Jeremia 8:1-22

  • Batho ba kgetha tsela e ratwang ke ba bangata (1-7)

  • Batho ba ka se be bohlale ha ba se na lentswe la Jehova (8-17)

  • Jeremia o lliswa ke ho ripitlwa ha Juda (18-22)

    • “Na ha ho na balsame Gileade?” (22)

8  Jehova o re: “Ka nako eo, masapo a marena a Juda, a dikgosana tsa yona, a baprista, a baprofeta le a baahi ba Jerusalema a tla ntshwa mabitleng a bona.  A tla alwa letsatsing, kgweding le makgotleng ohle a mahodimo ao ba a ratileng, ao ba a sebeleditseng, ao ba a latetseng, ao ba a batlileng le ao ba a inametseng.+ A ke ke a phuthwa kapa a epelwa. E tla ba moitedi hodima lefatshe.”+  Jehova wa mabotho o re: “Ba setseng lelapeng lena le kgopo ba tla kgetha lefu ho ena le bophelo dibakeng tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona.  O lokela ho re ho bona: ‘Jehova o re: “Na ba tla wa mme ba se ke ba ema hape? Haeba e mong a ka kgutla, na e mong le yena a ke ke a kgutla?   Ke hobaneng ha baahi ba Jerusalema ba tswela pele ka ho se tshepahale? Ba itshwareleditse ka bolotsana. Ba hana ho fetoha.+   Ke etse hloko mme ka nna ka mamela empa tsela eo ba neng ba bua ka yona e ne e sa nepahala. Ha ho le ya mong ya ileng a bakela bokgopo ba hae kapa a re: ‘Ke entseng?’+ E mong le e mong o dula a kgutlela tseleng e ratwang jwalo ka pere e potlakelang ntweng.   Esita le mokotatsie o mahodimong o tseba dinako tsa wona,Leebanakgorwana, lehaqasi le serobele* di boloka nako ya tsona ya ho kgutla.* Empa setjhaba sa ka sona ha se tsebe nako ya Jehova ya kahlolo.”+   Ke jwang le ka reng: “Re bohlale mme re na le molao* wa Jehova”? Hantlentle pene+ ya bohata ya bangodi e sebediseditswe leshano feela.   Ba bohlale ba swabile.+ Ba tshohile mme ba tla tshwarwa. Ba lahlile lentswe la Jehova. Jwale ba na le bohlale bofe? 10  Ka hona, ke tla fa banna ba bang basadi ba bona,Masimo a bona ke a fe batho ba bang.+ Etswe ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+ Ho tloha ho moprofeta ho ya ho moprista, kaofela ba etsa bobodu.+ 11  Ba leka ho fodisa moradi wa setjhaba sa ka ya sithabetseng ka hore feela ba re: “Kgotso e teng! Kgotso e teng!” Empa kgotso e le siyo.+ 12  Na batho ba ka ba swabetse dintho tse nyonyehang tseo ba di entseng? Ha ba swabe ho hang! Ha ba tsebe le hore na ho swaba ke ntho e jwang.+ Ka hona, ba tla wela hara ba weleng. Ha ke ba otla ba tla kgothometseha,’+ ke Jehova ya tjhong. 13  Jehova o re: ‘Ha ke ba bokella, ke tla ba fedisa. Ho ke ke ha eba le morara o setseng sefateng sa morara, ho ke ke ha eba le difeie* sefateng sa feie mme makgasi a tla pona. Dintho tseo ke ba fileng tsona di tla ba lahlehela.’ 14  Re duletseng moo? A re bokaneng re kene metseng e sireleditsweng+ ka thata mme re shwelle moo. Etswe Jehova Modimo wa rona o tlo re bolaya,O re fa metsi a tjhefo hore re a nwe+Hobane re sitetswe Jehova. 15  Re ne re tshepile hore ho tla ba le kgotso empa ha ho letho le molemo le hlahileng,Re ne re tshepile hore ho tla ba le nako ya ho fodisa empa ke matswalo feela.+ 16  Ho utlwahala modumo wa dipere tsa ba direng ho tloha Dane. Naha yohle e a reketlaKa lebaka la modumo wa ho lla ha dipere tsa bona tse tona. Ba a tla mme ba senya naha le sohle se ho yona,Motse le baahi ba wona.” 17  Jehova o re: “Ke romela dinoha hara lona,Dinoha tse tjhefo tse ke keng tsa laolwa*Mme ruri di tla le loma.” 18  Mesarelo ya ka ha e phekolehe. Pelo ya ka e a kula. 19  Moradi wa setjhaba sa heso o hweletsaA le naheng e hole ho kopa thuso o re: “Na Jehova ha a Sione? Kapa na morena wa yona ha a ho yona?” “Ke hobaneng ha ba ntshitetswe ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng,Ka medimo ya bona ya baditjhaba e se nang thuso?” 20  “Nako ya kotulo e fetile, lehlabula le fedileEmpa ha re eso pholoswe!” 21  Ke sithabeditswe ke ho ripitlwa ha moradi wa setjhaba sa heso.+ Ke nyahame. Ke tshohile haholo. 22  Na ha ho na balsame* Gileade?+ Kapa na ha ho na ngaka* moo?+ Jwale ke hobaneng ha moradi wa setjhaba sa heso a sa fola?+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “motlathomo.”
Kapa: “ho falla.”
Kapa: “taelo.”
Kapa: “difeiga.”
Kapa: “upellwa.”
Kapa: “setlolo se fodisang.”
Kapa: “mofodisi.”