Jonase 4:1-11

  • Jonase o halefile ebile o batla ho shwa (1-3)

  • Jehova o ruta Jonase ho ba mohau (4-11)

    • “Na ho nepahetse hore ebe o halefile hakaale?” (4)

    • Semela sa mohope se mo ruta thuto ya bohlokwa (6-10)

4  Empa Jonase ha a ka a thabela taba ena ho hang yaba o a tuka ke bohale.  Ka hoo, a rapela Jehova a re: “Jehova, ke tsebile ke sa le haeso kwana hore ho tla etsahala tjena. Ke ka hoo di sa tloha feela ke ileng ka leka ho balehela Tarshishe+ hobane ke ne ke tseba hore o Modimo ya utlwelang batho bohloko, ya mohau, ya diehang ho halefa, ya lerato+ le ya sa rateng ho fana ka kotlo.  Jwale Jehova, ke kopa o ntlohele ke shwe hobane ho molemo hore ke shwe ho ena le ho phela.”+  Jehova a re: “Na ho nepahetse hore ebe o halefile hakaale?”  Jonase a tswa motseng mme a dula fatshe ka botjhabela ho motse. A iketsetsa lephephe moo yaba o dula tlasa moriti wa lona e le hore a bone hore na ho tla etsahalang ka motse oo.+  Yaba Jehova Modimo o hlahisa semela sa mohope* hore se etse moriti hodima hlooho ya Jonase e le ho mo tshedisa. Jonase o ne a thabetse semela sena haholo.  Empa letsatsing le hlahlamang ha mafube a hlaha, Modimo wa nnete a romela seboko hore se je semela yaba semela seo se a omella.  Eitse hang ha letsatsi le tjhaba, Modimo a boela a etsa hore ho be le moya o tjhesang o hlahang botjhabela mme letsatsi la tjhesa Jonase hodima hlooho hoo a ileng a tsekela. A nna a ikopela ho shwa* mme a re: “Ho molemo hore ke shwe ho ena le hore ke phele.”+  Modimo a re ho Jonase: “Na ho nepahetse hore ebe o halefile hakaale ka lebaka la semela see?”+ Yaba o re: “Ke na le lebaka la ho halefa. Ke halefile hoo nka nnang ka shwa.” 10  Empa Jehova a re: “O utlwetse semela sena bohloko empa o sa ka wa se sebeletsa kapa hona ho etsa hore se hole. Se ile sa hola ka bosiu bo le bong feela, sa ba sa shwa ka bosiu bo le bong. 11  Na le nna ha ke a lokela ho utlwela Ninive motse o moholo bohloko,+ o nang le batho ba fetang 120 000 ba sa tsebeng phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng,* o bileng o nang le diphoofolo tse ngata?”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “semela sa mohlafotha.”
Kapa: “hore moya wa hae o shwe.”
Kapa: “pakeng tsa letsoho la bona le letona le le letshehadi.”