Joshua 14:1-15

  • Naha e ka bophirimela ho Jordane e a arolwa (1-5)

  • Kalebe o fuwa Hebrone e le lefa (6-15)

14  Sena ke seo Baiseraele ba ileng ba se nka e le lefa naheng ya Kanana, eo moprista Eleazare le Joshua mora wa Nune le dihlooho tsa matlo a bontate ba maloko a Baiseraele ba ileng ba ba fa yona e le lefa.+  Lefa la bona le ile la ajwa ka lotho+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse a sebedisa Moshe bakeng sa maloko a robong le halofo.+  Moshe o ne a file maloko a mang a mabedi le halofo lefa la bona ka lehlakoreng le leng* la Jordane+ mme ha a ka a fa Balevi lefa.+  Ditloholo tsa Josefa e ne e le maloko a mabedi,+ Manase le Efraime+ mme ha ba a ka ba fa Balevi karolo naheng, haese metse+ hore ba dule ho yona le makgulo a bona bakeng sa diphoofolo tsa bona le thepa ya bona.+  Ka hoo, Baiseraele ba arola naha feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.  Jwale banna ba Juda ba atamela Joshua Gilgale+ mme Kalebe+ mora wa Jefune Mokenize a re ho yena: “O tseba hantle seo Jehova a se boleletseng+ Moshe mohlanka wa Modimo wa nnete+ mabapi le nna le wena Kadeshe-barnea.+  Ke ne ke le dilemo di 40 ha Moshe mohlanka wa Jehova a nthoma ho tswa Kadeshe-barnea ho ya hlwela* naha.+ Ha ke kgutla ke ile ka mo bolella ntho e nngwe le e nngwe eo ke e boneng.+  Le hoja bana beso ba ileng ba nyoloha le nna ba ile ba nyahamisa* setjhaba, nna ke ile ka latela Jehova Modimo ka pelo yohle.*+  Moshe o ile a hlapanya letsatsing leo a re: ‘Naha eo leoto la hao le tsamaileng hodima yona e tla ba lefa le tla dula le le teng bakeng sa hao le bara ba hao hobane o latetse Jehova Modimo wa ka ka pelo yohle.’+ 10  Jehova o phethile tshepiso ya hae+ ka ho mpoloka ke phela+ ka dilemo tsena tse 45, ho tloha ha Jehova a etsa tshepiso ena ho Moshe ha Baiseraele ba ntse ba tsamaya lefeelleng.+ Le kajeno ke ntse ke le teng mme ke dilemo di 85. 11  Kajeno ke matla jwalo ka letsatsing leo Moshe a ileng a nthoma ka lona. Ke ntse ke ena le matla jwalo ka mehleng eo, matla a ho lwana le a ho etsa dintho tse ding. 12  Ka hoo, mphe sebaka sena se dithaba seo Jehova a ileng a ntshepisa sona letsatsing leo. Le hoja o ile wa utlwa letsatsing leo hore ho ne ho ena le Baanake+ moo le metse e meholo e sireleditsweng ka marako,+ ka sebele* Jehova o tla ba le nna+ mme ke tla ba leleka feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse.”+ 13  Ka hoo, Joshua a mo hlohonolofatsa mme a fa Kalebe mora wa Jefune sebaka sa Hebrone e le lefa.+ 14  Ke ka lebaka leo Hebrone e leng lefa la Kalebe mora wa Jefune Mokenize ho fihlela letsatsing lena hobane o ile a latela Jehova Modimo wa Iseraele ka pelo yohle.+ 15  Lebitso la Hebrone pele ho moo e ne e le Kiriathe-arba+ (Arba e ne e le monna ya tsebahalang hara Baanake). Yaba dintwa di a fela naheng eo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “ba entse hore dipelo tsa setjhaba di nyahame.”
Ka Seheberu: “ka ho feletseng.”
Kapa: “ke tshepa hore.”