Jonase 3:1-10

  • Jonase o mamela Jehova mme o ya Ninive (1-4)

  • Baninive ba a baka ha ba utlwa molaetsa wa Jonase (5-9)

  • Modimo o etsa qeto ya hore a ke ke a fedisa motse wa Ninive (10)

3  Jonase a utlwa Jehova ka lekgetlo la bobedi a re:+  “Ema, o ye Ninive+ motseng o moholo mme o phatlalatse molaetsa oo ke o bolellang wona.”  Jonase a ema mme a ya Ninive+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse.+ Jwale Ninive e ne e le motse o moholo,* o ka tsamauwang ka maoto matsatsi a mararo.  Ka hoo, Jonase a kena motseng. Eitse ha a se a tsamaile sebaka se ka etsang letsatsi le le leng, a phatlalatsa a re: “Ho setse matsatsi a 40 feela, Ninive e tla fediswa.”  Batho ba Ninive ba ile ba dumela ho Modimo+ yaba ba phatlalatsa hore ho itingwe dijo mme ho aparwe lesela le hwashang,* ho tloha ho e moholo ho ya ho e monyenyane.  Ha morena wa Ninive a utlwa molaetsa, a ema teroneng ya hae mme a hlobola seaparo sa hae sa borena yaba o apara lesela le hwashang* mme o dula fatshe moloreng.  Ho feta moo, a laela hore motseng wohle wa Ninive ho phatlalatswe ho thwe: “Ho ya ka taelo ya morena le matona a hae, ha ho motho ya lokelang ho ja dijo kapa ho nwa metsi. Hape ha ho mohlape kapa diphoofolo tse lokelang ho ja dijo kapa ho nwa metsi.  Batho le diphoofolo ba ke ba apare lesela le hwashang.* Bohle ba ke ba ipiletse ho Modimo mme ba tlohele diketso tsa bona tse kgopo le ho lwana.  Ho tseba mang? Mohlomong Modimo wa nnete a ka hauha mme a kokobela bohale hore re se ke ra shwa.” 10  Ha Modimo wa nnete a bona seo ba se entseng le hore ba tlohetse diketso tsa bona tse kgopo,+ ha a ka a ba fedisa jwalo ka ha a ne a boletse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “motse o moholo ho Modimo.”