Jeremia 41:1-18

  • Gedalia o bolawa ke Ishmaele (1-10)

  • Ishmaele o baleha ka lebaka la Johanane (11-18)

41  Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele+ mora wa Nethania e leng mora wa Elishama, ya tswang lelokong la borena ebile e le e mong wa banna ba ka sehloohong ba morena, a tla Mizpa+ ho Gedalia mora wa Akikame ha mmoho le banna ba bang ba leshome. Ha ba ntse ba ja dijo ha mmoho moo Mizpa,  Ishmaele mora wa Nethania le banna ba leshome ba neng ba ena le yena ba ema mme ba bolaya mora wa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane ka sabole. A bolaya monna eo morena wa Babilona a neng a mo behile hore a okamele naha.  Ishmaele a bolaya Gedalia le Bajuda bohle ba neng ba le pela Gedalia, Mizpa. A bolaya le masole a Bakalde a neng a le moo.  Ka letsatsi la bobedi Gedalia a bolailwe, pele mang kapa mang a tseba ka taba ena,  ha fihla banna ba 80 ba tswang Shikeme,+ Shilo+ le Samaria.+ Ba fihla ba beotse ditedu, ba tabotse diaparo tsa bona, ba itshehile,+ ba nkile dibano tse tshweu le dijo* tseo ba neng ba ilo di nyehela+ ka tlung ya Jehova.  Ka hoo, Ishmaele mora wa Nethania a tloha Mizpa ho ya ba kgahlanyetsa, a tsamaya a ntse a lla. Ha a teana le bona a re: “Tloong ho Gedalia mora wa Akikame.”  Ha ba fihla motseng, Ishmaele mora wa Nethania le banna bao a neng a ena le bona ba ba bolaya yaba ba ba lahlela ka sekoting.  Empa banna ba leshome hara bona ba re ho Ishmaele: “O se ke wa re bolaya etswe re na le dijo tseo re di patileng naheng. Ke koro, harese le mahe a dinotshi.” Ka hoo, a ithiba hore a se ke a ba bolaya ha mmoho le bana ba bo bona.  Jwale Ishmaele a lahlela ditopo tsohle tsa banna bao a neng a ba bolaile ka sekoting se seholo. Sekoti seo se ne se entswe ke Morena Asa ha a hlasela Morena Baasha wa Iseraele.+ Ishmaele mora wa Nethania o ile a tlatsa sekoti seo ka ditopo tsa banna bao. 10  Ishmaele a hapa batho bohle ba neng ba le Mizpa+ ha mmoho le baradi ba morena le batho bohle ba neng ba setse Mizpa, bao Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a neng a ba behile tlhokomelong ya Gedalia+ mora wa Akikame. Ishmaele mora wa Nethania a ba hapa mme a tloha a tshelela ho Baamone.+ 11  Ha Johanane+ mora wa Karea le balaodi bohle ba masole ba neng ba ena le yena ba utlwa ka dintho tsohle tse mpe tseo Ishmaele mora wa Nethania a di entseng, 12  ba tsamaya le banna bohle ho ya lwantsha Ishmaele mora wa Nethania. Ba mo fumana Gibeone pela letamo le leholo.* 13  Batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile ba thaba ha ba bona Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba neng ba ena le yena. 14  Yaba batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile Mizpa+ ba kgutlela ho Johanane mora wa Karea. 15  Empa Ishmaele mora wa Nethania le banna ba robedi ba neng ba ena le yena ba phonyoha matsohong a Johanane, ba balehela ho Baamone. 16  Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba neng ba ena le yena ba kgutla le batho bohle ba hapilweng Mizpa, bao ba ba pholositseng matsohong a Ishmaele mora wa Nethania ka mora hore a bolaye Gedalia+ mora wa Akikame. Ba kgutla le banna, masole, basadi, bana le diofisiri tsa lekgotla ho tswa Gibeone. 17  Ka hoo, ba tsamaya yaba ba dula ha Kimhame pela Bethlehema+ ka morero wa ho theohela Egepeta+ 18  ka lebaka la Bakalde. Ba ne ba ba tshohile ka ha Ishmaele mora wa Nethania o ne a bolaile Gedalia mora wa Akikame, eo morena wa Babilona a neng a mo kgethile hore a okamele naha.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “metsi a mangata.”