feta pakeng tsa yona*+ 19  e leng dikgosana tsa Juda le tsa Jerusalema, diofisiri tsa lekgotla, baprista le batho bohle ba naha ba ileng ba feta pakeng tsa namane e sehilweng ka lehare: 20  Ke tla ba nehella dira tsa bona le batho ba batlang ho ba bolaya mme ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa dinonyana tsa mahodimo le dibata tsa lefatshe.+ 21  Ke tla nehelana ka Morena Tsedekia wa Juda le dikgosana tsa hae matsohong a dira tsa bona, matsohong a ba batlang ho ba bolaya le matsohong a mabotho a morena wa Babilona+ a seng a sa batle ho le hlasela.+ 22  Ke tla fana ka taelo mme ke tla ba kgutlisetsa motseng ona. Ba tla o lwantsha, ba o hape, ba o tjhese ka mollo.+ Ke tla etsa hore metse ya Juda e se ke ya eba le letho, e hloke baahi,’ ke Jehova ya tjhong.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Kajeno.”
Ke ntho e neng e etswa mehleng ya kgale ho tiisa selekane.