Jeremia 50:1-46

  • Boprofeta bo mabapi le Babilona (1-46)

    • Balehang Babilona (8)

    • Baiseraele ba tla kgutla (17-19)

    • Metsi a Babilona a tla psha (38)

    • Babilona ha e sa tla hlola e eba le baahi (39, 40)

50  Jehova o ile a roma moprofeta Jeremia hore a bue tjena ka Babilona+ le naha ya Bakalde:   “Hasang molaetsa hara ditjhaba mme le o phatlalatse. Phahamisang letshwao* mme le o phatlalatse. Le se ke la pata letho. Ereng: ‘Babilona o hapuwe.+ Modingwana Bele o swabile.+ Modingwana Merodake o tshohile. Ditshwantsho tsa hae di swabile. Ditshwantsho tsa hae tse nyonyehang* di tshohile.’   Etswe setjhaba se futuhetse naha ya Babilona se tswa leboya,+Se etsa hore e be ntho e tshosang. Ha ho ya dulang ho yona. Ho balehile motho le phoofolo. Ba tsamaile.”  Jehova o re: “Matsatsing ao le nakong eo, batho ba Iseraele le ba Juda ba tla ikopanya.+ Ba tla tsamaya ba ntse ba lla+ mme ba tla batla tataiso ho Jehova Modimo wa bona ba le mmoho.+  Ba tla botsa tsela e yang Sione, difahleho tsa bona di shebile ka nqa eo,+ ba re: ‘Tloong mme re ikopanyeng le Jehova selekaneng se sa feleng se ke keng sa lebalwa.’+  Batho ba ka ba se ba tshwana le mohlape wa dinku tse lahlehileng.+ Badisa ba bona ba ba lahlile.+ Ba ba tsamaisitse dithabeng le maralleng. Batho ba ka ba lebetse sebaka sa bona sa phomolo.  Ha dira tsa bona di ba fumana, di ile tsa ba bolaya+ yaba di re: ‘Ha re molato hobane ba sitetswe Jehova. Ba sitetswe Jehova, mohlodi wa ho loka le tshepo ya baholoholo ba bona.’   Balehang Babilona,Tswang naheng ya Bakalde,+Le be jwalo ka diphoofolo tse etellang mohlape pele.   Etswe ke bokella le ho tlisa dihlopha tsa ditjhaba tse kgoloTse tswang naheng ya leboya hore di hlasele Babilona.+ Di tla e hlasela di ikentse ngatananngwe. E tla haptjwa. Marumo a tsona a tshwana le a mohlabani wa ntwaA siyang batswadi ba se na bana.+ Ditjhaba tseo ha di kgutle di sa phetha morero. 10  Kalde e tla haptjwa.+ Bohle ba hapang thepa ho yona ba tla kgotsofala,”+ ke Jehova ya tjhong. 11  “Etswe le ne le nyakaletse,+ le thabileHa le nkela batho ba ka* thepa ka mahahapa.+ Le ne le tlolatlola* jwalo ka kgomo ya sethojana* hodima jwangMme le lla jwalo ka dipere tse tona. 12  Mme wa lona o swabile haholo.+ Mme wa lona ya le tswetseng o swetsehile. Ke setjhaba se ka tlase ho ditjhaba tsohle,Ke lehwatata le lefeella le se nang metsi.+ 13  Babilona e ke ke ya eba le baahi ka lebaka la kgalefo ya Jehova,+E tla ba sebaka se se nang letho.+ Mang kapa mang ya fetang pela Babilona o tla e sheba a tshohile,A letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa yona.+ 14  Hlaselang Babilona ka mahlakoreng ohle le ikentse ngatananngwe,Lona bohle ba tjhehang diqha. Mo hlabeng, le se ke la qenehela metsu+Etswe o sitetswe Jehova.+ 15  Hlabelang Babilona mokgosi wa ntwa ka mahlakoreng ohle. O inehetse.* Dipilara tsa hae di wele, marako a hae a heleditswe.+ Etswe Jehova o a iphetetsa.+ Iphetetseng ho Babilona. Le mo etse ntho eo a e entseng.+ 16  Bolayang mojadi BabilonaLe ya tshwereng sekele nakong ya kotulo.