Joele 3:1-21

  • Jehova o ahlola ditjhaba tsohle (1-17)

    • Kgohlo ya Josafate (2, 12)

    • Kgohlo ya kahlolo (14)

    • Jehova ke sebaka se sireletsehileng ho Iseraele (16)

  • Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae (18-21)

3  “Mehleng eo, ka yona nako eoHa ke kgutlisa batshwaruwa ba Juda le Jerusalema,+   Ke tla boela ke bokelle ditjhaba tsohle,Ke di theolele Kgohlong* ya Josafate.* Ke tla di ahlolela moo,+Ke di ahlolele dintho tseo di di entseng ho setjhaba sa ka sa IseraeleHobane di ile tsa hasanya BaiseraeleYaba di ikaba ka naha ya ka.+   Di lahla lotho hore di ikabe ka batho ba ka,+Di rekisa ngwana moshanyana e le hore di patale letekatse,Di rekisa wa ngwanana hore di reke veine di tle di nwe.   Lona Tire, Sidone le lona dibaka tsohle tsa Filistia,Le se nka kae sebete sa ho nketsa tjee? Na ho na le ntho e mpe eo ke le entseng yona? Na le a iphetetsa? Haeba ho jwalo,Ke tla iphetetsa ka lebaka la dintho tseo le ba entseng tsona.+   Ka ha le nkile silevera ya ka le kgauta ya ka,+La isa dintho tsa ka tsa bohlokwa ditempeleng tsa lona,   La rekisa baahi ba Juda le ba Jerusalema, la ba rekisetsa Bagerike+E le hore le ba ise hole le naha ya habo bona,   Ke tla ba lata moo le ba rekiseditseng teng,+Ke iphetetse ka lebaka la dintho tseo le ba entseng tsona.   Ke tla rekisetsa Bajuda bara ba hao le baradi ba hao,+Ba tla ba rekisetsa batho ba Sheba, batho ba dulang hole. Nna Jehova ke a le tiisetsa.   Phatlalatsang hohle ditjhabeng le re:+ ‘Itokisetseng ntwa. Bitsang banna ba matla. Atametsang masole e le hore a hlasele.+ 10  Etsang disabole ka mehoma ya lona, le etse marumo ka dikere tse kutang dimela. Motho ya fokolang a ke a re o matla. 11  Lona ditjhaba tsohle tse haufi, tloong le tlo thusa.’+ Jehova, romela batho ba hao ba matla* sebakeng seo. 12  Ditjhaba di ke di itokise, di theohele Kgohlong* ya JosafateHobane ke tla dula teng ke ahlole ditjhaba tsohle tse haufi.+ 13  Akgelang sekele hobane e se e le nako ya ho kotula. Tloong le tlo hatakela morara hobane sehatelo se tletse.+ Dinkgo tse kgakeletsang veine di tletse hobane bokgopo ba ditjhaba tseo bo bongata haholo. 14  Ditjhaba di se di le ka kgohlong* ya kahloloHobane haufinyane letsatsi la Jehova le tla tla kgohlong ya kahlolo.+ 15  Letsatsi le kgwedi di tla fifala,Dinaledi le tsona di tla fifala. 16  Jehova o tla bua ka lentswe le matla a le Sione,A hweletse a le Jerusalema. Lehodimo le lefatshe di tla reketlaEmpa Jehova e tla ba setshabelo ho batho ba hae,+E be sebaka se sireletsehileng ho bana ba Iseraele. 17  Le tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa lona, ya dulang Sione, thabeng ya ka e halalelang.+ Jerusalema e tla ba sebaka se halalelang,+Baditjhaba ba ke ke ba hlola ba paroletsa le moo.+ 18  Letsatsing leo, dithabeng ho tla rotha veine e monate,+Ho phalle lebese maralleng,Dinokana di phalle metsi Juda. Ho tla ba le sediba ntlong ya Jehova,+Se tla nosetsa Kgohlo* ya Difate Tsa Leoka. 19  Egepeta yona e tla dula e se na baahi,+Edomo e fetohe dithakoHobane di ile tsa tshwara Bajuda hampe,+Bao naheng ya bona ho ileng ha bolawa batho ba se nang molato.+ 20  Juda e tla ba le baahiLe Jerusalema e be le baahi molokong o mong ka mora o mong.+ 21  Le hoja ke ne ke ba nka ba le molato, ke tla ba nka ba se molato,*+Nna Jehova ke tla dula Sione.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Jehova ke Moahlodi.”
Kapa: “bahlabani.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “phuleng.”
Ka Seheberu: “ke tla nka madi a bona a se na molato.”