Jeremia 9:1-26

  • Jeremia o utlwile bohloko haholo (1-3a)

  • Jehova o bitsa Juda hore e tlo ikarabella (3b-16)

  • Juda e a llelwa (17-22)

  • Ithoriseng ka hore le tseba Jehova (23-26)

9  Hoja hlooho ya ka e ne e le sediba sa metsiEbe mahlo a ka ke mohlodi wa meokgo,+Ke ne ke tla lla bosiu le motshehare,Ke llele batho ba heso ba bolailweng.   Hoja ke ne ke ena le sebaka sa ho phomola lefeelleng,Ke ne ke tla siya batho ba heso mme ke tlohe ho bona. Etswe kaofela ha bona ke bafebi,+Ke lequlwana la balotsana.   Ba itokiseditse ho bua leshano jwalo ka seqha se kobehileng hore se betse tsenene. Leshano le atile naheng ho ena le botshepehi.+ Jehova o re: “Bokgopo ba bona bo ntse bo ehlwa mekwalabaEbile ha ba mmamele.+   E mong le e mong a itebele ho moahisani wa hae. Le se ke la tshepa esita le bana ba bo lona. Ka ha ngwanabo motho e mong le e mong ke molotsana+Le moahisani e mong le e mong ke moetselletsi.+   E mong le e mong o qhekella moahisani wa hae,Ha ho ya buang nnete. Ba rutile maleme a bona ho bua leshano.+ Ba ipakela mokgathala ka ho etsa dintho tse fosahetseng.   O phela hara batho ba leshano. Ba bua leshano mme ha ba batle ho ntseba,” ke Jehova ya tjhong.   Ka hona Jehova wa mabotho o re: “Ke tla ba hlwekisa* mme ke ba hlahlobe+Hobane nka etsang hape ka moradi wa setjhaba sa ka?   Maleme a bona ke tsenene e bolayang, a bua leshano. Ka molomo, motho o bua ka kgotso le moahisani wa haeEmpa ka pelong o mo tjhehela leraba.”*   Jehova o re: “Na ha ke a lokela ho ba bitsa hore ba tlo ikarabella bakeng sa dintho tsee? Na ha ke a lokela ho iphetetsa ho setjhaba se tjee?+ 10  Ke tla lla mme ke bokollele dithaba,Ke bine kodiyamalla* bakeng sa makgulo a nahaKa ha a tjhesitswe e le hore ho se ke ha eba le motho ya fetang. Batho ba ke ke ba utlwa modumo wa diphoofolo tse ruilweng. Dinonyana tsa mahodimo le dibata di balehile, di tsamaile.+ 11  Ke tla etsa hore Jerusalema e be diqubu tsa majwe,+ selao sa diphokojwe,+Ke etse hore metse ya Juda e be dithako, e hloke baahi.+ 12  Ke mang ya bohlale hore a ka utlwisisa hore na ke hobaneng ha dintho tsee di etsahala? Ke mang eo Jehova a mo boleletseng taba ee e le hore a ka e bolella batho ba bang? Ke hobaneng ha naha e timetse? Ke hobaneng ha e tjhesitswe jwalo ka lefeellaHoo ho seng motho ya fetang ho yona?” 13  Jehova a re: “Ke hobane ba furaletse molao* wa ka oo ke ba behetseng wona le hore ha ba a ka ba o latela mme ha ba a ka ba mamela lentswe la ka. 14  Ka manganga ba latetse dipelo tsa bona+ mme ba latetse ditshwantsho tsa Baale jwalo ka ha bontate ba bona ba ba rutile.+ 15  Ka hoo, Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke jesa batho bana lengana mme ke tla ba nwesa metsi a tjhefo.+ 16  Ke tla ba hasanya hara ditjhaba tseo bona le bontate ba bona ba sa kang ba di tseba+ mme ke tla ba nehella sabole ho fihlela ke ba timeditse.’+ 17  Jehova wa mabotho o re: ‘Nahanisisang ka dintho tse etsahalang. Bitsang basadi ba binang kodiyamalla,+Le bitse le basadi ba nang le tsebo 18  E le hore ba potlake mme ba re lleleE le hore mahlo a rona a ka tswa meokgoLe dikeledi di keleketle marameng a rona.+ 19  Etswe ho utlwahetse sello Sione:+ “Naha ya rona e sentswe hakaakang! Re tlotlolohile haholoHobane re tlositswe naheng ya rona mme ba dihile mahae a rona.”+ 20  Lona basadi, utlwang lentswe la Jehova. E se eka ditsebe tsa lona di ka mamela lentswe la molomo wa hae. Le rutane pina ena ya kodiyamalla+Le be le e rute baradi ba lona 21  Etswe lefu le kene ka difensetere tsa rona. Le kene ditoreng tsa rona tse tiisitsweng ka thata,La lata bana diteratengLe bahlankana dimmarakeng.’+ 22  Ere: ‘Jehova o re: “Ditopo tsa batho di tla wa jwalo ka moitedi tshimongJwalo ka koro* e sa tswa helwa ke mokotudiHo se ya e bokellang.”’”+ 23  Jehova o re: “Monna ya bohlale a se ke a ithorisa ka bohlale ba hae,+Monna ya matla a se ke a ithorisa ka matla a haeLe morui a se ke a ithorisa ka maruo a hae.+ 24  Empa ya ithorisang a ke a ithorise kaHore o na le temoho ebile o a ntseba.+ A ithorise ka hore ke nna Jehova ya nang le lerato,* toka le ya lokileng lefatsheng+Hobane ke kgahliswa ke dintho tsena,”+ ke Jehova ya tjhong. 25  Jehova o boetse o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla ahlola e mong le e mong ya bolotseng empa a sa bolla.+ 26  Ke tla ahlola Egepeta,+ Juda,+ Edomo,+ Baamone,+ Moabe+ le bohle ba dulang lefeelleng ba kutileng ditedu tse ka hodima mehlahare.*+ Etswe ditjhaba tsohle ha di a bolla mme bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a hlweka* pelong.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho hlwekisa tshepe ka ho e qhibidihisa mollong.
Ka Seheberu: “o a mo lalla.”
Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ditlhafunelong.”
Ka Seheberu: “bolla.”