Jeremia 7:1-34

  • Ba ithetsa ka hore ba tla pholoswa ke tempele ya Jehova (1-11)

  • Tempele e tla tshwana le Shilo (12-15)

  • Modimo o nyatsa borapedi ba bohata (16-34)

    • Batho ba rapela “Mofumahadi wa Lehodimo” (18)

    • Ba etsa mahlabelo ka bana Hinome (31)

7  Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bua ho Jeremia:  “Ema keiting ya ntlo ya Jehova o phatlalatse molaetsa ona moo: ‘Utlwang lentswe la Jehova, lona batho bohle ba Juda ba kenang ka dikeiti tsena ho tla inamela Jehova.  Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Lokisang diketso tsa lona le mesebetsi ya lona mme ke tla le dumella hore le nne le dule sebakeng sena.+  Le se ke la tshepa mantswe a bohata yaba le re: ‘Ena ke* tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova.’+  Etswe haeba le lokisa diketso tsa lona le mesebetsi ya lona mme le emela toka pakeng tsa motho le moahisani wa hae,+  le sa hatelle baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi,+ le sa bolaye batho ba se nang molato sebakeng sena mme le sa latele medimo e meng yaba le ipakela tlokotsi,+  ke tla le dumella hore le nne le dule naheng ena eo ke e fileng baholoholo ba lona ka ho sa feleng.”’  Empa le tshepa mantswe a bohata+ a ke keng a le tswela molemo ho hang.  Na le ka utswa,+ la bolaya, la feba, la hlapanya ka leshano,+ la etsetsa Baale+ mahlabelo* le ho latela medimo eo le sa kang la e tseba 10  yaba le a tla, le ema ka pela ka ka tlung ee e bitswang ka lebitso la ka ebe le re: ‘Re tla pholoswa’ empa le ntse le etsa dintho tsee tsohle tse nyonyehang? 11  Na le bona ntlo ee e bitswang ka lebitso la ka e le lehaha la mashodu?+ Ke bone hore na le ntse le etsang,” ke Jehova ya tjhong. 12  “‘Eyang tabernakeleng ya ka e Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le dule teng pele+ mme le bone hore na ke e entseng ka lebaka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.+ 13  Empa la nna la etsa dintho tsena kaofela,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Le hoja ke ile ka bua le lona ka makgetlokgetlo,* ha le a ka la mamela.+ Ka nna ka le bitsa empa la se ke la araba.+ 14  Ka hoo, ntlo e bitswang ka lebitso la ka+ eo le e tshepileng+ le sebaka seo ke le fileng sona le baholoholo ba lona, ke tla di etsa ntho e tshwanang hantle le eo ke e entseng Shilo.+ 15  Ke tla le tlosa ka pela mahlo a ka feela jwalo ka ha ke ile ka lahla bana ba bo lona e leng bana bohle ba Efraime.’+ 16  “Ha e le wena Jeremia, o se ke wa rapella setjhaba sena. O se ke wa bokolla, wa nkopa ka tiyo kapa wa rapela bakeng sa sona+ ka ha nke ke ka o mamela.+ 17  Na ha o bone hore na se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? 18  Bana ba rwalla patsi, bontate ba besa mollo, ha bomme ba duba hlama e le hore ba etsetse Mofumahadi wa Lehodimo*+ mahobe a sehlabelo, ba etsa le dinyehelo tsa dino bakeng sa medimo e meng e le ho ntshitelwa.+ 19  Jehova o re: ‘Empa na ke nna eo ba mo sitelwang?* Ba a itshitelwa mme ba tla swaba.’+ 20  Ka hona Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Bohale ba ka le kgalefo ya ka di tla theolelwa sebakeng sena,+ ho batho le dibata, ho difate tsa tshimo le ditholwana tsa naha. Kgalefo ya ka e tla tuka mme e ke ke ya tima.’+ 21  “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Eketsang dinyehelo tsa lona tsa setjheso mahlabelong a lona mme le di je.+ 22  Etswe mohla ke neng ke ntsha baholoholo ba lona naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka bua le bona kapa ka ba laela malebana le dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo.+ 23  Empa ke ile ka ba fa taelo ena: “Mamelang lentswe la ka. Ke tla ba Modimo wa lona, le be setjhaba sa ka.+ Le lokela ho tsamaya tseleng yohle eo ke le laelang hore le tsamaye ho yona e le hore dintho di ka le tsamaela hantle.”’+ 24  Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe.+ Ho ena le hoo ba ile ba latela mehopolo* ya bona, ka manganga ba latela dipelo tsa bona tse kgopo+ yaba ba ya morao eseng pele, 25  ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang Egepeta ho fihlela letsatsing lena.+ Ke ile ka nna ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ke ba romela letsatsi le leng le le leng, ka makgetlokgetlo.*+ 26  Empa ba hanne ho mmamela mme ha ba a ka ba sekeha tsebe.+ Ho ena le hoo, ba ne ba le manganga* yaba ba etsa hampe ho feta baholoholo ba bona. 27  “O tla ba bolella mantswe ana ohle+ empa ba ke ke ba o mamela. O tla ba hweletsa empa ba ke ke ba o araba. 28  Ka hoo, e re ho bona: ‘Sena ke setjhaba se sa mamelang lentswe la Jehova Modimo wa sona mme se hanne ho amohela tayo. Botshepehi bo fedile ebile ha se le ntho eo ba buang ka yona.’*+ 29  “Kuta moriri wa hao* mme o o lahle, o bine kodiyamalla* maralleng a se nang letho etswe Jehova o lahlile moloko oo o mo halefisitseng mme o tla o tlohela. 30  Jehova o re: ‘Batho ba Juda ba entse dintho tse fosahetseng mahlong a ka. Ba behile ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang ka tlung e jereng lebitso la ka mme ba e silafaditse.+ 31  Ba hahile dibaka tse phahameng tsa Tofethe, e Kgohlong ya Mora wa Hinome*+ e le hore ba tjhese bana ba bona mollong+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela yona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.’*+ 32  Jehova o re: ‘Ka hona, matsatsi a a tla ao ka ona e ke keng ya hlola e bitswa Tofethe kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome* empa ho tla thwe ke Kgohlo ya Polao. Ba tla pata bafu Tofethe ho fihlela ho se ho se na sebaka se setseng.+ 33  Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa dinonyana tsa mahodimo le dibata tsa lefatshe mme ha ho na motho ya tla tshosa dinonyana le dibata tseo.+ 34  Ke tla fedisa mohoo wa thabo le mohoo wa nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa+ metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema etswe naha e tla sala e se na baahi.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho buuwa ka mehaho yohle ya tempele.
Kapa: “bana ba se nang bontate.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng ke bua.”
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Kapa: “halefisang; phephetsang.”
Kapa: “merero.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng letsatsi le leng le le leng mme ke ba romela.”
Ka Seheberu: “ba sataladitse melala.”
Ka Seheberu: “bo kgaotswe melomong ya bona.”
Kapa: “moriri o sa kutwang; wa boinehelo.”
Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Kapa: “ho seng mohla e kileng ya fihla pelong ya ka.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”