Jeremia 42:1-22

  • Batho ba kopa Jeremia hore a ba rapelle (1-6)

  • Jehova o re ba se ke ba ya Egepeta (7-22)

42  Balaodi bohle ba sesole, Johanane+ mora wa Karea, Jezania mora wa Hoshaia le setjhaba sohle, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui, ba tla  mme ba re ho moprofeta Jeremia: “Re kopa o re hauhele, o re rapelle ho Jehova Modimo wa hao molemong wa batho bohle ba setseng+ etswe re ne re le bangata empa re se re le mmalwa jwalo ka ha o bona.  E se eka Jehova Modimo wa hao a ka re bolella tsela eo re lokelang ho tsamaya ka yona le hore na re etseng.”  Yaba moprofeta Jeremia o re: “Ke le utlwile mme ke ntse ke rapela Jehova Modimo wa lona jwalo ka ha le nkopile. Ke tla le bolella hore na Jehova o itseng ha a le araba, nke ke ka le patela letho.”  Ba re ho Jeremia: “Jehova e ke e be paki ya nnete le e tshepahalang e tla re ahlola haeba re ke ke ra hlompha ditaelo tsohle tseo Jehova Modimo wa hao a tlang ho re fa tsona ka wena.  Re tla mamela Jehova Modimo wa rona eo re o romang ho yena ebang re rata ditaelo tseo a re fang tsona kapa tjhe. Re tla mamela lentswe la Jehova Modimo wa rona e le hore dintho di tle di re tsamaele hantle.”  Ka mora matsatsi a leshome Jehova a bua le Jeremia.  Ka hoo, a bitsa Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba neng ba ena le yena le setjhaba sohle, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui.+  A re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele, eo le itseng ke le kopele mohau ho yena o re: 10  ‘Haeba ruri le tla dula naheng ena, ke tla le haha, nke ke ka le diha. Ke tla le hloma, nke ke ka le fothola etswe ke tla utlwa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo ke le baketseng yona.+ 11  Le se ke la tshoswa ke morena wa Babilona eo le mo tshabang.’+ Jehova o re: ‘Le se ke la mo tshaba etswe ke na le lona e le hore ke le pholose le ho le lopolla matsohong a hae. 12  Ke tla le hauhela mme morena wa Babilona o tla le hauhela,+ a le kgutlisetse naheng ya lona. 13  Empa haeba le ka re: “Re ke ke ra dula naheng ena,” ebe ha le mamele Jehova Modimo wa lona 14  mme le re: “Re ka mpa ra ya naheng ya Egepeta,+ moo re ke keng ra bona ntwa, ra utlwa modumo wa lenaka kapa ra lapela bohobe. Ke hona moo re tla dula teng.” 15  Jwale mamelang Jehova lona ba setseng ba Juda. Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Haeba le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya dula teng,* 16  sera seo le se tshabang se tla le hlasela ka sabole hona moo naheng ya Egepeta le tlala eo le e tshabang e tla le latela ho ya fihla Egepeta mme le tla shwella teng.+ 17  Batho bohle ba ikemiseditseng ho ya Egepeta hore ba dule teng ba tla bolawa ka sabole, tlala le lefu la sewa. Ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha kapa a balehe tlokotsi eo ke tla ba tlisetsa yona.”’ 18  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Haeba le ka ya Egepeta, ke tla le halefela jwalo ka ha ke ile ka halefela baahi ba Jerusalema.+ Batho ba tla tshoha ha ba le bona. Le tla rohakwa, le songwe, le nyefolwe+ mme ha le sa tla hlola le bona sebaka sena.’ 19  Jehova o buile le lona, lona ba setseng ba Juda hore le se ke la ya Egepeta. Le tsebe hore ka nnete ke le lemositse kajeno 20  hore ha le ka etsa phoso eo feela, le tla shwa. Etswe le itse ke bue le Jehova Modimo wa lona la re: ‘Re rapelle ho Jehova Modimo wa rona, o re bolelle sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla se bua mme re tla se etsa.’+ 21  Ke le boleletse kajeno hore na o itseng empa le tla hana ho mamela Jehova Modimo wa lona kapa ho etsa ntho le ha e le efe eo a nthometseng hore ke le bolelle yona.+ 22  Jwale tsebang hore le tla shwella sebakeng seo le batlang ho ya dula ho sona.+ Le tla bolawa ka sabole, tlala le lefu la sewa.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ikwahlaya.”
Kapa: “ho ya jaka teng ka nakwana.”