Jeremia 39:1-18

  • Jerusalema e a dihuwa (1-10)

    • Tsedekia o a baleha ebe o a tshwarwa (4-7)

  • Jeremia o a sireletswa (11-14)

  • Ebede-meleke o tla pholoswa (15-18)

39  Ka kgwedi ya leshome ha Morena Tsedekia wa Juda a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare* wa Babilona le masole ohle a hae ba tla Jerusalema mme ba e thibella.+  Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone, ha Tsedekia a ena le dilemo tse 11 a busa, ba phunya lerako la motse ba kena.+  Diofisiri tsohle tse kgolo tsa morena wa Babilona tsa tla mme tsa dula Keiting e Bohareng.+ Diofisiri tseo e ne e le Nergale-sharezere Mosamgare, Nebo-sarsekime Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le diofisiri tse ding kaofela tsa morena wa Babilona.  Ha Morena Tsedekia wa Juda le masole ohle a hae ba di bona, ba baleha+ mme ba tswa motseng bosiu ka tsela ya serapa sa morena. Ba tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi mme ba nna ba baleha ka tsela ya Araba.+  Empa masole a Bakalde a ba lelekisa mme a fumana Tsedekia dithoteng tsa lehwatata tsa Jeriko.+ Masole a mo nka a mo isa Ribla+ ho Morena Nebukadnezare* wa Babilona naheng ya Hamathe+ moo morena a ileng a mo ahlolela teng.  Morena wa Babilona a laela hore bara ba Tsedekia ba bolawe ka pela mahlo a hae hona moo Ribla mme morena wa Babilona a laela hore bahlomphehi bohle ba Juda ba bolawe.+  A foufatsa Tsedekia yaba ka mora moo o mo tlama ka ditlamo tsa koporo o mo tlisa Babilona.+  Yaba Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena* le matlo a batho+ mme ba heletsa marako a Jerusalema.+  Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuweng, ba balehetseng ka lehlakoreng la hae le batho ba bang kaofela ba setseng, a ba isa Babilona. 10  Empa Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a siya ba bang ba batho ba futsanehileng ka ho fetisisa naheng ya Juda, ba se nang letho. Letsatsing leo, a boela a ba fa dirapa tsa morara le masimo hore ba sebetse.*+ 11  Morena Nebukadnezare* wa Babilona a fa Nebuzaradane mookamedi wa balebedi ditaelo tsena malebana le Jeremia: 12  “Mo nke mme o mo hlokomele. O se ke wa mo lematsa. Empa o mo fe ntho e nngwe le e nngwe eo a o kopang yona.”+ 13  Ka hoo, Nebuzaradane mookamedi wa balebedi, Nebushazbane Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le banna bohle ba ka sehloohong ba morena wa Babilona ba roma banna 14  hore ba tlose Jeremia Lebaleng la Balebedi+ mme ba mo ise ho mora wa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ hore a ye ntlong ya Gedalia. Ka hoo, Jeremia a lokollwa mme a phela le setjhaba. 15  Ha Jeremia a ntse a kwaletswe Lebaleng la Balebedi,+ Jehova o ne a ile a re ho yena: 16  “Tsamaya o yo re ho Ebede-meleke+ wa Moethiopia: ‘Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Ke phethahatsa mantswe a ka ka motse ona. Ke o tlisetsa tlokotsi eseng katleho. O tla bona ha e etsahala mohlang oo.”’ 17  Jehova o re: ‘Empa letsatsing leo, ke tla o pholosa mme o ke ke wa nehellwa batho bao o ba tshabang. 18  Ke tla o pholosa mme o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla fumana bophelo ba hao e le moputso*+ hobane o ntshepile,’+ ke Jehova ya tjhong.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “Nergale-sharezere, Samgare-nebo, Sarsekime, Rabsarise.” Ke tsela e nngwe hape eo a ngolwang ka yona ka Seheberu.
Kapa: “moselamose ya ka sehloohong (molepi wa dinaledi).”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa mohlomong: “mosebetsi o qobellwang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “ofisiri e kgolo ya lekgotla.”
Kapa: “moselamose ya ka sehloohong (molepi wa dinaledi).”
Ka Seheberu: “thepa e hapuweng.”