Jeremia 44:1-30

  • Modimo o profeta tlokotsi e tla hlahela Bajuda ba Egepeta (1-14)

  • Batho ha ba mamele Modimo (15-30)

    • Batho ba rapela “Mofumahadi wa Lehodimo” (17-19)

44  Modimo a bua le Jeremia hore a re ho Bajuda bohle ba neng ba dula naheng ya Egepeta,+ Migdole,+ Takpanese,+ Nofe*+ le Pathrose:+  “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Le bone tlokotsi eo ke e tliseditseng Jerusalema+ le metse yohle ya Juda mme kajeno ke dithako tse se nang baahi.+  Ke ka lebaka la bobe boo le bo entseng ka morero wa ho ntshitelwa ka ho etsa mahlabelo+ le ho sebeletsa medimo e meng eo lona kapa baholoholo ba lona le sa kang la e tseba.+  Ka nna ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ka ba romela ka makgetlokgetlo* ke re: “Ke kopa le se ke la etsa ntho ena e nyonyehang eo ke e hloileng.”+  Empa ha le a ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le tlohele bobe ba lona ka ho se etsetse medimo e meng mahlabelo.+  Ka hoo, bohale ba ka bo ile ba tukela metse ya Juda le Jerusalema mme metse eo ya senyeha, ya dula e se na baahi ho fihlela letsatsing lena.’+  Jwale Jehova Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke hobaneng ha le ipakela tlokotsi e kgolo, tlokotsi ya hore monna e mong le e mong le mosadi, ngwana le lesea, ba bolawe Juda mme ho se be le ya salang?  Ke hobaneng ha le ntshitelwa ka mesebetsi ya lona ka ho etsetsa medimo e meng mahlabelo naheng ya Egepeta moo le ileng ho ya dula teng? Le tla shwa, le rohakwe le be le nyefolwe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe.+  Na le se le lebetse diketso tsa lona tse mpe, tsa basadi ba lona,+ tsa baholoholo ba lona, tsa marena a Juda+ ha mmoho le tsa basadi ba ona,+ tse entsweng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? 10  Ho fihlela letsatsing lena ha le ikokobetse,* ha le ntlhomphe+ kapa hona ho mamela melao ya ka le ditaelo tseo ke di fileng lona le baholoholo ba lona.’+ 11  Ka hoo, Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke ikemiseditse ho le tlisetsa tlokotsi, ho fedisa Juda yohle. 12  Ke tla nka Bajuda ba setseng ba pheheletseng ho ya dula Egepeta mme kaofela ba tla shwella naheng ya Egepeta.+ Ba tla bolawa ke sabole le tlala, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui. Ba tla fediswa ke sabole le tlala. Batho ba tla tshoha ha ba ba bona, ba tla rohakwa, ba songwe ba be ba nyefolwe.+ 13  Ke tla otla ba dulang naheng ya Egepeta jwalo ka ha ke otlile Jerusalema ka sabole, tlala le lefu la sewa.+ 14  Batho ba setseng ba Juda ba ileng Egepeta ho ya dula teng ba ke ke ba phela kapa ba phonyoha hore ba kgutlele naheng ya Juda. Ba tla labalabela ho kgutlela teng empa ba ke ke ba kgutla. Ho tla kgutla ba seng bakae feela ba phonyohileng.’” 15  Banna bohle ba neng ba tseba hore basadi ba bona ba etsetsa medimo e meng mahlabelo le basadi bohle ba neng ba eme moo ba entse letshwelehadi le batho bohle ba neng ba phela Pathrose+ naheng ya Egepeta,+ ba araba Jeremia ba re: 16  “Re ke ke ra mamela ditaba tseo o re boleletseng tsona ka lebitso la Jehova. 