Joshua 12:1-24

  • Marena a hlotsweng a ka botjhabela ho Jordane (1-6)

  • Marena a hlotsweng a ka bophirimela ho Jordane (7-24)

12  Ana ke marena a naha ao Baiseraele ba ileng ba a hlola, ao ba ileng ba nka naha ya ona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane ho tloha Kgohlong ya Arnone+ ho fihlela Thabeng ya Hermone+ le Araba yohle ka botjhabela:+  Morena Sihone+ wa Baamore, ya neng a dula Heshbone o ne a busa motse wa Aroere,+ o neng o le lebopong la Kgohlo ya Arnone.+ Sebaka sohle ho tloha bohareng ba Kgohlo ya Arnone ho ya fihla Kgohlong ya Jaboke se ne se buswa ke yena. O ne a busa halofo ya Gileade. Kgohlo* ya Jaboke e ne e boetse e le moedi wa Baamone.  O ne a boetse a busa lehlakore le ka botjhabela la Araba ho ya fihla Lewatleng la Kinerethe*+ le ho ya fihla Lewatleng la Araba e leng Lewatle la Letswai,* ho ya ka botjhabela ba Bethe-jeshimothe le ka borwa tlasa moepa wa Pisga.+  Le naha ya Morena Oge+ wa Bashane, eo e neng e le wa ho qetela ho Barefaime+ le ya neng a dula Ashtarothe le Edrei  mme a busa Thabeng ya Hermone le Salka le Bashane yohle,+ ho ya fihla moeding wa Bageshure le Bamakathe+ le halofo ya Gileade, ho ya naheng ya Morena Sihone wa Heshbone.+  Moshe mohlanka wa Jehova le Baiseraele ba ile ba hlola marena ana+ yaba ka mora moo Moshe mohlanka wa Jehova o fana ka naha ya ona e le lefa ho Barubene, Bagade le ho halofo ya leloko la Manase.+  Ana ke marena a naha ao Joshua le Baiseraele ba ileng ba a hlola lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane ho tloha Baale-gade+ Kgohlong ya Lebanone+ ho ya fihla Thabeng ya Halake,+ e nyolohelang Seire+ yaba Joshua o fana ka naha ya ona ho maloko a Iseraele e le lefa ka dikarolo tsa yona.+  Dinaha tsena di ne di akarelletsa tse sebakeng se dithaba, Shefela, Araba, meepeng, lefeelleng le Negebe+ e leng naha ya Bahethe, Baamore,+ Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse:+   Morena wa Jeriko,+ morena wa Ai+ e neng e le ka thoko ho Bethele, 10  morena wa Jerusalema, morena wa Hebrone,+ 11  morena wa Jarmuthe, morena wa Lakishe, 12  morena wa Eglone, morena wa Gezere,+ 13  morena wa Debire,+ morena wa Gedere, 14  morena wa Horma, morena wa Arade, 15  morena wa Libna,+ morena wa Adulame, 16  morena wa Makeda,+ morena wa Bethele,+ 17  morena wa Tapua, morena wa Hefere, 18  morena wa Afeke, morena wa Lasharone, 19  morena wa Madone, morena wa Hazore,+ 20  morena wa Shimrone-merone, morena wa Akshafe, 21  morena wa Tanake, morena wa Megido, 22  morena wa Kedeshe, morena wa Jokneame+ e Karmele, 23  morena wa Dore moepeng wa Dore,+ morena wa Goime e Gilgale, 24  morena wa Tirza, kaofela e le marena a 31.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng Lewatle le Shweleng.
E leng letsha la Genesarete kapa Lewatle la Galilea.