Jeremia 36:1-32

  • Jeremia o jwetsa Baruke hore na a ngole eng moqolong (1-7)

  • Baruke o balla moqolo hodimo (8-19)

  • Jojakime o tjhesa moqolo (20-26)

  • Molaetsa o ngolwa hape moqolong o motjha (27-32)

36  Selemong sa bone sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda, Jehova a re ho Jeremia:  “Nka moqolo mme ho wona o ngole mantswe ohle ao ke o boleletseng ona ka Iseraele, Juda+ le ditjhaba tsohle,+ ho tloha mehleng ya Josiase ha ke qala ho bua le wena ho fihlela kajeno.+  Mohlomong ha ba ntlo ya Juda ba utlwa ka tlokotsi eo ke nahanang ho ba tlisetsa yona, ba tla tlohela mekgwa ya bona e fosahetseng e le hore ke ba tshwarele diphoso tsa bona le dibe tsa bona.”+  Yaba Jeremia o bitsa Baruke+ mora wa Neria. A mo bolella ditaba tsohle tseo Jehova a neng a mo boleletse tsona. Baruke a di ngola moqolong.+  Jwale Jeremia a re ho Baruke: “Ha ke a dumellwa ho kena ka tlung ya Jehova.  Ke wena ya tla tlameha ho ya mme o balle hodimo ditaba tsa Jehova tse ka moqolong oo o o ngotseng ha ke ntse ke o bolella tsona. Ka letsatsi la ho itima dijo, o o balle setjhaba ka tlung ya Jehova. O tla o balla batho bohle ba Juda ba tswang metseng ya habo bona.  Mohlomong ba tla kgutla mekgweng ya bona e fosahetseng ebe ba kopa Jehova hore a ba hauhele ka ha Jehova o itse o halefetse setjhaba sena haholo.”  Baruke mora wa Neria a etsa sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona. A balla moqolo* wa ditaba tsa Jehova hodimo, a o balla ka tlung ya Jehova.+  Ka selemo sa bohlano sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase morena wa Juda, ka kgwedi ya borobong, setjhaba sohle se Jerusalema le setjhaba sohle se neng se tlile Jerusalema se tswa metseng ya Juda sa itima dijo hore Jehova a se hauhele.+ 10  Yaba Baruke o balla setjhaba sohle moqolo* wa Jeremia ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya ho jela ya Gemaria+ mora wa mokopitsi* Shafane,+ e lebaleng le ka hodimo, pela keiti e ntjha ya ntlo ya Jehova.+ 11  Ha mora wa Gemaria e leng Mikaia setloholo sa Shafane a utlwa ditaba tsohle tsa Jehova tse tswang moqolong,* 12  a theohela ka tlung ya morena,* ka ofising ya mongodi. Diofisiri tsohle* tse kgolo di ne di dutse moo: Mongodi Elishama,+ Delaia mora wa Shemaia, Elnathane+ mora wa Akbore,+ Gemaria mora wa Shafane, Tsedekia mora wa Hanania le diofisiri tse ding kaofela. 13  Mikaia a ba bolella ditaba tsohle tseo a neng a di utlwile ha Baruke a balla setjhaba moqolo.* 14  Jwale diofisiri tsohle tsa roma mora wa Nethania e leng Jehudi setloholo sa Shelemia ebile e le setloholwana sa Kushi, tsa mo roma ho Baruke tsa re a re: “Tloo le moqolo oo o ileng wa o balla setjhaba.” Baruke mora wa Neria a nka moqolo mme a ya ho bona. 15  Ba re ho yena: “Re kopa o dule fatshe mme o re balle wona, o o balle hodimo.” Ka hoo, Baruke a ba balla wona. 16  Yare hang ha ba utlwa ditaba tseo, ba shebana ba tshohile yaba ba re ho Baruke: “Ka nnete re lokela ho bolella morena ditaba tsena tsohle.” 17  Ba re ho Baruke: “Re kopa o re bolelle hore na o ngotse ditaba tsena tsohle jwang. Na Jeremia o ne a ntse a o bolella tsona?” 