Jeremia 48:1-47

  • Boprofeta bo mabapi le Moabe (1-47)

48  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re ka Moabe:+ “Ho madimabe Nebo+ hobane e ripitlilwe. Kiriathaime+ e hapuwe, baahi ba yona ba swabile. Batho ba dulang dibakeng tse sireletsehileng ba tlotlolotswe ebile ba tshohile.+   Ba direng ha ba sa rorisa Moabe. Ba rerile ho mo diha ba le Heshbone+ ba re: ‘Tloong, a re fediseng Moabe hore e se ke ya hlola e eba setjhaba.’ Le wena Madmene, o lokela ho kgutsaHobane sabole e o setse morao.   Ho na le seboko Horonaime+Hobane motse o ripitlilwe mme o wele.   Moabe o wele. Bana ba hae ba a bokolla.   Tseleng e nyolohelang Duhithe batho ba nyoloha ba ntse ba lla. Tseleng e theohelang, e tswang Horonaime ba utlwa batho ba llang ka lebaka la tlokotsi.+   Balehang, le pholoseng bophelo ba lona,Le be jwalo ka sefate sa junipere lefeelleng.   Ka ha wena Moabe o tshepile mesebetsi ya hao le maruo a hao,O tla haptjwa. Kemoshe+ o tla haptjwaLe baprista ba hae le marena a mo sebeletsang.   Sera se fedisang se tla kena motseng o mong le o mong. Ha ho na motse o tla phonyoha.+ Kgohlo* e tla senyehaLe naha* e tla fediswa feela jwalo ka ha Jehova a boletse.   Etsetsang Moabe matshwao a tselaEtswe ha metse ya hae e fediswa, batho ba hae ba tla baleha. Batho ba tla tshoha ha ba bona metse ya haeE se nang baahi.+ 10  Ho rohakwe motho ya phethang thomo ya Jehova ka ho se tsotelle,Ho rohakwe motho ya sa bolayeng ka sabole ya hae. 11  Bamoabe ba nnile ba dula ba iketlile ho tloha botjheng ba bonaJwalo ka veine eo ditlheferetsi tsa yona di theohetseng tlase. Ha ba eso ntshwe ka nkgong ebe ba tshelwa ka ho e nngwe,Ha ba eso ka ba haptjwa. Ke ka hoo tatso ya bona e sa fetohangLe monko wa bona o ntseng o tshwana. 12  Jehova o re: ‘Ka hona, matsatsi a a tla ao ka ona ke tla roma banna hore ba ketole Bamoabe. Ba tla ba thulamisa, ba qhale dinkgo tsa bona mme ba pshatle dinkgo tsa bona tse kgolo. 13  Bamoabe ba tla swabela Kemoshe modimo wa bona feela jwalo ka ha ba ntlo ya Iseraele ba swabela medimo ya bona eo ba neng ba e tshepile ha ba le Bethele.+ 14  Le se nka kae sebete sa ho re: “Re bahlabani ba matla, re itokiseditse ntwa”?+ 15  Moabe o ripitlilwe,Metse ya hae e hlasetswe.+ Bahlankana ba hae ba matla haholo ba bolailwe,’+Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho+ o tjho jwalo. 16  Bamoabe ba haufi le ho welwa ke tlokotsi. Nako ya hore ba we e tla ka potlako.+ 17  Bohle ba ba potolohileng, ba ba tsebang hantle,*Ba tla ba utlwela bohloko. Ereng ho bona: ‘Molamu o matla, lere la botle le robilwe hampe hakaakang!’ 18  Theoha boemong ba hao bo hlomphehangMme o dule fatshe o nyorilwe,* wena moradi ya dulang Dibone+Hobane ya fedisang Moabe o o futuhetse. O tla fedisa dibaka tsa hao tse sireleditsweng ka thata.+ 19  Ema pela tsela o shebelle ka hloko, wena ya dulang Aroere.+ Botsa monna le mosadi ya balehang o re: ‘Ho etsahetseng?’ 20  Moabe o hlabisitswe dihlong ebile o tshohile. Bokollang le hweletse. Phatlalatsang Arnone+ hore Moabe o ripitlilwe. 21  Modimo o dihetse kahlolo hodima sebaka se motsitsa.*+ O ahlotse motse wa Holone, Jahaze,+ Mefathe,+ 22  Dibone,+ Nebo+ le Bethe-diblathaime. 23  O boetse o ahlotse Kiriathaime,+ Bethe-gamule, Bethe-meone,+ 24  Keriothe,+ Bozra le metse yohle ya naha ya Moabe, e hole le e haufi. 25  Jehova o re: ‘Lenaka la Moabe le kgaotswe,*Letsoho la hae le robehile. 26  Etsang hore a tahwe+ etswe o ikgohomoseditse Jehova.+ Moabe o pitika mahlatseng a haeEbile o a songwa. 27  Na le ne le sa some Iseraele?+ Na o fumanwe hara mashoduHore ebe le a mo nyatsa le bile le mo sisinyetsa dihlooho? 