Jeremia 47:1-7

  • Boprofeta bo mabapi le Bafilista (1-7)

47  Jehova o ile a bua le moprofeta Jeremia ka Bafilista+ pele Faro a hlasela Gaza.  Jehova a re: “Bonang! Metsi a tla a tswa leboya. A tla tla ka sekgahla se kang sa sekgohola. A tla kwahela naha le ntho e nngwe le e nngwe e ho yona,Motse le baahi ba wona. Banna ba tla bokolla,Bohle ba dulang naheng ba tla hlaba seboko.   Ha ho utlwahala modumo wa ditlhako tsa dipere tse matla tsa ba direngLe wa dikariki tsa bona tsa ntwaMme ho utlwahala modumo wa mabidi a tsona,Bontate ba ke ke ba kgutlela ho tla pholosa bara ba bonaKa ha ba tla be ba thothomela ke letswalo.*   Ho tla fihla letsatsi la hore Bafilista bohle ba fediswe.+ Bohle ba neng ba thusa Tire+ le Sidone+ ba tla fediswa. Jehova o tla fedisa BafilistaBa setseng sehlekehlekeng sa Kaftore.*+   Gaza e tla phumoha lefatla.* Ashkelone e ripitlilwe.+ Lona ba setseng ba phula ya bona,Le tla intsha kotsi* ho fihlela neng?+   Wena sabole ya Jehova,+o tla kgutsa neng? Kgutlela selateng sa hao. Iphomolele mme o kgutse.   E ka kgutsa jwangJehova a e file taelo? O e laetse hore e lwantsheAshkelone le lebopo la lewatle.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “matsoho a bona a tla tepella.”
E leng Kreta.
E leng hore batho ba Gaza ba tla beola dihlooho hobane ba siame ba bile ba swabile.
Kapa: “itsheha.”