Jeremia 51:1-64

  • Boprofeta bo mabapi le Babilona (1-64)

    • Bamede ba tla diha Babilona ka tshohanyetso (8-12)

    • Buka e lahlelwa ka nokeng ya Eufrate (59-64)

51  Jehova o re: “Ke tla tlisa moya o matla o tla fedisaBabilona+ le baahi ba Leb-kamai.*   Ke tla roma baolosi Babilona. Ba tla mo olosa mme ba siye naha ya hae e se na letho. Ba tla mo futuhela ka mahlakore ohle letsatsing la tlokotsi.+   Motho ya lwanang ka seqha a se ke a se sebedisa.* Ho se ke ha eba le ya emang a apere seaparo sa hae se entsweng ka tshepe. Le se ke la qenehela bahlankana ba hae.+ Fedisang masole ohle a hae.   Bahlankana ba hae ba tla bolaelwa naheng ya Bakalde,Ba hlabelwe diterateng tsa yona.+   Etswe Iseraele le Juda ha ba a arohanngwa le Modimo wa bona, Jehova wa mabotho.+ Empa naha ya bona* e molato ponong ya Mohalaledi wa Iseraele.   Balehang Babilona,Le pholose bophelo ba lona+E le hore le se ke la fediswa ka lebaka la phoso ya hae. Ena ke nako ya hore Jehova a iphetetse. O buseletsa Babilona dintho tseo a di entseng.+   Babilona e nnile ya eba kopi ya kgauta letsohong la Jehova,O tahile lefatshe lohle. Ditjhaba di tahilwe ke veine ya hae.+ Ke ka lebaka leo di hlanyang.+   Babilona o wele ka tshohanyetso mme o robehile.+ Mo lleleng.+ Mo batleleng balsame bakeng sa bohloko ba hae, mohlomong o tla fola.   Re lekile ho fodisa Babilona empa ha a a fola. A re mo tloheleng re tsamaye, e mong le e mong a ye naheng ya habo.+ Etswe kahlolo ya hae e fihlile mahodimong,E phahame jwalo ka maru.+ 10  Jehova o re tliseditse toka.+ Tloong, a re boleleng mesebetsi ya Jehova Modimo wa rona Sione.+ 11  Leotsang marumo.+ Nkang dithebe.* Jehova o susumeleditse* marena a Bamede hore a ye ntweng+Hobane o rerile ho ripitla Babilona. Jehova o a iphetetsa, o iphetetsa bakeng sa tempele ya hae. 12  Phahamisang letshwao*+ hore le dihe marako a Babilona. Eketsang balebedi, behang masole a katang. Hlophang ba tla lalla Bababilona. Jehova o entse leqheka,O tla etsa baahi ba Babilona seo a itseng o tla se etsa.+ 13  Wena mosadi ya dulang metsing a mangata,+Wena ya nang le maruo a mangata,+Ho fedile ka wena le maruo ao o a bokeletseng.+ 14  Jehova wa mabotho o hlapantse ka lebitso la hae a re: ‘Ke tla tlisa batho ba bangata ho wena, ba tla ba bangata jwalo ka ditsie. Ba tla hweletsa ba thabile hobane ba o hlotse.’+ 15  Ke yena ya entseng lefatshe ka matla a hae,Ka bohlale ba hae o entse lefatshe,+O otlolotse mahodimo ka bohlale* ba hae.+ 16  Lentswe la hae le etsa horeMetsi a mahodimong a lwebehlane,O etsa hore maru* a nyolohe ho tswa dikgutlong tsa lefatshe. O etsa lehadima* bakeng sa pulaMme o bulela moya moo a o kwaletseng teng.*+ 17  Motho e mong le e mong o etsa dintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo. Motho e mong le e mong ya sebetsang ka tshepe o tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la setshwantsho se betlilweng+Etswe ditshwantsho* tsa hae tse entsweng ka tshepe di a thetsaMme ha ho na moya* ho tsona.+ 18  Ha di na thuso,+ di lokelwa ke ho songwa. Ha letsatsi la kahlolo le fihla, di tla timela. 19  Empa Modimo wa Jakobo ha a tshwane le dintho tsena. Ke yena ya entseng ntho e nngwe le e nngweLe lere la lefa la hae.+ Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho.+ 20  O molangwana wa ka, sebetsa sa ntwa. Ke tla thuha ditjhaba ka wena. Ke tla fedisa mebuso ka wena. 21  Ke tla robakanya pere le mopalami wa yona ka wena,Ke robakanye kariki ya ntwa le mopalami wa yona ka wena. 22  Ke tla robakanya monna le mosadi ka wena,Ke robakanye ntatemoholo le moshanyana ka wena,Ke robakanye le mohlankana le morwetsana ka wena. 23  Ke tla robakanya modisa le mohlape wa hae ka wena,Ke robakanye sehwai le mehlape ya hae ka wena,Ke boele ke robakanye babusi le batlatsi ba babusi ka wena. 24  Ke tla buseletsa Babilona le baahi bohle ba KaldeBakeng sa bokgopo bohle boo ba bo entseng Sione ka pela mahlo a lona,”+ ke Jehova ya tjhong. 