28  Tlohang metseng mme le dule mafikeng, lona baahi ba Moabe,Le be jwalo ka leeba le iketsetsang sehlaha dilomong.’ 29  Re utlwile ka boikakaso ba Moabe, o ikgohomosa haholo. Re utlwile ka boikgantsho ba hae, boikakaso, boikgohomoso le ho iphahamisa ha hae.*+ 30  Jehova o re: ‘Ke tseba ka moo a leng bohale ka tengEmpa dipuo tsa hae tse se nang thuso di tla fela. Ha ho letho leo Bamoabe ba tla le etsa. 31  Ke ka lebaka leo ke tla llela Moabe. Ke tla bokolla ka lebaka la Bamoabe kaofela,Ke llele banna ba Kire-hereshe.+ 32  Wena sefate sa morara sa Sibma,+Ke tla o llela ho feta Jazere.+ Mahlomela a hao a tlokomang a tshetse lewatle. A fihlile lewatleng, a fihla Jazere. Sera se futuhetse+Ditholwana tsa hao tsa lehlabula le morara wa hao oo o o kotutseng. 33  Thabo le nyakallo ha di sa le yo serapeng sa difate tsa ditholwanaLe naheng ya Moabe.+ Ke entse hore veine e kgaotse ho phalla moo ho tlhotlwang morara ho etsa veine.* Ha ho ya tla e tlhotla a ntse a hweletsa ke thabo. Mohoo e ke ke ya eba wa thabo.+ 34  Ho na le seboko se hlahang Heshbone,+ se fihla le Eleale.+ Ba a hweletsa, seboko sa bona se fihla Jahaze,+Seboko se hlahang Zoware se fihla Horonaime+ le Eglathe-shelishia. Le metsi a Nimrime a tla psha.+ 35  Ke tla etsa horeMotho ya tlisang nyehelo sebakeng se phahamengLe ya etsetsang modimo wa hae mahlabelo a fele Moabe,’ ke Jehova ya tjhong. 36  ‘Ke ka lebaka leo ke* tla lla jwalo ka lekodilo*+ ke llela Moabe. Ke tla lla jwalo ka lekodilo ke llela batho ba Kire-hereshe. Maruo ao a nang le ona a tla fela. 37  Etswe e mong le e mong o phumohile lefatla,+Ditedu tsa bona kaofela di kutilwe. Kaofela ba itshehile matsoho+Ebile ba itlamme ka lesela le hwashang* mathekeng a bona.’+ 38  Jehova o re: ‘Marulelong ohle a MoabeLe mapatlelong ohle a yona,Ke seboko feela. Etswe ke pshatlile MoabeJwalo ka nkgo e lahlilweng. 39  O tshohile hakaakang. Bokollang lona baahi ba Moabe. Moabe o balehile a swabile hakaakang! Moabe o fetohile ntho e songwangLe ntho e tshosang ho bohle ba mo potolohileng.’ 40  Etswe Jehova o re: ‘Sera se tla phukalatsa mapheo a sona hodima Moabe+Feela jwalo ka ntsu e tsubellang.+ 41  Metse e tla haptjwaLe dibaka tsa hae tse sireleditsweng ka thata di tla haptjwa. Letsatsing leo, dipelo tsa bahlabani ba MoabeDi tla tshwana le pelo ya mosadi ya pepang. 42  Moabe e tla fediswa hore e se ke ya eba setjhaba+Ka ha e ikgohomoseditse Jehova.+ 43  Tshabo, sekoti le sefi di o emetse,Wena moahi wa Moabe,’ ke Jehova ya tjhong. 44  ‘Mang kapa mang ya balehang ke letswalo o tla wela ka sekoting. Mang kapa mang ya nyolohang ka sekoting o tla tshwaswa ke sefiKa ha ke tla tlisetsa Moabe kotlo ka selemo seo ke se kgethileng,’ ke Jehova ya tjhong. 45  ‘Ba balehelang Heshbone ho fumana tshireletso, ba ke ke ba fumana thusoKa ha mollo o tla tswa HeshboneLe lelakabe le tswe Sihone.+ Lelakabe leo le tla tjhesa phatla ya MoabeLe mahata a bahlabani ba ntwa.+ 46  Ho madimabe wena Moabe,Setjhaba sa modimo wa hao Kemoshe+ se timetse. Bara ba hao ba hapuweLe baradi ba hao ba hapuwe.+ 47  Empa matsatsing a qetellang ke tla bokella batho ba Moabe ba hapuweng,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Kahlolo ya Moabe e fella mona.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Phula.”
Kapa: “sehlaba.”
Ka Seheberu: “ba ba tsebang mabitso.”
Kapa mohlomong: “moo ho omeletseng.”
Kapa: “hodima sehlaba; sebataolo.”
Kapa: “Matla a Moabe a fedile.”
Kapa: “pelo ya hae.”
Ka Seheberu: “ka sehatelong.”
Ka Seheberu: “pelo ya ka e.”
E leng lekodilo le letswang lefung ha batho ba utlwile bohloko.