Jeremia 49:1-39

  • Boprofeta bo mabapi le Baamone (1-6)

  • Boprofeta bo mabapi le Edomo (7-22)

    • Ha ho na motho ya tla dula Edomo (17, 18)

  • Boprofeta bo mabapi le Damaseka (23-27)

  • Boprofeta bo mabapi le Kedare le Hazore (28-33)

  • Boprofeta bo mabapi le Elame (34-39)

49  Jehova o re ka Baamone:+ “Na Iseraele ha a na bara? Na ha a na mojalefa? Ke hobaneng ha Malkame*+ a hapile Gade?+ Ke hobaneng ha batho ba mo rapelang ba dula metseng ya Iseraele?   Jehova o re: ‘Matsatsi a a tlaAo ka ona ke tla etsa hore mokgosi wa ntwa* o utlwahale Raba+ ya Baamone.+ E tla fetoha qubu ya majweMetse e e potolohileng* e tla tjheswa. Iseraele o tla hapa ba nkileng naha ya hae,’+ ke Jehova ya tjhong.   ‘Bokolla, wena Heshbone hobane Ai e sentswe. Hweletsang, lona metse e itshetlehileng ka Raba. Aparang masela a hwashang.* Bokollang le solle masakeng a majwe*Etswe Malkame o tla haptjwaHa mmoho le baprista ba hae le diofisiri tsa hae.+   Wena moradi ya sa tshepahaleng, ke hobaneng ha o ithorisa ka dikgohlo,*Ka phula ya hao e mobu o motle?* O tshepile matlotlo a hao,O re: “Ke mang ya tla ntlhasela?”   Ke o tlisetsa ntho e tshabehangE tswang ho bohle ba o potolohileng. Le tla qhalakanyetswa hohleMme ha ho na ya tla bokella ba balehang,’ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong.   Jehova o boetse o re: ‘Empa ka mora moo ke tla bokella bara ba Baamone ba hapuweng.’”  Jehova wa mabotho o re ka Edomo: “Na ha ho sa na bohlale Temane?+ Na keletso e ntle ha e sa le yo ho ba nang le kutlwisiso? Na bohlale ba bona bo na le thuso?   Kgutlang, le balehe. Tsamayang le ipate mahaheng, lona baahi ba Dedane.+ Etswe ke tla tlisetsa Esau koduwaHa nako ya hore ke mo otle e fihla.   Haeba batho ba kotulang morara ba ne ba ka tla ho wena,Na ba ne ba ke ke ba siya o mong? Haeba mashodu a ne a ka tla bosiu,A ne a tla nka dintho tseo a di batlang feela.+ 10  Empa ke tla hlobodisa Esau hore a sale a sa apara letho. Ke tla senola dibaka tseo a ipatang ho tsonaE le hore a se ke a kgona ho ipata. Bana ba hae, bana babo le baahisani ba hae kaofela ba tla bolawa.+ Le yena a ke ke a hlola a phela.+ 11  Ntshiye le dikgutsana tsa hao.* Ke tla di sireletsa hore di dule di phelaMme bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.” 12  Jehova o re: “Haeba ba sa ahlolelwang ho nwa kopi ba tla tlameha ho e nwa, na wena o tla tlohelwa feela ebe ha o fuwe kotlo? O ke ke wa tlohelwa feela yaba ha o fuwe kotlo hobane o tlameha ho e nwa.”+ 13  Jehova o re: “Ke hlapantse ka nna hore Bozra o tla fetoha ntho e tshosang,+ o tla nyefolwa, a ripitlwe, a rohakwe mme metse yohle ya hae e tla senyehela ruri.”+ 14  Ke utlwile tlaleho e tswang ho Jehova,Moromuwa o rometswe hara ditjhaba o re: “Phuthehang mme le mo* futuhele. Itokisetseng ho lwana.+ 15  Ke o entse ya se nang thuso hara ditjhaba. Batho ba o nyatsa haholo.+ 16  O thetsitswe ke hore ebe batho ba a o tshaba,Wa thetswa le ke boikgohomoso ba hao,Wena ya balehelang* lefikeng,Ya dulang ka hodima thaba. Le hoja o haha sehlaha sa hao hodimo jwalo ka ntsu,Ke tla o theola,” ke Jehova ya tjhong. 17  “Edomo o tla fetoha ntho e tshosang.+ E mong le e mong ya fetang pela hae o tla mo makalla, a letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa hae. 18  Ha ho na motho ya tla dula Edomo mme ha ho na motho ya tla phela teng.+ E tla tshwana le Sodoma le Gomora le metse e e potolohileng ka mora hore e fediswe,”+ ke Jehova ya tjhong. 19  “Ho na le motho ya tla futuhela makgulo a sireletsehileng a Edomo jwalo ka tau+ e hlahang meferong e teteaneng pela Jordane mme ka motsotswana ke tla etsa hore ba* balehe naha ya bona. Ke tla beha ya kgethilweng hore a okamele naha ya Edomo. Etswe ke mang ya tshwanang le nna, hona ke mang ya ka nthibang? Ke modisa ofe ya ka nkemang pele?