25  Jehova o re: “Ke tla o hlasela,+ wena thaba e senyang,Wena ya senyang lefatshe lohle.+ Ke tla otlolla letsoho ke o hlasele mme ke o dihe mafikeng,Ke o etse thaba e tjhesitsweng.” 26  Jehova o re: “Batho ba ke ke ba nka lejwe la sekgutlo kapa lejwe la motheo ho wenaHobane o tla dula o se na baahi ho ya ho ile.+ 27  Phahamisang letshwao* naheng.+ Letsang lenaka hara ditjhaba. Kgethang* ditjhaba tse tla lwantsha Babilona. Mo bitsetseng mebuso ya Ararate,+ Mini le Ashkenaze.+ Laelang ofisiri ya sesole hore e mo lwantshe. Nyollang dipere jwalo ka ditsie tse ngata. 28  Kgethang* ditjhaba hore di mo hlaseleLe marena a Media,+ babusi ba yona, batlatsi bohle ba babusi ba yonaLe dinaha tsohle tse pusong ya bona. 29  Lefatshe le tla reketla le thothomeleEtswe Jehova o tla phethahatsa dintho tseo a di rerileng ka Babilona,A etse hore naha ya Babilona e be ntho e tshosang e se nang baahi.+ 30  Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana. Ba dutse dibakeng tsa bona tse sireleditsweng ka thata. Ba feletswe ke matla,+Ekare basadi.+ Matlo a yona a tjhesitswe. Mekwallo ya yona e robehile.+ 31  Moromuwa o kopana le moromuwa e mongLe motlalehi o kopana le motlalehi e mongHa ba yo tlalehela morena wa Babilona hore motse wa hae o hapuwe kaofela+ 32  Le hore madiboho a hapuwe+Hore dikepe tsa lodi di tjhesitsweLe hore masole a tshohile.” 33  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Moradi wa Babilona o tshwana le seotlo. Ke nako ya ho mo hatakela. Haufinyane nako ya kotulo e tla mo fihlela. 34  Morena Nebukadnezare* wa Babilona o nkwentse.*+ O mpherekantse. O mpehile jwalo ka sejana se se nang letho. O nkwentse jwalo ka noha e kgolo.+ O tlatsitse mpa ya hae ka dintho tsa ka tse monate. O ntahletse kwana. 35  Mosadi ya dulang Sione o re: ‘Babilona a ke a tswe maqeba ao ke a ntshitsweng.’+ Jerusalema o re: ‘Baahi ba Kalde ba ke ba be molato wa tshollo ya madi a ka.’” 36  Ka hona Jehova o re: “Ke buella nyewe ya hao*+Mme ke tla iphetetsa bakeng sa hao.+ Ke tla pshesa lewatle la hae, ke pshese didiba tsa hae.+ 37  Babilona o tla fetoha diqubu tsa majwe,+Selao sa diphokojwe,+Ntho e tshosang e bileng e letsetswang molodi,E se nang baahi.+ 38  Kaofela ba* tla puruma jwalo ka ditau tse matla. Ba tla rora jwalo ka ditawana.” 39  Jehova o re: “Ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete mme ke tla ba tahisaE le hore ba thabe.+ Jwale ba tla roballa ruriMme ba ke ke ba tsoha.+ 40  Ke tla ba bolaya jwalo ka dinku tse selakgwang,Jwalo ka diramo mmoho le diphooko.* 41  Bonang ka moo Sheshake* e hapuweng ka teng+Le ka moo ba hapileng motse o neng o roriswa ke lefatshe lohle ka teng.+ Babilona e fetohile ntho e tshosang haholo hara ditjhaba. 42  Lewatle le nyolohetse Babilona. Le mo kwahetse ka maqhubu a lona. 43  Metse ya hae e fetohile ntho e tshosang, lehwatata, naha e se nang metsi. E fetohile naha eo ho se nang motho ya tla dula ho yona le ya tla feta ho yona.+ 44  Ke tla otla modingwana Bele+ o BabilonaMme ke tla ntsha molomong wa wona seo o se kwentseng.+ Ditjhaba ha di sa tla hlola di phallela ho wonaLe lerako la Babilona le tla wa.+ 45  Tswang ho yena, setjhaba sa ka.+ Balehang le tle le pholohe+ bohale bo tukang ba Jehova.+ 46  Le se ke la ba boi kapa la tshoswa ke tlaleho e tla utlwahala naheng. Ka selemo se seng tlaleho eo e tla tlaEbe selemong se latelang ho tla tlaleho e nngweYa ntwa lefatsheng le ya babusi ba lwantshanang. 