Joshua 10:1-43

  • Baiseraele ba sireletsa Bagibeone (1-7)

  • Jehova o lwanela Baiseraele (8-15)

    • Sefako se otla dira tse balehang (11)

    • Letsatsi le a ema (12-14)

  • Marena a mahlano a hlaselang a a bolawa (16-28)

  • Metse e ka borwa e a hapuwa (29-43)

10  Hang ha Morena Adoni-zedeke wa Jerusalema a utlwa hore Joshua o hapile Ai le hore o e fedisitse, o entse Ai le morena wa yona+ seo a ileng a se etsa Jeriko le morena wa yona+ le hore baahi ba Gibeone ba entse kgotso le Baiseraele+ mme ba dula le bona,  a tshoha haholo+ hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, e tshwana le o mong wa metse ya borena. E ne e le kgolo ho feta Ai+ mme banna bohle ba yona ba ne ba le matla.  Ka hoo, Adoni-zedeke morena wa Jerusalema a romela molaetsa ona ho Hohame morena wa Hebrone,+ ho Pirame morena wa Jarmuthe, ho Jafia morena wa Lakishe le ho Debire morena wa Eglone+ a re:  “Nthuseng re hlasele Gibeone hobane e entse kgotso le Joshua le Baiseraele.”+  Yaba marena a mahlano a Baamore+ e leng morena wa Jerusalema, morena wa Hebrone, morena wa Jarmuthe, morena wa Lakishe le morena wa Eglone, a kopana ha mmoho le masole a ona mme a ya Gibeone ho ya e lwantsha.  Banna ba Gibeone ba romela molaetsa ho Joshua diahelong Gilgale+ ba re: “O se ke wa lahla* makgoba a hao.+ Tloo kapele! Re pholose mme o re thuse! Marena ohle a Baamore a tswang dithabeng a re futuhetse.”  Ka hoo, Joshua a nyoloha a tswa Gilgale a ena le masole ohle le banna bohle ba matla.+  Jehova a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba+ hobane ke nehelane ka bona ho wena.+ Ha ho le ya mong wa bona ya tla o hlola.”+  Joshua le masole a hae ba tsamaya bosiu kaofela ho tloha Gilgale mme ba hlasela dira tsa bona di sa lebella. 10  Jehova a di ferekanya ka pela Baiseraele+ mme ba di bolaya ka bongata Gibeone, ba di lelekisa tseleng e moepa ya Bethe-horone mme ba di bolaya ho ya fihla Azeka le Makeda. 11  Ha dira tsa Baiseraele di ntse di ba baleha mme di le motheong wa Bethe-horone, Jehova a di nesetsa sefako se seholo ho ya fihla Azeka mme tsa shwa. Ha e le hantle, ba bolailweng ke sefako ba ne ba le bangata ho feta bao Baiseraele ba ba bolaileng ka sabole. 12  Jwale, letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a fedisa Baamore ka pela Baiseraele, Joshua o ile a bua le Jehova ka pela Baiseraele a re: “Letsatsi, ema+ hodima Gibeone,+Wena kgwedi, o se ke wa sisinyeha hodima Kgohlo* ya Ajalone!” 13  Ka hoo, letsatsi la ema tsi! le kgwedi ya se ke ya sisinyeha ho fihlela setjhaba se ipheteditse ho dira tsa sona. Na ha ho a ngolwa bukeng ya Jashare?+ Letsatsi la ema bohareng ba lehodimo mme la se ke la potlakela ho dikela hoo e ka bang letsatsi lohle. 14  Ha ho eso ka ho eba le letsatsi le tshwanang le leo, leo ka lona Jehova a ileng a mamela lentswe la motho+ ebang ke pele ho lona kapa ka mora lona hobane Jehova o ne a lwanela Baiseraele.+ 15  Ka mora moo, Joshua le masole ohle a Iseraele ba kgutlela ditenteng tsa bona tse Gilgale.+ 16  Ka nako eo, marena a mahlano a baleha mme a ipata lehaheng Makeda.+ 17  Joshua a bolellwa molaetsa o reng: “Marena a mahlano a fumanwe a ipatile lehaheng Makeda.”+ 18  Joshua a re: “Thetelang majwe a maholo molomong wa lehaha mme le behe banna hore ba a lebele. 19  Empa lona ba bang le se ke la ema. Lelekisang dira tsa lona mme le di hlasele.+ Le se ke la di dumella ho kena metseng ya tsona hobane Jehova Modimo wa lona o nehelane ka tsona matsohong a lona.” 20  Ka mora hore Joshua le Baiseraele ba bolaye dira tsa bona tse ngata, hoo ba batlileng ba ba bolaya kaofela, ntle le ba ileng ba phonyoha mme ba balehela metseng e sireleditsweng ka marako, 21  banna bohle ba kgutlela ho Joshua diahelong tse Makeda ba bolokehile. Ka mora moo, ha ho na motho le ya mong ya ileng a bua* ntho le ha e le efe ho tshosa Baiseraele. 