+ 20  Ka hona, utlwang qeto eo Jehova a e entseng ka Edomo le hore na o nahanne ho etsang ka baahi ba Temane:+ O tla etsa hore naha ya bona e fediswe ka lebaka la diketso tsa bona. Jwang kapa jwang dikonyana tsa mohlape di tla hulanngwa.+ 21  Ha ba wa, ho tla ba le modumo o tla etsa hore lefatshe le reketle. Ho na le seboko,Se utlwahetse ho ya fihla Lewatleng le Lefubedu.+ 22  Sera se tla nyoloha ebe se tsubella feela jwalo ka ntsu,+Se tla phukalatsa mapheo hodima Bozra.+ Letsatsing leo, dipelo tsa bahlabani ba EdomoDi tla tshwana le pelo ya mosadi ya pepang.” 23  Molaetsa o yang ho Damaseka:+ “Hamathe+ le Arpade ba tshohile. Ba utlwile tlaleho e mpe. Ba a shwa ke letswalo. Lewatle le lwebehlane. 24  Damaseka o nyahame. O batla ho baleha empa ha a kgone ka lebaka la letswalo. Mahlomola le bohloko di a mo otla,O tshwana le mosadi ya pepang. 25  Ho tla jwang hore ebe motse wa thoriso, motse wa thabo,Ha o a lahlwa kgerehlwa? 26  Etswe bahlankana ba wona ba tla wela diterateng tsa wonaLe masole kaofela a tla shwa letsatsing leo,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong. 27  “Ke tla tjhesa lerako la Damaseka. Ditora tse sireleditsweng ka thata tsa Ben-hadade di tla tjha.”+ 28  Jehova o bua ka Kedare+ le mebuso ya Hazore eo Morena Nebukadnezare* wa Babilona a ileng a e hlasela. O re: “Emang, le nyolohele Kedare,Le fedise ba dulang Botjhabela. 29  Ditente tsa bona le mehlape ya bona di tla haptjwa,Le dintho tsohle tsa bona. Dikamele tsa bona di tla haptjwa. Ba tla ba hweletsa ba re: ‘Hohle mona ho a tshosa.’” 30  Jehova o re: “Balehelang hole. Tsamayang le dule mahaheng, lona baahi ba HazoreEtswe Morena Nebukadnezare* wa Babilona o le reretse bobe. O rerile ho le hlasela. 31  Phahamang, le futuhele setjhaba sa batho ba nang le kgotso,Ba dutseng ba sireletsehile,” ke Jehova ya tjhong. “Ha ba a sireletswa ka dikeiti kapa ditshepe. Ba dula thoko. 32  Dikamele tsa bona di tla haptjwaLe mehlape ya bona e tla haptjwa. Ba kutileng ditedu tse ka hodima mehlahare,*+Ke tla ba hasanyetsa hohle.* Ke tla ba tlisetsa koduwa ho tswa mahlakoreng ohle,” ke Jehova ya tjhong. 33  “Hazore e tla ba selao sa diphokojwe,E hloke baahi ho ya ho ile. Ha ho na motho ya tla dula moo. Ha ho na motho ya tla phela teng.” 34  Ha Morena Tsedekia+ wa Juda a qala ho busa, Jehova o ile a bua le moprofeta Jeremia ka Elame+ a re: 35  “Nna Jehova wa mabotho ke re: ‘Ke roba seqha sa Baelame+ e leng sona se ba matlafatsang. 36  Ke tla tlisa hodima Baelame meya e mene e tswang dikgutlong tse nne tsa lefatshe.* Ke tla ba hasanyetsa hohle. Batho ba Elame ba hasantsweng ba tla fihla ditjhabeng tsohle.’” 37  Jehova o re: “Ke tla etsa hore Baelame ba tshabe dira tsa bona le ba batlang ho ba bolaya. Ke tla tlisetsa Baelame tlokotsi, bohale ba ka bo tukang. Ke tla ba nehella sabole ho fihlela ke ba fedisitse. 38  Ke tla beha terone ya ka Elame+ mme ke fedise morena le diofisiri tsa Elame,” ke Jehova ya tjhong. 39  “Empa matsatsing a qetellang ke tla bokella batho ba Elame ba hapuweng,” ke Jehova ya tjhong.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “mohoo wa batho ba hlaselang.”
Kapa: “e itshetlehileng ka yona.”
Kapa: “masakeng a dinku.”
Kapa: “diphula.”
Ka Seheberu: “e phallang?”
Kapa: “bana ba hao ba se nang bontate.”
E leng Edomo.
Kapa: “ya tshabelang.”
Mohlomong ho buuwa ka baahi ba Edomo.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “ditlhafunelong.”
Ka Seheberu: “meyeng yohle.”
Kapa: “lehodimo.”