18  Baruke a re ho bona: “O ile a mpolella ditaba tsena tsohle yaba nna ke di ngola moqolong* ona ka enke.” 19  Diofisiri tsa re ho Baruke: “Tsamaya o yo ipata, wena le Jeremia e le hore ho se ke ha eba le mang kapa mang ya tla tseba hore na le hokae.”+ 20  Jwale ba ya lebaleng moo morena a neng a le hona teng mme ba beha moqolo ka ofising ya mongodi Elishama yaba ba bolella morena dintho tsohle tseo ba di utlwileng. 21  Ka hoo, morena a roma Jehudi+ hore a yo nka moqolo yaba o tla le wona ho tswa ofising ya mongodi Elishama. Jehudi a o balla morena le diofisiri tse emeng pela morena. 22  Morena o ne a dutse ka tlung eo a neng a dula ho yona mariha. E ne e le kgwedi ya borobong* mme mollo o ne o ntse o tuka leifong le ka pela hae. 23  Ka mora hore Jehudi a bale dikarolo tse tharo kapa tse nne tsa moqolo, morena o ne a tabola dikarolo tseo ka thipa ya mongodi ebe o di lahlela mollong o neng o tuka leifong, ho fihlela moqolo kaofela o fella mollong. 24  Morena le bahlanka bohle ba hae ba neng ba mametse ditaba tsena tsohle ha ba a ka ba tshoha ebile ha ba a ka ba tabola diaparo tsa bona. 25  Le hoja Elnathane,+ Delaia+ le Gemaria+ ba ile ba kopa morena ka thata hore a se ke a tjhesa moqolo oo, ha a ka a ba mamela. 26  Hape, morena a laela Jeramiele mora wa morena,* Seraia mora wa Azriele le Shelemia mora wa Abdiele hore ba tshware mongodi Baruke le moprofeta Jeremia. Empa Jehova a etsa hore ba se ke ba ba fumana.+ 27  Ka mora hore morena a tjhese moqolo o nang le mantswe ao Baruke a neng a a ngotse ha a ntse a a bolellwa ke Jeremia,+ Jehova a boela a re ho Jeremia: 28  “Nka moqolo o mong, ho wona o ngole ditaba tsohle tse tshwanang le tsa moqolo wa pele, oo Morena Jojakime wa Juda a o tjhesitseng.+ 29  O phatlalatse molaetsa ona ka Morena Jojakime wa Juda: ‘Jehova o re: “O tjhesitse moqolo ona yaba o re: ‘Ke hobaneng ha o ngotse ho wona hore ruri morena wa Babilona o tla tla mme a fedise naha ee, a etse hore e se ke ya eba le motho le phoofolo?’+ 30  Ka hona, Jehova o re ka Morena Jojakime wa Juda: ‘Ha ho le ya mong wa ditloholo tsa hae ya tla sala hore a dule* teroneng ya Davida+ mme setopo sa hae se tla tjheswa ke letsatsi motshehare, se lale serame bosiu.+ 31  Ke tla otla yena, bana* ba hae le bahlanka ba hae bakeng sa diphoso tsa bona. Ke tla tlisetsa bona, baahi ba Jerusalema le batho ba Juda tlokotsi eo ke itseng ke tla ba tlisetsa yona+ hobane ha ba a ka ba mmamela.’”’”+ 32  Ka hoo, Jeremia a nka moqolo o mong, a o fa Baruke mora wa Neria, mongodi.+ Jeremia a bolella Baruke mantswe ohle a moqolo* oo Morena Jojakime wa Juda a neng a o tjhesitse mollong+ yaba Baruke o a a ngola. Ho ile ha eketswa mantswe a mang a mangata a tshwanang le ao.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “buka.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “bukeng.”
Kapa: “Diofisiri tsohle tsa lekgotla.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “bukeng.”
Ho tloha mahareng a November ho ya fihla mahareng a December. Sheba Ntlha ya B15.
Mohlomong e ne e se mora empa e le setho feela sa lelapa la boreneng.
Ka Seheberu: “A ke ke a ba le ya tla dula.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “buka.”