22  Jwale Joshua a re: “Bulang molomo wa lehaha mme le ntshe marena ao a mahlano ka lehaheng le a tlise ho nna.” 23  Ka hoo, ba ntsha marena ana a mahlano ka lehaheng mme ba a tlisa ho yena: morena wa Jerusalema, morena wa Hebrone, morena wa Jarmuthe, morena wa Lakishe le morena wa Eglone.+ 24  Ha ba se ba tlisitse marena ana ho Joshua, a bitsa banna bohle ba Iseraele mme a re ho balaodi ba masole a neng a tsamaile le yena: “Tloong le hate marena ana melaleng.”* Ka hoo, ba atamela mme ba a hata melaleng.+ 25  Yaba Joshua o re ho bona: “Le se ke la tshoha kapa la thothomela.+ Ebang sebete mme le be matla hobane sena ke seo Jehova a tla se etsa ho dira tsohle tsa lona tseo le di lwantshang.”+ 26  Joshua a bolaya marena ao, a a fanyeha dipalong* tse hlano yaba a dula a leketlile dipalong ho fihlela mantsiboya. 27  Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore ba a theole dipalong+ mme ba a lahlele ka lehaheng leo a neng a ipatile ho lona. Jwale ba beha majwe a maholo molomong wa lehaha mme a ntse a le teng ho fihlela letsatsing lena. 28  Joshua a hapa Makeda+ letsatsing leo mme a e lwantsha ka sabole. A bolaya morena wa yona le batho bohle ba dulang ho yona. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang.+ A bolaya morena wa Makeda+ feela jwalo ka ha a ile a bolaya morena wa Jeriko. 29  Joshua le masole ohle a Iseraele ba tloha Makeda ba ya Libna mme ba lwantsha Libna.+ 30  Le yona Jehova o ile a nehelana ka yona le morena wa yona+ matsohong a Baiseraele yaba ba e hlasela ka sabole ha mmoho le motho e mong le e mong ya dulang moo. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang ho yona. Ka hoo, ba bolaya morena wa yona feela jwalo ka ha ba ile ba bolaya morena wa Jeriko.+ 31  Ka mora moo, Joshua le masole ohle a Iseraele ba tloha Libna ba ya Lakishe+ mme ba hloma ditente tsa bona moo yaba ba a e lwantsha. 32  Jehova a nehelana ka Lakishe matsohong a Baiseraele mme ba e hapa letsatsing la bobedi. Ba hlasela yona le motho e mong le e mong ya dulang moo ka sabole+ feela jwalo ka ha ba ne ba entse Libna. 33  Horame morena wa Gezere+ a nyoloha ho ya thusa Lakishe, empa Joshua a mo bolaya le masole a hae ho fihlela ho se na ya setseng. 34  Joshua le masole ohle a Iseraele ba tloha Lakishe ba ya Eglone+ mme ba hloma ditente tsa bona moo yaba ba a e lwantsha. 35  Ba e hapa letsatsing leo mme ba e hlasela ka sabole. Ba fedisa motho e mong le e mong ya dulang moo letsatsing leo feela jwalo ka ha ba ne ba entse Lakishe.+ 36  Joshua le masole ohle a Iseraele ba nyoloha ho tloha Eglone ho ya Hebrone+ mme ba e lwantsha. 37  Ba e hapa mme ba hlasela morena wa yona, metse ya yona le motho e mong le e mong ya dulang moo ka sabole. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang. A e fedisa ha mmoho le batho bohle ba dulang ho yona feela jwalo ka ha a ne a entse Eglone. 38  Qetellong Joshua le masole ohle a Iseraele ba kgutlela Debire+ mme ba e lwantsha. 39  A e hapa le morena wa yona le metse yohle ya yona mme ba ba hlasela ka sabole, ba bolaya+ motho e mong le e mong ya dulang moo. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang.+ Ntho eo Joshua a ileng a e etsa Hebrone le Libna le morena wa yona, o ile a e etsa ho Debire le ho morena wa yona. 40  Joshua a hlola dibaka tsohle tse dithabeng, Negebe, Shefela+ le dibaka tse moepeng le marena ohle a tsona. Ha ho a ka ha eba le motho ya phonyohang. A fedisa batho bohle+ feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa Iseraele a ne a laetse.+ 41  Joshua a ba hlola ho tloha Kadeshe-barnea+ ho ya Gaza+ le naheng yohle ya Goshene+ le ho ya fihla Gibeone.+ 42  Joshua a hlola marena ana ohle mme a hapa naha ya ona kaofela ka nako e le nngwe hobane ke Jehova Modimo wa Iseraele ya neng a lwanela Baiseraele.+ 43  Ka mora moo, Joshua le masole ohle a Iseraele ba kgutlela ditenteng tsa bona tse Gilgale.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dumella letsoho la hao hore le phomole bakeng sa.”
Kapa: “Phula.”
Ka Seheberu: “a leotsa leleme la hae.”
E leng ka sekotlong.
Kapa: “difateng.”