+ E mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo ka lebaka la sabole e kgopo,E mong le e mong o tla balehela naheng ya habo.+ 17  Baiseraele ke dinku tse hlahlathetseng.+ Ditau di ba qhalakantse.+ Morena wa Asiria o ba timeditse+ yaba Morena Nebukadnezare* wa Babilona yena o phuphura masapo a bona.+ 18  Ka hona, Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla sebetsana le morena wa Babilona le naha ya hae ka tsela e tshwanang le eo ke ileng ka sebetsana le morena wa Asiria ka yona.+ 19  Ke tla kgutlisetsa Iseraele lekgulong la hae+ mme o tla fulela Karmele le Bashane.+ O tla kgotsofala dithabeng tsa Efraime+ le Gileade.’”+ 20  Jehova o re: “Matsatsing ao le ka nako eo,Molato wa Iseraele o tla batlwaEmpa ho ke ke ha fumanwa letho. Dibe tsa Juda di tla batlwa empa di ke ke tsa fumanwaEtswe ke tla tshwarela bao ke ba tlohetseng ba ntse ba phela.”+ 21  Jehova o re: “Futuhelang naha ya Merathaime mme le futuhele baahi ba Pekode.+ Le ba rinye, le ba bolaye,Le etse dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. 22  Ho na le modumo wa ntwa naheng,Ho na le koduwa e kgolo. 23  Hamore e thuhang ditjhaba tsohle tsa lefatshe e kgaotswe mme e robehile.+ Babilona e fetohile ntho e tshosang hakaakang hara ditjhaba.+ 24  Wena Babilona, ke o tjhehetse leraba mme o tshwasehileEmpa ha o a ka wa hlokomela. O fumanwe mme wa tshwarwa+Etswe Jehova ke yena eo o mo hanyeditseng. 25  Jehova o butse ka moo a bolokelang dibetsa ka teng. O ntsha dibetsa tsa bohale ba hae+Hobane Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho o na le mosebetsiNaheng ya Bakalde. 26  Hlaselang Babilona ho tswa dibakeng tse holehole.+ Bulang mediko ya hae.+ Mo etseng tutudu feela jwalo ka qubu ya koro,*Mo fediseng.+ E se eka a ke ke a ba le ba setseng. 27  Rinyang dipohwana tsohle tsa hae.+ E se eka di ka hlajwa. Di madimabe etswe letsatsi la tsona le fihlileE leng nako ya hore di ahlolwe. 28  Ho utlwahala seboko sa batho ba balehang,Ba balehang naheng ya BabilonaHore ba phatlalatse ba le Sione hore Jehova Modimo wa rona o a iphetetsa,O iphetetsa bakeng sa tempele ya hae.+ 29  Bitsetsang Babilona batho ba lwanang ka diqha,Bohle ba tjhehang seqha.+ Hlomang ditente ho mo potoloha, le se ke la tlohela mang kapa mang hore a phonyohe. Mo feng moputso o loketseng bakeng sa mosebetsi wa hae.+ Mo etseng dintho tsohle tseo a di entseng.+ O ikgohomoseditse Jehova,O ikgohomoseditse Mohalaledi wa Iseraele.+ 30  Ka hona, bahlankana ba hae ba tla shwa diterateng tsa hae+Le masole ohle a hae a tla bolawa* letsatsing leo,” ke Jehova ya tjhong. 31  “Wena moikgohomosi,+ ke kgahlanong le wena,”+ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong. “Etswe letsatsi la hao, nako eo ke tla o ahlola ka yona, e tla tla. 32  Wena moikgohomosi, o tla kgoptjwa mme o we,Ha ho na ya tla o phahamisa.+ Ke tla tjhesa metse ya hao. Mollo o tla tjhesa ntho e nngwe le e nngwe e o potolohileng.” 33  Jehova wa mabotho o re: “Batho ba Iseraele le Juda ba hateletswe,Bohle ba ba hapileng ba ba tshwere.