Jeremia 40:1-16

  • Nebuzaradane o lokolla Jeremia (1-6)

  • Gedalia o kgethelwa hore a okamele motse (7-12)

  • Ba rera ho bolaya Gedalia (13-16)

40  Jehova o ile a bua le Jeremia ka mora hore Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi a mo lokolle Rama.+ Nebuzaradane o ne a ile a mo isa moo a tlamilwe ka diketane mme Jeremia o ne a le hara batho ba Jerusalema le Juda ba hapuweng, ba neng ba iswa Babilona.  Jwale mookamedi wa balebedi a nkela Jeremia ka thoko yaba o re ho yena: “Jehova Modimo wa hao o boletse kgale ka tlokotsi ena e etsahetseng mona.  Jehova o entse feela jwalo ka ha a boletse hobane le sitetswe Jehova ka hore ebe ha le a mo mamela. Ke ka hoo le hlahetsweng ke tlokotsi ena.+  Kajeno ke fasolla diketane tse matsohong a hao. Haeba o bona ho le molemo hore o ye le nna Babilona, tloo mme ke tla o hlokomela. Empa haeba o sa batle ho ya le nna Babilona, o se ke wa ya. Ikele hohle moo o batlang ho ya teng naheng ena.”+  Pele Jeremia a etsa qeto ya hore a kgutle, Nebuzaradane a re: “Kgutla o ye ho mora wa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ eo morena wa Babilona a mo kgethileng hore a okamele metse ya Juda mme o dule le yena hara setjhaba kapa o ye hohle moo o batlang.” Mookamedi wa balebedi a mo fa dijo le mpho yaba o mo lokolla hore a tsamaye.  Ka hoo, Jeremia a ya Mizpa+ ho Gedalia mora wa Akikame yaba o dula le yena hara setjhaba se neng se setse Juda.  Ka mora nako, balaodi bohle ba masole ba neng ba le naheng le masole a bona, ba utlwa hore morena wa Babilona o kgethile Gedalia mora wa Akikame hore a buse naha a be a okamele bafutsana ba banna, basadi le bana naheng eo, ba neng ba sa iswa Babilona.+  Ka hoo, ba ya Mizpa+ ho Gedalia. E ne e le Ishmaele+ mora wa Nethania, Johanane+ le Jonathane bara ba Karea, Seraia mora wa Tanhumethe, bara ba Efai Monetofa le Jezania+ Momakathe, bona ha mmoho le masole a bona.  Mora wa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane a ba hlapanyetsa ha mmoho le masole a bona a re: “Le se ke la tshaba ho sebeletsa Bakalde. Dulang naheng ena, le sebeletse morena wa Babilona mme dintho di tla le tsamaela hantle.+ 10  nna ke tla dula Mizpa e le hore ke be moemedi wa lona ho* Bakalde ba tlang ho rona. Empa le lokela ho bokella veine, ditholwana tsa lehlabula le oli, le di tshele dinkgong tsa lona mme le dule metseng eo le ikabetseng yona.”+ 11  Bajuda bohle ba neng ba le Moabe, Amone le Edomo ha mmoho le ba neng ba le dinaheng tse ding tsohle le bona ba utlwa hore morena wa Babilona o dumeletse Bajuda ba bang hore ba dule Juda le hore o kgethile mora wa Akikame, Gedalia setloholo sa Shafane hore a ba okamele. 12  Jwale Bajuda bohle ba qala ho kgutla dibakeng tsohle tseo ba neng ba hasantswe ho tsona, ba tla Mizpa e naheng ya Juda ho Gedalia. Ba bokella veine le ditholwana tsa lehlabula tse ngata haholo. 13  Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba masole ba neng ba le naheng, ba tla Mizpa ho Gedalia. 14  Ba re ho yena: “Na ha o tsebe hore Baalise morena wa Baamone+ o rometse Ishmaele mora wa Nethania hore a o bolaye?”+ Empa Gedalia mora wa Akikame ha a ka a ba kgolwa. 15  Johanane mora wa Karea a ya Mizpa ho Gedalia ka lekunutu yaba o re ho yena: “Ere ke yo bolaya Ishmaele mora wa Nethania, ha ho motho le ya mong ya tla tseba. Ho seng jwalo, o tla o bolaya ebe batho bohle ba Juda ba tlasa puso ya hao ba a hasanngwa, Bajuda ba setseng ba tla shwa.” 16  Empa Gedalia+ mora wa Akikame a re ho Johanane mora wa Karea: “O se ke wa etsa jwalo hobane ntho eo o e buang ka Ishmaele ke leshano.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ke eme ka pela.”