Jeremia 45:1-5

  • Molaetsa wa Jehova o yang ho Baruke (1-5)

45  Ka selemo sa bone sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda, Baruke+ mora wa Neria o ne a ngola bukeng mantswe ao moprofeta Jeremia+ a neng a ntse a mo bolella ona. Yaba moprofeta Jeremia o re ho Baruke:  “Jehova Modimo wa Iseraele o re ho wena Baruke:  ‘O itse: “Ke madimabe hobane Jehova o nkekeleditse mesarelo hodima ke se ke ntse ke utlwile bohloko. Ke tepeleditswe ke ho lla mme ha ke na kgotso.”’  O tle o re ho yena: ‘Jehova o re: “Ke qhaqha seo ke se hahileng mme ke fothola seo ke se lemmeng. Ke tla etsa tjena naheng ena kaofela.+  Empa wena o ntse o ipatlela* dintho tse kgolo. Kgaotsa ho di batla.”’ Jehova o re: ‘Etswe ke tlo tlisetsa batho bohle* tlokotsi+ empa wena ke tla o fa bophelo ba hao e le moputso* hohle moo o ka yang teng.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lebeletse.”
Ka Seheberu: “nama yohle.”
Ka Seheberu: “thepa e hapuweng.”