17  Empa re tla hle re phethe mantswe ohle ao re a buileng ka hore re etsetse Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo le dinyehelo tsa dino+ feela jwalo ka ha rona, baholoholo ba rona, marena a rona le diofisiri tsa rona re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re kgora mme re atlehile, re sa hlahelwe ke tlokotsi ho hang. 18  Hang hoba re kgaotse ho etsetsa Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo le dinyehelo tsa dino, re ile ra haellwa ke ntho e nngwe le e nngwe, jwale re fedile ke sabole le tlala.” 19  Basadi le bona ba re: “Banna ba rona ba ile ba re dumella ho etsetsa Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo, dinyehelo tsa dino le mahobe a sehlabelo a bopehileng jwalo ka yena.” 20  Yaba Jeremia o re ho batho bohle, e leng banna le basadi ba bona le bohle ba neng ba bua le yena: 21  “Mahlabelo a entsweng ke lona, baholoholo ba lona, marena a lona, diofisiri tsa lona le batho ba naha metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema,+ Jehova o a hopotse mme ha a ka a a lebala.* 22  Qetellong Jehova o ne a se a sa kgone ho mamella diketso tsa lona tse mpe le dintho tse ditshila tseo le di entseng. Ka hoo, naha ya lona ya senyeha, ya eba ntho e tshosang le e rohakilweng, e se nang moahi jwalo ka ha ho le jwalo le letsatsing lena.+ 23  Ke hobane le entse mahlabelo ana le hobane le sitetswe Jehova mme ha le a mamela Jehova. Ha le a ka la mamela molao wa hae le ditaelo tsa hae le dikgopotso tsa hae. Ke ka lebaka leo le hlahetsweng ke tlokotsi ena jwalo ka ha le bona.”+ 24  Jeremia a boela a re ho setjhaba sohle ho akarelletsa le basadi bohle: “Utlwang lentswe la Jehova, lona Bajuda bohle ba naheng ya Egepeta. 25  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Dintho tseo lona le basadi ba lona le di buileng ka melomo ya lona, le di phethahaditse ka matsoho a lona hobane le itse: “Re tla hle re phethe boitlamo ba rona ba ho etsetsa Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo le dinyehelo tsa dino.”+ Lona basadi le tla fela le phethe boitlamo ba lona mme le bo tshepahalle.’ 26  Jwale utlwang lentswe la Jehova, lona Bajuda bohle ba dulang naheng ya Egepeta: ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka lebitso la ka le leholo hore ha ho na Mojuda+ le ha e le ofe naheng yohle ya Egepeta ya tla hlola a ikana ka lebitso la ka a re: ‘Ka Mmusi wa Dintho Tsohle Jehova ya phelang!’+ 27  Ke ba behile leihlo e le hore ke ba tlisetse tlokotsi eseng ntho e molemo.+ Bajuda bohle ba naheng ya Egepeta ba tla bolawa ke sabole le tlala ho fihlela ba fela.+ 28  Ke ba seng bakae feela ba tla phonyoha sabole mme ba kgutlele naheng ya Juda+ ba tswa Egepeta. Bohle ba setseng ba Juda ba tlileng naheng ya Egepeta ho tla dula teng ba tla tseba hore na ha e le nna e le bona, ya neng a bua nnete ke mang.”’ 29  Jehova o re: ‘Ke tla etsa pontsho ena bakeng sa lona e le hore le bone hore ke tla le otlela naheng ena, le tle le tsebe hore ke tla le tlisetsa tlokotsi jwalo ka ha ke boletse. 30  Jehova o re: “Ke tla nehelana ka Faro Hofra, morena wa Egepeta matsohong a dira tsa hae le a batho ba batlang ho mo bolaya feela jwalo ka ha ke nehelane ka Morena Tsedekia wa Juda matsohong a Morena Nebukadnezare* wa Babilona, eo e neng e le sera sa hae a bile a batla ho mo bolaya.”’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Memfise.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng mme ke ba romela.”
Kapa: “utlwe bohloko.”
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Ka Seheberu: “a fihlile pelong ya hae.”
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.