+ Ba hanne ho ba lokolla.+ 34  Empa Molopolli wa bona o matla.+ Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho.+ Ruri o tla buella nyewe ya batho ba hae+E le hore a tlise kgotso naheng+A be a ferekanye baahi ba Babilona.”+ 35  Jehova o re: “Bakalde ba tla bolawa ka sabole,Baahi ba Babilona, diofisiri tsa yona le batho ba yona ba bohlale ba tla bolawa ka sabole.+ 36  Sabole e tla tlela ba buang dintho tse se nang thuso* mme ba ke ke ba tseba hore na ba etseng. Sabole e tla tlela bahlabani ba Babilona mme ba tla tshoha.+ 37  Dipere tsa bona le dikariki tsa bona tsa ntwa di tla fediswa ka saboleHa mmoho le ditjhaba tse Babilona tse tswakaneng. Di tla tshoha jwalo ka basadi.+ Matlotlo a yona a tla fediswa ka sabole mme a tla haptjwa.+ 38  Metsi a yona a madimabe hobane a tla psha.+ Etswe ke naha ya ditshwantsho tse betlilweng.+ Ba ntse ba itshwara jwalo ka mahlanya ka lebaka la dipono tsa bona tse tshosang. 39  Ka hona, diphoofolo tse dulang lehwatateng di tla dula mmoho le diphokojwe*Mme dimpshe di tla dula Babilona.+ Ha e sa tla hlola e eba le baahi. Ho ke ke ha hlola ho eba le moloko o dulang teng.”+ 40  Jehova o re: “Ha ho na motho ya tla dula Babilona mme ha ho na motho ya tla phela teng.+ E tla tshwana le Sodoma le Gomora+ le metse e e potolohileng+ ka mora hore Modimo a e fedise. 41  Setjhaba se tla se tswa leboya. Setjhaba se seholo le marena a maholo+ a tla hlahaA tswa dikarolong tse holehole tsa lefatshe.+ 42  Setjhaba seo se hlometse ka diqha le marumo.+ Se kgopo mme ha se na mohau.+ Se tla se palame dipereMme modumo wa sona ekare wa lewatle le lwebehlanang.+ Wena moradi wa Babilona, se o hlasela se ikentse ngatananngwe.+ 43  Morena wa Babilona o utlwile tlaleho ka sona+Yaba matsoho a hae a a tepella.+ O utlwile bohloko,Bohloko bo kang ba mosadi ya pepang. 44  Ho na le motho ya tla futuhela makgulo a sireletsehileng a Babilona jwalo ka tau e hlahang meferong e teteaneng pela Jordane mme ka motsotswana ke tla etsa hore ba* balehe naha ya bona. Ke tla beha ya kgethilweng hore a okamele naha ya Babilona.+ Etswe ke mang ya tshwanang le nna, hona ke mang ya ka nthibang? Ke modisa ofe ya ka nkemang pele?+ 45  Ka hona, utlwang qeto eo Jehova a e entseng ka Babilona+ le hore na o nahanne ho etsang ka naha ya Bakalde. O tla etsa hore naha ya bona e fediswe ka lebaka la diketso tsa bona.+ Jwang kapa jwang dikonyana tsa mohlape di tla hulanngwa. 46  Ha Babilona e haptjwa, ho tla utlwahala lerata mme lefatshe le tla reketla. Ho tla utlwahala seboko hara ditjhaba.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “palo.”
Ka Seheberu e ka nna yaba polelwana ena e amana le lentswe “bolokwe” mme le sebediswa ha ho buuwa ka ntho e nyonyehang.
Kapa: “lefa la ka.”
Kapa: “tila.”
Kgomo e eso be le namane.
Ka Seheberu: “O fane ka letsoho la hae.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “thodiswa.”
Kapa: “baprofeta ba bohata.”
Kapa: “diphoofolo tse hlabang moolo” e leng diphoofolo tse etsang sello se kang seo ntja e se etsang bosiu.
Mohlomong ho buuwa ka baahi ba Babilona.