Jonase 1:1-17

  • Jonase o baleha Jehova (1-3)

  • Jehova o etsa hore ho be le sefefo se matla (4-6)

  • Jonase ke yena ya bakileng koduwa (7-13)

  • Ba lahlela Jonase ka lewatleng le befileng (14-16)

  • Tlhapi e kgolo e kwenya Jonase (17)

1  Jehova a bua le Jonase*+ mora wa Amitai a re:  “Ema, o ye Ninive+ motseng o moholo mme o phatlalatse hore ke tlo ahlola Baninive hobane ke hlokometse bokgopo ba bona.”  Empa Jonase a baleha Jehova yaba o ya Tarshishe. A theohela Jopa mme a fumana sekepe se yang Tarshishe. Ka hoo, a patala yaba o a se palama e le hore a lebe Tarshishe hole le Jehova.  Yaba Jehova o etsa hore ho be le moya o matla lewatleng mme ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se le haufi le ho swahlamana.  Basesisi ba sekepe ba ne ba tshohile hoo e mong le e mong wa bona a ileng a qala ho hweletsa ho kopa thuso ho modimo wa hae. Ba ntsha dintho tse neng di le ka sekepeng, ba di lahlela ka lewatleng e le hore ba fokotse boima ba sona.+ Empa Jonase o ne a le karolong e ka tlase ya sekepe a ile le sephume sa boroko.  Motsamaisi wa sekepe a ya ho yena a re: “O robaletseng? Tsoha, o hweletse modimo wa hao. Mohlomong Modimo wa nnete o tla re hauhela, re se ke ra shwa.”+  Yaba ba a buisana ba re: “A re lahleng lotho+ e le hore re ka tseba hore na ke ka lebaka la mang re hlahelwang ke koduwa ena.” Ka hoo, ba lahla lotho yaba lotho e supa Jonase.+  Ba re ho yena: “Re kopa o re bolelle, ke ka lebaka la mang re hlahelwang ke koduwa ee? Mosebetsi wa hao ke ofe? O tswa hokae? Naha ya heno ke efe? O tswa setjhabeng sefe?”  A re ho bona: “Ke Moheberu mme ke rapela* Jehova Modimo wa mahodimo, Yena ya entseng lewatle le lefatshe.” 10  Jwale banna bao ba tshoha le ho feta yaba ba re ho yena: “O entseng?” (Banna bao ba ile ba tseba hore o baleha Jehova hobane o ne a ba boleletse.) 11  Ka hoo, ba re ho yena: “Re etseng ka wena e le hore lewatle le ka kokobela?” Etswe lewatle le ne le ntse le befa le ho feta ka lebaka la sefefo se matla. 12  A re ho bona: “Ntahleleng ka lewatleng mme lewatle le tla kokobela ka ha ke a tseba hore ke ka lebaka la ka ho nang le sefefo sena se matla.” 13  Le ha ho le jwalo, banna bao ba leka ka matla ho kgutlisetsa sekepe lebopong empa ba hloleha hobane lewatle le ne le ntse le befa le ho feta ka ha sefefo se ne se le matla. 14  Yaba ba hweletsa ho Jehova ba re: “Jehova re a o kopa hle, e se eka re ke ke ra shwa ka lebaka la monna enwa! O se ke wa re nka re le madi matsohong ka lebaka la ho bolaya monna enwa ya se nang molato ka ha o entse thato ya hao Jehova.” 15  Jwale ba nka Jonase yaba ba mo lahlela ka lewatleng mme lewatle la kokobela. 16  Yaba banna bao ba qala ho tshaba Jehova haholo.+ Ba etsetsa Jehova sehlabelo mme ba ikana hore ba tla mo sebeletsa. 17  Jwale Jehova a romela tlhapi e kgolo hore e kwenye Jonase. Jonase a qeta matsatsi a mararo le masiu a mararo a le ka mpeng ya tlhapi.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Leeba.”
Ka Seheberu: “tshaba.”