Jeremia 52:1-34

  • Tsedekia o fetohela morena wa Babilona (1-3)

  • Nebukadnezare o thibella Jerusalema (4-11)

  • Motse le tempele di a tjheswa (12-23)

  • Batho ba a haptjwa ba iswa Babilona (24-30)

  • Jojakine o ntshwa teronkong (31-34)

52  Tsedekia+ o ne a le dilemo di 21 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11. Lebitso la mme wa hae e ne e le Hamutale+ moradi wa Jeremia wa Libna.  Tsedekia o ile a etsa dintho tsohle tseo Jojakime a di entseng tse sa thabiseng Jehova.+  Dintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba di etsa di ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pela mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena wa Babilona.+  Ka la leshome kgweding ya leshome ha Morena Tsedekia a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare* wa Babilona a tla le masole ohle a hae mme a hlasela Jerusalema. Ba hloma ditente pela yona mme ba haha lerako le e potapotileng ka hohle ho e thibella.+  Ka hoo, motse wa thibellwa ho fihlela Morena Tsedekia a ena le dilemo tse 11 a busa.  Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone,+ ho ile ha eba le tlala e kgolo motseng mme batho ba ne ba se na dijo naheng eo.+  Qetellong lerako la motse la heletswa mme masole ohle a baleha motseng bosiu. A tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi e haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba potapotile motse. A nna a baleha ka tsela ya Araba.+  Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a fumana Tsedekia+ lehwatateng la Jeriko. Masole ohle a hae a ne a balehile.  A tshwara Morena Tsedekia a mo tlisa Ribla ho morena wa Babilona naheng ya Hamathe yaba o a mo ahlola. 10  Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae. A bolaela le dikgosana tsohle tsa Juda Ribla. 11  Ka mora moo, morena wa Babilona a foufatsa Tsedekia,+ a mo tlama ka diketane tsa koporo, a mo tlisa Babilona mme a mo kwalla ho fihlela letsatsing la lefu la hae. 12  Ka letsatsi la leshome kgweding ya bohlano, e leng ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona a ena le dilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane mookamedi wa balebedi ebile e le mohlokomedi wa morena wa Babilona, a tla Jerusalema.+ 13  A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena* le matlo ohle a Jerusalema. A boela a tjhesa matlo ohle a maholo. 14  Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+ 15  Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuweng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena wa Babilona le ba bang kaofela bao e leng ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.+ 16  Empa Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a siya ba bang ba batho ba futsanehileng ka ho fetisisa hore ba sebetse e le balemi ba morara le dihwai tse sebediswang ka thata.+ 17  Bakalde ba pshatla dipilara tsa koporo+ tse neng di le ntlong ya Jehova, diteroli+ le Tanka* ya koporo,+ tse neng di le ka tlung ya Jehova mme ba isa koporo eo yohle Babilona.+ 18  Ba nka le dinkgo, dikgarafu, dintho tse timang mollo, dikotlolo,+ dikopi+ le dintho tsohle tse neng di sebediswa tempeleng tse entsweng ka koporo. 19  Mookamedi wa balebedi a nka dibeisine,+ dipane tsa mollo, dikotlolo, dinkgo, didulwana tsa lebone,+ dikopi le dikotlolo tse entsweng ka kgauta ya nnete le silevera ya nnete.+ 20  Koporo ya dipilara tse pedi, Tanka,* ya dipoho tse 12 tsa koporo+ tse neng di le tlasa Tanka le ya diteroli tseo Solomone a neng a di etseditse ntlo ya Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa kgonehe hore e methwe. 21  Ha e le dipilara, pilara ka nngwe e ne e le bophahamo ba dimithara tse robedi,* e ne e ka faswa ka kgwele e bolelele ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse hlano,*+ botenya ba yona e ne e le bophara ba disenthimithara tse ka bang supa* hape e ne e le sekoti. 22  Hlooho ya pilara e ne e le ya koporo, bophahamo ba hlooho eo e ne e le dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi.*+ Letanta* le dikgarenate tse neng di kgabisitse hlooho di ne di entswe ka koporo. Pilara ya bobedi e ne e tshwana le pilara ya pele le dikgarenate di ne di tshwana. 23  Ho ne ho ena le dikgarenate tse 96 ka mahlakoreng. Dikgarenate tsohle tse neng di potolohile letanta di ne di le 100.+ 24  Mookamedi wa balebedi a boela a nka Seraia+ moprista e moholo, Sofonia+ moprista wa bobedi le balebedi ba bararo ba monyako.+ 25  A boela a nka mookamedi a le mong wa lekgotla eo e neng e le mookamedi wa masole, metswalle e supileng ya Morena Tsedekia e neng e le motseng, mongodi wa mookamedi wa masole ya neng a bokella masole ha a ya ntweng le banna ba 60 ba ileng ba fumanwa motseng. 26  Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a ba nka mme a ba isa Ribla ho morena wa Babilona. 27  Morena wa Babilona a ba bolaela Ribla+ naheng ya Hamathe. Yaba Bajuda ba tloswa naheng ya bona ba a haptjwa.+ 28  Bana ke batho bao Nebukadnezare* a ba hapileng: Ka selemo sa bosupa sa puso ya hae, a hapa Bajuda ba 3 023.+ 29  Ka selemo sa bo18 sa puso ya Nebukadnezare,*+ batho ba 832 ba ile ba tloswa Jerusalema. 30  Ka selemo sa bo23 sa puso ya Nebukadnezare,* Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a hapa Bajuda ba 745.+ Batho bohle ba neng ba hapuwe ba ne ba le 4 600. 31  Ka selemo sa bo37 Morena Jojakine+ wa Juda a hapuwe, ka letsatsi la bo25 kgoeding ya bo12, Morena Evile-merodake wa Babilona a hauhela* Morena Jojakine wa Juda mme a mo ntsha teronkong selemong seo e bileng morena ka sona.+ 32  O ile a mo tshwara hantle mme a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuwe le yena Babilona. 33  Jojakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara teronkong, a jella tafoleng ya morena ka mehla bophelo bohle ba hae. 34  O ne a dula a fuwa dijo tse tswang ho morena wa Babilona letsatsi le leng le le leng, bophelo bohle ba hae ho fihlela letsatsing la lefu la hae.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 18.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse 12.”
Ka Seheberu: “menwana e mene.” Bophara ba monwana bo lekana le disenthimithara tse 1,85. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”
Kapa: “Nete.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “a phahamisa hlooho ya.”
Ka Seheberu: “a mo fa terone e phahametseng diterone tsa marena.”