Jeremia 5:1-31

  • Batho ba hana ho kgalemelwa ke Jehova (1-13)

  • Metse e tla fediswa empa setjhaba se ke ke sa fediswa kaofela (14-19)

  • Jehova o bitsa batho hore ba tlo ikarabella (20-31)

5  Sollang le diterata tsa Jerusalema,Qamakang ka hloko. Batlang dimmarakeng tsa yona le shebeHore na le ke ke la fumana motho ya sebetsang dintho ka toka,+Ya tshepahalang. Haeba le mo fumana, ke tla tshwarela Jerusalema.   Esita le ha ba re: “Ka Jehova ya phelang!” Ba tla be ba hlapanyetsa ntho eo e seng nnete.+   Jehova, na mahlo a hao ha a batle batho ba tshepahalang?+ O ba otlile empa ha ba a utlwa.* O timeditse naha ya bona empa ba hanne ho mamela kgalemelo.+ Ba thatafaditse dipelo* tsa bona ho feta lefika,+Ba hanne ho baka.+   Empa ka re: “Ka nnete e tlameha ebe ke bafutsana. Ba etsa dintho tse se nang kelello hobane ha ba tsebe thato* ya Jehova,Molao wa Modimo wa bona.   Ke tla ya ho banna ba hlaheletseng mme ke bue le bonaEtswe e tlameha ebe ba tsebile thato* ya Jehova,Molao wa Modimo wa bona.+ Empa kaofela ba ne ba robile joko,Ba kgaotse le diketane.”*   Ke ka lebaka leo tau ya morung e ba hlaselangLe phiri ya lehwatata e ntseng e ba bolaya. Hape ke ka hoo lengau le dulang le fadimehile metseng ya bona. Lengau le rusolla e mong le e mong ya tlohang metseng eo. Etswe diphoso tsa bona di ngata,Ba bile bolotsana ka makgetlo a mangata.+   Nka o tshwarela jwang ka ntho ee? Bana ba hao ba ntahlile,Ba ntse ba hlapanya ka ntho eo e seng Modimo.+ Ke ba file dintho tseo ba di hlokangEmpa ba ile ba nna ba feba,Ba petetsana ho ya ntlong ya mosadi wa letekatse.   Ba jwalo ka dipere tse lehala tse batlang ho tlolela tse ding. E mong le e mong o matha ka mora mosadi wa monna e mong.+   Jehova o re: “Na ha ke a lokela ho ba bitsa hore ba tlo ikarabella bakeng sa dintho tsee? Na ha ke a lokela ho iphetetsa ho setjhaba se tjee?+ 10  Futuhelang dirapa tsa morara tsa Jerusalema mme le di senyeEmpa le se ke la di senya kaofela.+ Pomang makalana a Jerusalema a hlahangHobane ha se a Jehova. 11  Etswe ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya JudaHa ba a ntshepahalla,” ke Jehova ya tjhong.+ 12  “Ba latotse Jehova ba re: ‘A ke ke a re etsa letho.*+ Ha re na welwa ke tlokotsi,Ntwa le tlala re ke ke ra di bona.’+ 13  Baprofeta ba profeta dintho tsa lefeela. Lentswe la Modimo ha le yo dipelong tsa bona. Ba tla fetoha lefeela jwalo ka dintho tseo ba di profetang.” 14  Ka hona, Jehova Modimo wa mabotho o re: “Ka ha batho bana ba buile jwalo,Ke etsa hore mantswe a ka e be mollo molomong wa hao.*+ Setjhaba sena ke patsi,Mollo o tla se tjhesa.”+ 15  Jehova o re: “Ke le tlisetsa setjhaba se tswang hole, lona ba ntlo ya Iseraele.+ Ke setjhaba se dulang se le teng. Ke setjhaba sa kgale,Setjhaba seo le sa tsebeng puo ya sona. Le ke ke la utlwisisa hore na se reng.+ 16  Mokotla wa sona o tshelang metsu o jwalo ka lebitla le ahlameng. Kaofela ke setjhaba sa bahlabani. 17  Ba tla ja dijalo le bohobe ba lona.+ Ba tla bolaya bara le baradi ba lona. Ba tla ja mehlape ya lona ya dinku le dipodi le ya diphoofolo tse kgolo. Ba tla senya difate tsa lona tsa morara le tsa feie.* Metse ya lona e sireleditsweng ka thata eo le e tshepang, ba tla e fedisa ka sabole.” 18  Jehova o re: “Empa esita le nakong eo, nke ke ka le fedisa kaofela.+ 19  Etlare ha ba re: ‘Ke hobaneng ha Jehova Modimo wa rona a re entse tjee?’ O re ho bona: ‘Feela jwalo ka ha le ile la mphuralla la sebeletsa modimo osele naheng ya habo lona, le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’”+ 20  Bolellang ba ntlo ya Jakobo,Le tsebise Juda le re: 21  “Utlwang, lona setjhaba sa dithoto se bileng se se nang kelello,*+Le na le mahlo empa ha le bone.+ Le na le ditsebe empa ha le utlwe.+ 22  ‘Na ha le ntshabe?’ ke Jehova ya tjhong,‘Na ha le a lokela ho nthothomella? Ke nna ya behileng lehlabathe e le moedi wa lewatle,E le molao wa tsamaiso o sa tloheng oo lewatle le ke keng la o tlola. Le hoja maqhubu a lona a akgotseha, a ke ke a o tlola. Le hoja a lwebehlana, a ntse a ke ke a feta moedi wa lewatle.+ 23  Empa batho bana ba manganga ebile ba tletse borabele.* Ba kgelohile mme ba inketse tsela ya bona.+ 24  Ha ho mohla ba reng ka pelong: “A re tshabeng Jehova Modimo wa rona,Ya nesang pula ka nako ya yona,Pula ya lehwetla le pula ya selemo,Ya lebelang nako ya kotulo* bakeng sa rona.”+ 25  Diphoso tsa lona di thibile dintho tsena hore di se ke tsa eba teng. Dibe tsa lona di le sitisa ho fumana melemo ena.+ 26  Etswe hara setjhaba sa ka ho na le batho ba kgopo. Ba ntse ba nyarela jwalo ka batshwasi ba dinonyana ha ba kgukguna ba di laletse. Ba tjheha sefi se bolayang. Ba tshwasa batho. 27  Matlo a bona a tletse thetso+Jwalo ka ha serobe se tletse dinonyana. Ke ka hoo ba leng matla ba bileng ba ruileng. 28  Ba nonne ebile ba a benya. Bokgopo ba bona bo hlotse! Ha ba buelle nyewe ya kgutsana+E le hore ba ka atleha. Ha ba ahlolele bafutsana ka toka.’”+ 29  Jehova o re: “Na ha ke a lokela ho ba bitsa hore ba tlo ikarabella bakeng sa dintho tsee? Na ha ke a lokela ho iphetetsa ho setjhaba se tjee? 30  Ho etsahetse ntho e tshosang le e tshabehang naheng: 31  Baprofeta ba profeta mashano+Le baprista ba busa ka matla a bona. Setjhaba sa ka se rata ha ho le jwalo.+ Empa le tla etsa jwang ha bofelo bo fihla?”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ha ba a ka ba fokola.”
Ka Seheberu: “difahleho.”
Ka Seheberu: “tsela.”
Ka Seheberu: “tsela.”
Ka Seheberu: “marapo.”
Kapa mohlomong: “Ha a yo.”
E leng molomo wa Jeremia.
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Kapa: “ba dipelo di manganga ebile di tletse borabele.”
Ka Seheberu: “dibeke tse kgethilweng tsa kotulo.”