Joshua 13:1-33

  • Naha e lokelang ho hapuwa (1-7)

  • Naha e ka botjhabela ho Jordane e a arolwa (8-14)

  • Lefa la Rubene (15-23)

  • Lefa la Gade (24-28)

  • Lefa la Manase ka botjhabela (29-32)

  • Jehova ke lefa la Balevi (33)

13  Joshua o ne a se a tsofetse mme dilemo tsa hae di se di ile.+ Ka hoo, Jehova a re ho yena: “O se o tsofetse le dilemo tsa hao di se di ile empa ho sa na le karolo e kgolo ya naha e lokelang ho haptjwa.  Ena ke naha e ntseng e setse:+ Dibaka tsohle tsa Bafilista le Bageshure bohle+  (ho tloha lekaleng la Nile* le ka botjhabela ho* Egepeta ho fihlela ka leboya moeding wa Ekrone, e neng e nkwa e le sebaka sa Bakanana)+ ho kopanyelletsa le dibaka tsa marena a mahlano a Bafilista+ e leng tsa Bagaza, Baashdode,+ Baashkelone,+ Bagathe+ le Baekrone+ le tsa Baavime+  ho ya ka borwa le naha yohle ya Bakanana le Meara ya Basidone+ ho ya fihla Afeke, ho fihlela moeding wa Baamore  le naha ya Bagebale+ le Lebanone yohle ka botjhabela, ho tloha Baale-gade botlaseng ba Thaba ya Hermone ho ya Lebo-hamathe*+  baahi bohle ba sebaka se dithaba ho tloha Lebanone+ ho ya Misrefothe-maime+ le Basidone bohle.+ Ke tla ba leleka ka pela Baiseraele.+ Ntho feela eo o lokelang ho e etsa ke ho abela Baiseraele naha eo e le lefa feela jwalo ka ha ke o laetse.+  Jwale o arolele maloko a robong le halofo ya leloko la Manase naha ena e le lefa.”+  Barubene le Bagade ha mmoho le halofo e nngwe ya leloko la Manase, ba ile ba nka lefa la bona leo Moshe a ileng a ba fa lona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ba file lona:+  Ho tloha Aroere+ e lebopong la Kgohlo ya Arnone+ le motse o ka hara kgohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba ho ya fihla Dibone 10  le metse yohle ya Morena Sihone wa Baamore ya neng a busa Heshbone, ho fihlela moeding wa Baamone+ 11  le Gileade le naha ya Bageshure le Bamakathe+ le Thaba yohle ya Hermone le Bashane yohle+ ho ya fihla Salka,+ 12  sebaka sohle sa Bashane se buswang ke Oge ya neng a busa Ashtarothe le Edrei. (E ne e le wa ho qetela ho Barefaime.)+ Moshe o ile a hlola baahi ba dibaka tsena mme a ba leleka.+ 13  Empa Baiseraele ha ba a ka ba leleka+ Bageshure le Bamakathe hobane Bageshure le Bamakathe ba ntse ba dula hara Baiseraele ho fihlela letsatsing lena. 14  Ke leloko la Balevi feela leo a sa kang a le fa lefa.+ Dinyehelo tse tjhesetswang Jehova Modimo wa Iseraele ke lefa la bona+ feela jwalo ka ha a ba tshepisitse.+ 15  Jwale Moshe a fa leloko la Barubene lefa ho ya ka malapa a lona 16  mme naha ya bona e ne e tloha Aroere, e lebopong la Kgohlo ya Arnone le motse o ka hara kgohlo le sebaka sohle se phahameng* sa Medeba 17  le Heshbone le metseng yohle ya yona+ e sebakeng se phahameng, Dibone, Bamothe-baale, Bethe-baale-meone,+ 18  Jahaze,+ Kedemothe,+ Mefathe,+ 19  Kiriathaime, Sibma+ le Zerethe-shahare thabeng ya kgohlo,* 20  Bethe-peore, moepeng wa Pisga,+ Bethe-jeshimothe,+ 21  metseng yohle e sebakeng se phahameng le sebakeng sohle se buswang ke Morena Sihone wa Baamore ya neng a busa Heshbone.+ Moshe o ile a mo hlola+ a ba a hlola le dikgosana tsa Midiane e leng Evi, Rekeme, Zure, Hure le Reba+ ba neng ba buswa* ke Sihone mme ba dula naheng eo. 22  Balame+ mora wa Beore, senohe,+ ke e mong wa batho bao Baiseraele ba ileng ba ba bolaya ka sabole. 23  Moedi wa Barubene e ne e le Jordane. Naha ena e ne e le lefa la Barubene ka malapa a bona ha mmoho le metse le metsana ya yona. 24  Ho feta moo, Moshe o ne a file leloko la Gade lefa ho ya ka malapa a lona. 25  Naha ya bona e ne e akarelletsa Jazere+ le metse yohle ya Gileade le halofo ya naha ya Baamone+ ho ya fihla Aroere e shebaneng le Raba+ 26  le ho tloha Heshbone+ ho ya Ramathe-mizpe le Betonime le ho tloha Mahanaime+ ho ya moeding wa Debire 27  le kgohlong,* Bethe-harame, Bethe-nimra,+ Sukothe+ le Zafone e leng tse ding tsa dibaka tse buswang ke Morena Sihone wa Heshbone,+ Jordane e le moedi ho tloha lebopong la Lewatle la Kinerethe*+ ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane. 28  Lena e ne e le lefa la Bagade ka malapa a bona ha mmoho le metse le metsana ya yona. 29  Ho ekelletsa moo, Moshe a fa halofo ya leloko la Manase lefa ho ya ka malapa a bona.+ 30  Naha ya bona e ne e tloha Mahanaime+ mme e akarelletsa Bashane yohle, sebaka sohle se buswang ke Morena Oge wa Bashane le metse yohle ya ditente ya Jaire+ e Bashane, metse e 60. 31  Halofo ya Gileade le Ashtarothe le Edrei,+ metse e buswang ke Oge e Bashane, ya ya ho bara ba Makire+ mora wa Manase, ho halofo ya bara ba Makire ka malapa a bona. 32  Ana ke mafa ao Moshe a ileng a ba fa ona lehwatateng la Moabe ka nqane ho Jordane, ka botjhabela ho Jeriko.+ 33  Empa Moshe ha a ka a fa leloko la Balevi lefa.+ Jehova Modimo wa Iseraele ke lefa la bona feela jwalo ka ha a ba tshepisitse.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ho tloha Shihore.”
Ka Seheberu: “ka pela.”
Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “phula.”
E leng marena a neng a le tlasa Sihone.
E leng letsha la Genesarete kapa Lewatle la Galilea.
Kapa: “phuleng.”