Jeremia 4:1-31

  • Ho baka ho tlisa ditlhohonolofatso (1-4)

  • Ho tla hlaha koduwa e tswang leboya (5-18)

  • Jeremia o utlwa bohloko ka lebaka la koduwa e tlang (19-31)

4  Jehova o re: “Ha o ka kgutla, wena Iseraele,Ha o ka kgutlela ho nna,Wa tlosa medimo ya hao ya bohata* e nyonyehang ka pela ka,Jwale o ke ke wa ba mophaphathehi.+   Hape ha o ka hlapanya ka nnete, toka le ka ho loka, wa re: ‘Ka Jehova ya phelang!’ Jwale ditjhaba di tla fumana tlhohonolofatso ka yena*Mme di tla ithorisa ka yena.”+  Jehova o re ho banna ba Juda le ho Jerusalema: “Itemeleng masimo,Le se ke la nna la jala hara meutlwa.+   Lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema,Bollang bakeng sa Jehova,Bolotsang dipelo tsa lona+E le hore kgalefo ya ka e se ke ya tuka jwalo ka molloMme ya tuka ya hloka motho ya e timangKa lebaka la mesebetsi ya lona e kgopo.”+   Bolelang taba ena Juda, le e phatlalatse le Jerusalema. Hweletsang le letse lenaka ho pholletsa le naha.+ Hweletsang le re: “Bokanang! Re baleheleng metseng e sireleditsweng ka thata.+   Phahamisang letshwao* le bontshang tsela e yang Sione. Le se ke la ema, batlang tshireletso”Hobane ke tlisa koduwa e tswang leboya,+ tlokotsi e kgolo.   Sera se hlahile jwalo ka tau ha e hlaha hara mofero wa yona,+Ya senyang ditjhaba o tswile.+ O tswile sebakeng sa hae e le hore a etse naha ya hao ntho e tshosang. Metse ya hao e tla etswa dithako, e hloke moahi.+   Ka hoo, aparang masela a hwashang.*+ Bokollang, le lle*Hobane Jehova o ntse a re halefetse haholo.   Jehova o re: “Letsatsing leo, morena o tla tsherema*+Ha mmoho le dikgosana. Baprista ba tla tshoha le baprofeta ba makale.”+ 10  Yaba ke re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ka nnete o thetsitse Juda+ le Jerusalema ha o re: ‘Le tla ba le kgotso’+ empa re le makgatheng a ho bolawa ka sabole.” 11  Ka nako eo ho tla thwe ho setjhaba sena le ho Jerusalema: “Moya o tjhesang o hlahang maralleng a hlobotseng a lehwatataO tla puputla moradi wa* setjhaba sa ka. Ha se moya o tla olosa kapa o hlwekise. 12  Moya o fokang ka matla o tswa dibakeng tsena ka taelo ya ka. Jwale ke tla phatlalatsa dikahlolo ho batho ba ka. 13  Sera se tla tla jwalo ka maru a pula,Dikariki tsa sona tsa ntwa di jwalo ka sefefo.+ Dipere tsa sona di lebelo ho feta dintsu.+ Re madimabe hobane re ba shweleng. 14  Hlatswa bokgopo pelong ya hao hore e hlweke, wena Jerusalema e le hore o pholoswe.+ O tla dula o nahana bokgopo ho fihlela neng? 15  Lentswe le bua ditaba le le Dane,+Le phatlalatsa koduwa le le dithabeng tsa Efraime. 16  Tlalehelang ditjhaba molaetsa ona. O phatlalatseng kgahlanong le Jerusalema.” “Balebedi* ba tla ba tswa naheng e holeMme ba tla hweletsa kgahlanong le metse ya Juda. 17  Ba tla hlasela Jerusalema ka mahlakoreng ohle jwalo ka batho ba katileng masimo+Hobane e mphetohetse,”+ ke Jehova ya tjhong. 