Joshua 11:1-23

  • Metse e ka leboya e a hapuwa (1-15)

  • Kakaretso ya dintwa tseo Joshua a di hlotseng (16-23)

11  Hang ha Jabine morena wa Hazore a utlwa ditaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe morena wa Madone,+ ho morena wa Shimrone, ho morena wa Akshafe+  le ho marena a neng a le dithabeng tse ka leboya, a dithoteng* tse ka borwa ho Kinerethe, a Shefela le moepeng wa Dore+ ho ya ka bophirimela.  A o romela le ho Bakanana+ ba leng ka botjhabela le ka bophirimela, Baamore,+ Bahethe, Bapereze, Bajebuse ba dithabeng le Baheve+ botlaseng ba Hermone+ naheng ya Mizpa.  Marena ao ohle a tloha le masole ohle a ona, a le mangata jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle ha mmoho le dipere tse ngata haholo le dikariki tsa ntwa.  Marena ana ohle a dumellana hore a kopane yaba a a tla mme a hloma ditente metsing a Merome ho lwantsha Baiseraele.  Jehova a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba+ hobane hosane hoo e ka bang ka nako ena, ke tla nehelana ka bona kaofela ho Baiseraele hore ba ba bolaye. O kgaole dipere tsa bona mesifa+ mme o tjhese dikariki tsa bona mollong.”  Joshua ha mmoho le masole ohle ba ba hlasela ba sa lebella metsing a Merome.  Jehova a nehelana ka bona matsohong a Baiseraele+ mme ba ba hlola le ho ba lelekisa ho ya fihla Sidone e Kgolo+ le Misrefothe-maime+ le Kgohlo ya Mizpe ho ya ka botjhabela mme ba ba bolaya ho fihlela ba shwele kaofela.+  Ka mora moo, Joshua a etsa seo Jehova a neng a itse a se etse ho bona. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona mme a tjhesa dikariki tsa bona tsa ntwa mollong.+ 10  Ho feta moo, Joshua a kgutla mme a hapa Hazore yaba o bolaya morena wa yona ka sabole+ hobane pele ho moo Hazore e ne e le hlooho ya mebuso ena yohle. 11  Ba bolaya batho bohle ba dulang moo ka sabole, ba ba fedisa.+ Ba ile ba ba bolaya kaofela.+ Yaba ba tjhesa Hazore ka mollo. 12  Joshua a hapa metse yohle ya marena ana mme a hlola marena ohle a yona ka sabole.+ A a fedisa+ feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ne a laetse. 13  Le ha ho le jwalo, Baiseraele ha ba a ka ba tjhesa metse le ha e le efe e neng e le hodima maralla a manyenyane. Ke Hazore feela eo Joshua a ileng a e tjhesa. 14  Baiseraele ba ile ba inkela thepa yohle ya metse ena le diphoofolo tsa yona.+ Empa ba ile ba bolaya batho bohle ka sabole ho fihlela ba ba fedisitse kaofela.+ Ha ho na motho eo ba ileng ba mo siya a phela.+ 15  Feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse mohlanka wa hae Moshe yaba Moshe le yena o laela Joshua,+ Joshua a etsa jwalo. O ile a etsa ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a e laetse Moshe.+ 16  Joshua a hapa naha ena yohle, sebaka se dithaba, Negebe yohle,+ naha yohle ya Goshene, Shefela,+ Araba+ le sebaka se dithaba sa Iseraele le Shefela ya yona.* 17  A hapa marena ohle a yona ho tloha Thabeng ya Halake, e nyolohelang Seire le ho ya fihla Baale-gade+ Kgohlong ya Lebanone botlaseng ba Thaba ya Hermone.+ A a hlola le ho a bolaya. 18  Joshua a lwana le marena ana ohle ka nako e telele. 19  Ha ho na motse o ileng wa etsa kgotso le Baiseraele ntle le Baheve ba dulang Gibeone.+ Ba ile ba hlola metse e meng yohle ka ho e lwantsha.+ 20  Jehova ke yena ya ileng a etsa hore ba be manganga+ mme ba lwantshe Baiseraele e le hore a ba fedise mme a se ke a ba hauhela.+ Ba ne ba lokela ho fediswa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 21  Ka nako eo, Joshua a fedisa Baanake+ sebakeng se dithaba ho tloha Hebrone, Debire, Anabe, dithabeng tsohle tsa Juda le dithabeng tsohle tsa Iseraele. Joshua a ba fedisa ha mmoho le metse ya bona.+ 22  Ha ho na Baanake ba ileng ba sala naheng ya Baiseraele. Ba ile ba sala+ Gaza,+ Gathe+ le Ashdode+ feela. 23  Ka hoo, Joshua a hapa naha yohle feela jwalo ka ha Jehova a ne a tshepisitse Moshe+ mme Joshua a fana ka yona e le lefa ho Baiseraele ka dikarolo tsa yona hore ba e arolelwe ho ya ka maloko a bona.+ Yaba dintwa di a fela naheng eo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Araba.”
Kapa: “maralla a yona.”