Jeremia 38:1-28

  • Jeremia o lahlelwa ka sekoting (1-6)

  • Ebede-meleke o pholosa Jeremia (7-13)

  • Jeremia o kopa Tsedekia hore a inehele (14-28)

38  Shefatia mora wa Matane, Gedalia mora wa Pashkure, Jukale+ mora wa Shelemia le Pashkure+ mora wa Malkija ba utlwa ha Jeremia a re ho setjhaba sohle:  “Jehova o re: ‘Motho ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, tlala le ka lefu la sewa.+ Empa ya inehelang* ho Bakalde o tla pholoha* mme a nne a phele.’+  Jehova o re: ‘Ruri motse ona o tla nehellwa masole a morena wa Babilona mme morena o tla o hapa.’”+  Diofisiri tse kgolo tsa re ho morena: “Re kopa hore monna enwa a bolawe+ hobane o nyahamisa masole a setseng motseng mona le batho bohle ka ho ba jwetsa dintho tsena. Etswe monna enwa ha a batlele setjhaba sena kgotso empa o se batlela tlokotsi.”  Morena Tsedekia a re: “Etsang ntho eo le e batlang ka yena. Ha ho letho leo nka le etsang ho le thiba.”  Ka hoo, ba nka Jeremia yaba ba mo kenya ka sekoting* sa Malkija mora wa morena, se neng se le Lebaleng la Balebedi.+ Ba theolela Jeremia tlase ka diropo. Ka sekoting seo ho ne ho se na metsi, ho tletse seretse feela. Ka hoo, Jeremia a tetebela seretseng.  Ebede-meleke+ wa Moethiopia, eo e neng e le ofisiri ya lekgotla* ka tlung ya morena,* a utlwa hore ba kentse Jeremia ka sekoting. Morena o ne a dutse Keiting ya Benjamine.+  Ka hoo, Ebede-meleke a tswa ka tlung ya morena mme a bua le morena a re:  “Kgosi ya ka morena, ntho eo banna bana ba e entseng moprofeta Jeremia e mpe. Ba mo lahletse ka sekoting. O tla shwella teng ka lebaka la tlala hobane ha ho sa na bohobe motseng.”+ 10  Morena a re ho Ebede-meleke wa Moethiopia: “Nka banna ba 30 mona o tsamaye le bona, le ntshe moprofeta Jeremia ka sekoting pele a shwa.” 11  Ka hoo, Ebede-meleke a tsamaya le banna bao, a kena ka tlung ya morena ka kamoreng e tlasa moo ho bolokelwang matlotlo+ yaba ba nka dikatana le masela a kgale ba a theolela ho Jeremia ka sekoting ba sebedisa diropo. 12  Ebede-meleke Moethiopia a re ho Jeremia: “Ke kopa o kenye dikatana le masela ka mahafing e le hore diropo di se ke tsa o sehla.” Jeremia a etsa jwalo. 13  Yaba ba hula Jeremia ka diropo mme ba mo nyolla ka sekoting. Jeremia a nna a dula Lebaleng la Balebedi.+ 14  Morena Tsedekia a bitsa moprofeta Jeremia hore a tle monyako wa boraro o ka tlung ya Jehova yaba morena o re ho Jeremia: “Ho na le ntho eo ke batlang ho o botsa yona. O se ke wa mpatela letho.” 15  Yaba Jeremia o re ho Tsedekia: “Ha nka o bolella, jwang kapa jwang o tlo mpolaya. Hape ha nka o eletsa, ha o tlo mmamela.” 16  Yaba Morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia lekunutung o re: “Ka Jehova ya phelang ya re fileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka o nehella banna bana ba batlang ho o bolaya.” 17  Jwale Jeremia a re ho Tsedekia: “Jehova Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ha o ka inehela* ho diofisiri tse kgolo tsa morena wa Babilona, o ke ke wa shwa. Motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo mme wena le ba ntlo ya hao le ke ke la shwa.+ 18  Empa haeba o ke ke wa inehela* ho diofisiri tse kgolo tsa morena wa Babilona, motse ona o tla nehellwa Bakalde, ba o tjhese ka mollo+ mme wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’”+ 19  Morena Tsedekia a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba balehetseng ho Bakalde hobane ha nka iswa ho bona, ba ka nna ba ntlhahisa kotsi.” 20  Empa Jeremia a re: “O ke ke wa iswa ho bona. Ke kopa o mamele lentswe la Jehova ka hore o mamele ntho eo ke o bolellang yona. Ha o ka etsa jwalo, dintho di tla o tsamaela hantle mme o tla nne o phele. 21  Empa haeba o sa inehele,* ho tla etsahala ntho ena eo Jehova a mpontshitseng yona: 22  Basadi bohle ba siilweng ka tlung ya morena wa Juda ba ntse ba tliswa ho diofisiri tse kgolo tsa morena wa Babilona+ mme ba re: ‘Batho bao a neng a ba tshepile* ba mo thetsitse mme ba mo hlotse.+ Ba entse hore leoto la hae le tetebele seretseng hoo a neng a sitwa ho tswa. Jwale ba mo lahlile.’ 23  Ba ntse ba tlisa basadi bohle ba hae le bara ba hae kaofela ho Bakalde mme a ke ke a phonyoha matsohong a bona. Morena wa Babilona+ o tla mo tshwara mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka lebaka la hae.”+ 24  Yaba Tsedekia o re ho Jeremia: “O se ke wa tsebisa mang kapa mang dintho tsena e le hore o se ke wa shwa. 25  Haeba diofisiri tse kgolo di utlwa hore ke buile le wena mme di tla ho wena di re: ‘Re kopa o re bolelle hore na o itseng ho morena. O se ke wa re patela letho, re ke ke ra o bolaya.+ Morena o itseng ho wena?’ 26  O tle o re ho tsona: ‘Ke ne ke kopa morena hore a se ke a nkgutlisetsa ka tlung ya Jonathane hore ke shwelle teng.’”+ 27  Ka mora nako, diofisiri tsohle tse kgolo tsa tla ho Jeremia mme tsa mo botsa. A di bolella dintho tsohle tseo morena a itseng a di bue. Ka hoo, ha di a ka tsa hlola di re letho ho yena ka ha ha ho motho ya neng a utlwile puisano ya hae le morena. 28  Jeremia a nna a dula Lebaleng la Balebedi+ ho fihlela letsatsing leo Jerusalema e haptjwang ka lona. O ne a ntse a le moo ha Jerusalema e haptjwa.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ya yang.”
Kapa: “bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae.”
Kapa: “sedibeng.”
Ka Seheberu: “e neng e le leqhalaha.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “Ha o ka ya.”
Ka Seheberu: “o ke ke wa ya.”
Ka Seheberu: “o sa ye.”
Ka Seheberu: “ba neng ba ena le kgotso le yena.”