Jeremia 35:1-19

  • Barekabe ba beha mohlala o motle wa ho mamela (1-19)

35  Jehova a bua le nna Jeremia mehleng ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda a re:  “Eya lapeng la Barekabe,+ o bue le bona mme o ba tlise ka tlung ya Jehova, ho e nngwe ya dikamore tsa ho jela ebe o ba fa veine hore ba nwe.”  Ka hoo, ka tlisa mora wa Jeremia e leng Jazania setloholo sa Habazinia, bana babo, bara bohle ba hae le lelapa lohle la Barekabe  ka tlung ya Jehova. Yaba ke ba bitsetsa ka kamoreng ya ho jela ya bara ba Hanane mora wa Igdalia, mohlanka wa Modimo wa nnete. Kamore eo e ne e le pela kamore ya ho jela ya dikgosana e ka hodima kamore ya ho jela ya Maseia mora wa Shalume molebedi wa monyako.  Ka beha mabekere le dijana* tse tletseng veine ka pela bara ba Barekabe yaba ke re ho bona: “Nwang veine ke ena.”  Empa ba re: “Re ke ke ra nwa veine hobane Jehonadabe*+ mora wa Rekabe, moholoholo wa rona, o laetse hore rona kapa bara ba rona, re se ke ra nwa veine ho hang.  O itse re se ke ra haha matlo, ra jala peo, ra lema dirapa tsa morara kapa hona ho ba le tsona empa re nne re dule ditenteng e le hore re phele nako e telele naheng eo re dulang ho yona re le baditjhaba.  Ka hoo, ha re nwe veine ho hang, rona, basadi ba rona, bara le baradi ba rona hobane re mamela Jehonadabe mora wa moholoholo wa rona Rekabe nthong e nngwe le e nngwe eo a re laetseng yona.  Hape ha re hahe matlo ao re ka dulang ho ona, ha re jale peo, ha re be le dirapa tsa morara kapa masimo. 10  Re ntse re dula ditenteng mme re mamela dintho tsohle tseo moholoholo wa rona Jehonadabe* a re laetseng tsona. 11  Empa ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona a futuhela naha ena,+ ra re: ‘Tloong, re yeng Jerusalema re balehe lebotho la sesole la Bakalde le la Basiria.’ Jwale re se re dula Jerusalema.” 12  Jehova a re ho Jeremia: 13  “Nna Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, ke re: ‘Eya mme o re ho batho ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: “Na ha ke a le kopa ka makgetlo hore le mmamele?”+ ke Jehova ya tjhong. 14  “Jehonadabe mora wa Rekabe o laetse bana ba hae hore ba se ke ba nwa veine mme ba phethile mantswe a hae ka hore ba se ke ba nwa ho fihlela letsatsing lena. Ka hoo, ba mametse taelo ya moholoholo wa bona.+ Le ha ho le jwalo, nna ke buile le lona ka makgetlo* empa ha le a ka la mmamela.+ 15  Ka le romela bahlanka bohle ba ka ba baprofeta, ke ba romela ka makgetlokgetlo*+ ke re: ‘Ke kopa e mong le e mong wa lona a furalle ditsela tsa hae tse mpe+ mme a etse dintho tse nepahetseng. Le se ke la latela medimo e meng kapa la e sebeletsa. Ha le ka mmamela le tla nne le dule naheng eo ke e fileng lona le baholoholo ba lona.’+ Empa ha le a ka la mmamela kapa la ntshekehela tsebe. 16  Bana ba Jehonadabe mora wa Rekabe ba phethile taelo eo moholoholo wa bona+ a ba fileng yona empa setjhaba sena sona ha se a mmamela.”’ 17  Jehova, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ka hoo, ke tlisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema tlokotsi yohle eo ke ba lemositseng ka yona+ hobane ke buile le bona empa ha ba a ka ba mmamela, ka nna ka ba bitsa empa ha ba a ka ba nkaraba.’”+ 18  Yaba Jeremia o re ho lelapa la Barekabe: “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ka ha le mametse taelo ya Jehonadabe moholoholo wa lona mme le ntse le boloka ditaelo tsohle tsa hae le ho phetha hantle dintho tseo a le laetseng tsona, 19  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Ho tla dula ho ena le ngwana wa Jehonadabe* mora wa Rekabe ya ntshebeletsang.”’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mepotjwana.”
Ka Seheberu: “Jonadabe,” kgutsufatso ya lebitso la Jehonadabe.
Ka Seheberu: “Jonadabe,” kgutsufatso ya lebitso la Jehonadabe.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng mme ke bua.”
Ka Seheberu: “bao ke tsohileng hoseng ke ba romela.”
Ka Seheberu: “Jonadabe,” kgutsufatso ya lebitso la Jehonadabe.