Jeremia 43:1-13

  • Batho ha ba mamele mme ba ya Egepeta (1-7)

  • Jehova o bua le Jeremia ha a le Egepeta (8-13)

43  Ha Jeremia a qeta ho bolella batho kaofela mantswe ana ohle a tswang ho Jehova Modimo wa bona, ditaba tsohle tseo Jehova Modimo wa bona a neng a mo romme hore a ba bolelle tsona,  Azaria mora wa Hoshaia, Johanane+ mora wa Karea le banna bohle ba iketelletsang pele ba re ho Jeremia: “O leshano! Jehova Modimo wa rona ha a eso re o tle ho rona o re: ‘Le se ke la ya Egepeta ho ya dula teng.’  Empa ke Baruke+ mora wa Neria ya o hlohlelletsang hore o nehelane ka rona matsohong a Bakalde e le hore ba re bolaye kapa ba re hape ba re ise Babilona.”+  Ka hoo, Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole le batho kaofela ha ba a ka ba mamela Jehova ha a re ba nne ba dule naheng ya Juda.  Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba tsamaya le Bajuda bohle ba neng ba kgutletse naheng ya Juda hore ba dule teng ba tswa ditjhabeng tsohle tseo ba neng ba hasanyeditswe ho tsona.+  Ba tsamaya le banna, basadi, bana, baradi ba morena le motho e mong le e mong eo Nebuzaradane,+ mookamedi wa balebedi a neng a mo siile le mora wa Akikame+ e leng Gedalia,+ setloholo sa Shafane+ ha mmoho le moprofeta Jeremia le Baruke mora wa Neria.  Ha ba a ka ba mamela Jehova. Ho ena le hoo, ba ya naheng ya Egepeta ba ba ba fihla Takpanese.+  Ha Jeremia a le Takpanese, Jehova a bua le yena a re:  “Nka majwe a maholo, o a pate setupung sa ditene se monyako wa ntlo ya Faro e Takpanese ebe o a kwahela ka samente moo banna ba Bajuda ba ntseng ba o bona. 10  O re ho bona: ‘Jehova wa mabotho e leng Modimo wa Iseraele o re: “Ke bitsa Nebukadnezare* morena wa Babilona, mohlanka wa ka.+ Ke tla beha terone ya hae hodima majwe ana ao ke a patileng mme o tla hloma tente ya hae ya borena hodima ona.+ 11  O tla tla mme a hlasele naha ya Egepeta.+ Ba bang ba tla bolawa ke lefu la sewa, ba bang ba tla haptjwa athe ba bang bona ba tla bolawa ka sabole.+ 12  Ke tla hotetsa matlo* a medimo ya Egepeta+ mme morena wa Babilona o tla a tjhesa a be a hape medimo eo. O tla hapa naha ya Egepeta ha bonolo feela jwalo ka ha modisa a ithatela ka seaparo sa hae mme o tla tloha teng ka kgotso.* 13  O tla roba difika tsa Bethe-shemeshe* dikoto naheng ya Egepeta mme a tjhese matlo* a medimo ya Egepeta ka mollo.”’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “ditempele.”
Kapa: “a sa tswa kotsi.”
Kapa: “Ntlo (Tempele) ya Letsatsi,” e leng Heliopolise.
Kapa: “ditempele.”