47  Ka hona, matsatsi a a tlaAo ka ona ke tla fedisa ditshwantsho tse betlilweng tsa Babilona. Naha yohle ya hae e tla tlotlollwa. Batho bohle ba hae ba bolailweng ba tla rapalla hohle Babilona.+ 48  Mahodimo le lefatshe le tsohle tse ho tsonaDi tla hweletsa di thabile ha Babilona a wa,+Etswe ba tlo mo fedisa ba tla tla ho yena ba tswa leboya,”+ ke Jehova ya tjhong. 49  “Babilona ha a bolaya batho ba tswang Iseraele feela+Empa le batho ba tswang lefatsheng lohle ba shweletse Babilona. 50  Lona ba phonyohileng sabole, le nne le tsamaye, le se ke la ema.+ Lona ba hole, hopolang Jehova. E se eka le ka hopola Jerusalema.+ 51  Re tlotlolotswe, re utlwile mantswe a re nyefolang. Re aparetswe ke dihlongHobane baditjhaba* ba futuhetse dibaka tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.”+ 52  Jehova o re: “Ka hona, matsatsi a a tla,Ao ka ona ke tla fedisa ditshwantsho tse betlilweng tsa BabilonaMme naheng yohle ya hae batho ba tswileng dikotsi ba tla bobola.”+ 53  Jehova o re: “Esita le haeba Babilona a ka nyolohela mahodimong+Le haeba a ka tiisa dibaka tsa hae tse sireleditsweng ka thata,Ke tla tlisa batho ba tlo mo fedisa.+ 54  Utlwang. Ho na le seboko Babilona,+Modumo wa koduwa e mpe e tswang naheng ya Bakalde,+ 55  Jehova o fedisa Babilona. O tla thodisa lentswe la hae le leholo,Lerata le etswang ke dira tsa hae le tla tshwana le la maqhubu a lewatle. Modumo wa lentswe la tsona o tla utlwahala. 56  Ya timetsang o tla tla Babilona.+ Bahlabani ba hae ba tla haptjwa.+ Diqha tsa bona di tla robakanngwaEtswe Jehova ke Modimo wa phetetso.+ O tla fela a iphetetse.+ 57  Ke tla tahisa diofisiri tsa hae le banna ba hae ba bohlale,+Babusi ba hae, batlatsi ba babusi ba hae le bahlabani ba hae. Ba tla roballa ruriMme ba ke ke ba tsoha,”+ Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho ke yena ya tjhong. 58  Jehova wa mabotho o re: “Le hoja lerako la Babilona le le sephara, le tla heletswa,+Le hoja dikeiti tsa hae di phahame, di tla tjheswa ka mollo. Batho ba tla sehlela lefeela. Ditjhaba di tla sebetsa ka thata hore feela di beseletse mollo.”+ 59  Ena ke taelo eo moprofeta Jeremia a ileng a e fa mora wa Neria+ e leng Seraia setloholo sa Mahaseia. O mo file taelo ena ha a ne a ya Babilona le Morena Tsedekia wa Juda ka selemo sa bone sa puso ya hae. Seraia e ne e le mohlokomedi wa lebotho la ntwa. 60  Jeremia a ngola ka tlokotsi yohle e neng e tla tlela Babilona bukeng, mantswe ana ohle a ngotsweng ka Babilona. 61  Ho feta moo, Jeremia a re ho Seraia: “Ha o fihla Babilona, o balle mantswe ana ohle hodimo. 62  Ebe o re: ‘Jehova, o itse motse ona o tla fediswa, ha ho motho ya tla dula teng kapa phoofolo e tla dula ho wona ebile o tla fetoha sebaka se se nang letho ho ya ho ile.’+ 63  Ha o qetile ho bala buka ena, o e tlamelle lejweng ebe o e lahlela bohareng ba Noka ya Eufrate. 64  Ka mora moo o re: ‘Babilona e tla teba tjena mme e ke ke ya hlola e phahama+ ka lebaka la tlokotsi eo Modimo a e tlisetsang yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.’”+ Mantswe a Jeremia a fella mona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho bonahala hore Leb-kamai ke lebitso le leng la Kalde.
Kapa: “koba.”
E leng naha ya Bakalde.
Kapa mohlomong: “Tlatsang dikgohlopo.”
Ka Seheberu: “o tsositse moya wa.”
Kapa: “palo.”
Kapa: “kutlwisiso.”
Kapa: “mohodi.”
Kapa mohlomong: “mekwallo ya metsi.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “diemahale.”
Kapa: “phefumoloho.”
Kapa: “palo.”
Ka Seheberu: “Halaletsang.”
Ka Seheberu: “Halaletsang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Mona Jeremia o bua jwalo ka ha eka ke yena Jerusalema le Juda.
E leng ya Jerusalema kapa ya Sione.
E leng baahi ba Babilona.
Kapa: “dipodi tse tona.”
Ho bonahala hore Sheshake ke lebitso le leng la Babele (Babilona).
Kapa: “basele.”