18  “O tla fumana kotlo bakeng sa ditsela tsa hao le mesebetsi ya hao.+Koduwa ya hao e bohloko haholoHobane e fihla pelong ya hao.” 19  Bohloko boo ke bo utlwang,* bohloko boo ke bo utlwang! Ke utlwa bohloko bo boholo pelong ya ka.* Pelo ya ka e otla ha bohloko. Nke ke ka tholaHobane ke utlwile modumo wa lenaka,Mokgosi wa ntwa.*+ 20  Ho tlalehilwe koduwa ka mora koduwaHobane naha yohle e fedisitswe. Ditente tsa ka di sentswe ka tshohanyetso,Masela a ka a tente a sentswe ka nako le motsotso.+ 21  Ke tla nne ke bone letshwao* halelele hakae,Ke tla nne ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?+ 22  “Etswe batho ba ka ke mawatla.+ Ha ba na taba le nna. Ke bana ba se nang kelello mme ha ba na kutlwisiso. Ba hlalefetse ho etsa dintho tse fosahetsengEmpa ha ba tsebe ho etsa tse lokileng.” 23  Ha ke sheba naha, ka bona e se na letho ebile e senyehile.+ Ka sheba mahodimo mme ka bona kganya ya ona e le siyo.+ 24  Ha ke sheba dithaba, ka bona di ntse di reketlaLe maralla a sisinyeha.+ 25  Ka bona ho se na mothoLe dinonyana tsa mahodimo di balehile kaofela.+ 26  Ha ke sheba serapa sa difate tsa ditholwana, ka bona hore se fetohile lehwatataLe metse yohle ya sona e ne e qhaqhilwe kaofela.+ E ne e le ka lebaka la Jehova,Ka lebaka la bohale ba hae bo tukang. 27  Etswe Jehova o re: “Naha yohle e tla senyeha+Empa nke ke ka e fedisa tu! 28  Ka lebaka lena naha e tla utlwa bohloko,+Mahodimo a tla fifala.+ Ke buile ebile ke entse qeto,Nke ke ka e fetohela* kapa hona ho e kwenehela.+ 29  Batho bohle ba motse ba a baleha+Ha ba utlwa modumo wa banna ba palameng dipere le ba lwanang ka diqha. Ba ipata merung e teteaneng,Ba hlwella mafikeng.+ Baahi bohle ba balehile metseng,Ha ho sa na batho ba dulang ho yona.” 30  Ka ha jwale o tlatlapuwe, o tla etsang? O ne o tlwaetse ho apara diaparo tse kgubedu,O ikgabisa ka mekgabiso ya kgauta,O tlotsa mahlo a hao ka setlolo se setsho hore a bonahale a le maholo. Empa o ikentse botle mahala+Ka ha ba o batlang ba o lahlile. Hona jwale ba batla ho o bolaya.+ 31  Etswe ke utlwile sello se kang sa mosadi ya opelwang,*Seboko se kang sa mosadi ya belehang ngwana wa hae wa pele,Lentswe la moradi wa Sione ya ntseng a hema ka thata. O otlolla diatla a ntse a re:+ “Ke madimabe hobane ke kgathetse ka lebaka la babolai!”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ditshwantsho tsa hao.”
E leng Jehova.
Kapa: “palo.”
Kapa: “le ikotle difubeng.”
Kapa: “o tla fellwa ke sebete.”
Mokgabopuo wa mothofatso, o o mohlomong o bontshang kgauho kapa kutlwelobohloko.
Balebedi ba shebileng motse e le ho bona hore na ba ka o hlasela neng.
Ka Seheberu: “Mala a ka.”
Ka Seheberu: “marakong a pelo ya ka.”
Kapa mohlomong: “Mohoo wa batho ba hlaselang.”
Kapa: “palo.”
Kapa: “ka ikwahlaya.”
Kapa mohlomong: “ya kulang.”