Joshua 17:1-18

  • Manase o fuwa lefa le ka bophirimela (1-13)

  • Ditloholo tsa Josefa di fuwa naha e nngwe (14-18)

17  Jwale lotho+ ya lahlwa bakeng sa leloko la Manase+ hobane e ne e le letsibolo la Josefa.+ Ka ha letsibolo la Manase e leng Makire,+ ntate wa Gileade e ne e le monna wa ntwa, o ile a fuwa Gileade le Bashane.+  Ha lahlwa lotho bakeng sa ditloholo tse ding tsohle tsa Manase ho ya ka malapa a tsona, bakeng sa bara ba Abi-ezere,+ bara ba Heleke, bara ba Asriele, bara ba Shikeme, bara ba Hefere le bara ba Shemida. Tsena e ne e le ditloholo tsa Manase mora wa Josefa, ba batona ho ya ka malapa a tsona.+  Empa Zelofehade+ mora wa Hefere, mora wa Gileade, mora wa Makire, mora wa Manase, o ne a se na bara a ena le baradi feela mme ana ke mabitso a baradi ba hae: Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza.  Ka hoo, ba itlhahisa ka pela moprista Eleazare,+ ka pela Joshua mora wa Nune le ka pela dikgosana ba re: “Ke Jehova ya ileng a laela Moshe ho re fa lefa hara bana ba bo rona.”+ Ka hoo, o ile a ba fa lefa hara bana ba bo ntate ba bona ka taelo ya Jehova.+  Manase a boela a fuwa dikarolo tse ding tse leshome tsa naha, ntle le naha ya Gileade le Bashane, tse neng di le ka lehlakoreng le leng* la Jordane+  hobane baradi ba Manase ba ile ba fuwa lefa ha mmoho le bara ba hae mme naha ya Gileade ya eba thepa ya ditloholo tse ding tsohle tsa Manase.  Moedi wa Manase o ne o tloha Ashere o ya Mikmethathe,+ e shebaneng le Shikeme+ mme o leba ka borwa* naheng ya baahi ba Ene-Tapua.  Naha ya Tapua+ e ne e le ya Manase empa motse wa Tapua o moeding wa Manase e ne e le wa ditloholo tsa Efraime.  Moedi o ne o theohela Kgohlong ya Kana, ka borwa ho kgohlo. Ho ne ho ena le metse ya Efraime hara metse ya Manase+ mme moedi wa Manase o ne o le ka leboya ho kgohlo mme o fella lewatleng.+ 10  Karolo e ka borwa e ne e le ya Efraime, e ka leboya e le ya Manase mme moedi wa hae o ne o fella lewatleng.+ Ka leboya naha ya Manase* e ne e fihla Ashere, ka botjhabela e fihla Isakare. 11  Naheng ya Isakare le ya Ashere, Manase o ile a fuwa Bethe-sheane le metse e haufi* le yona, Ibleame+ le metse e haufi le yona, baahi ba Dore+ le metse e haufi le yona, baahi ba Ene-dore+ le metse e haufi le yona, baahi ba Tanake+ le metse e haufi le yona le baahi ba Megido le metse e haufi le yona. Dibaka tse tharo tse maralla e ne e le tsa hae. 12  Empa ditloholo tsa Manase ha di a ka tsa kgona ho leleka baahi ba metse ena. Bakanana ba ile ba eba manganga mme ba hana ho tloha naheng ena.+ 13  Ha Baiseraele ba eba matla, ba ile ba fa Bakanana mosebetsi o boima*+ empa ha ba a ka ba ba leleka ka ho felletseng.+ 14  Ditloholo tsa Josefa tsa re ho Joshua: “Ke hobaneng ha o re file* lefa ka lotho e le nngwe+ le karolo e le nngwe feela ya naha? Re setjhaba se sengata hobane Jehova o re hlohonolofaditse ho fihlela jwale.”+ 15  Joshua a ba araba a re: “Haeba le setjhaba se sengata, nyolohelang morung mme le itlosetse difate naheng ya Bapereze+ le Barefaime+ ka ha sebaka se dithaba sa Efraime+ se senyenyane haholo bakeng sa lona.” 16  Jwale ditloholo tsa Josefa tsa re: “Sebaka se dithaba ha se re lekane mme Bakanana bohle ba dulang naheng ya kgohlo* ba leng Bethe-sheane+ le metseng e haufi* le yona le ba leng Kgohlong* ya Jezriele,+ ba na le dikariki tsa ntwa+ tse nang le mahare a tshepe.” 17  Ka hoo, Joshua a bolella ditloholo tsa Josefa e leng leloko la Efraime le la Manase sena: “Le setjhaba se sengata mme le na le matla a maholo. Le ke ke la fumana lotho e le nngwe feela+ 18  empa sebaka se dithaba le sona e tla ba sa lona.+ Le hoja e le moru, le tla tlosa difate tsa wona mme e tla ba moo naha ya lona e fellang teng. Hobane le tla leleka Bakanana le hoja ba le matla mme ba ena le dikariki tsa ntwa tse nang le mahare a tshepe.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.
Ka Seheberu: “ka ho le letona.”
E leng setjhaba sa Manase.
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”
Ka Seheberu: “ha o mphile.”
Kapa: “phula.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “Phuleng.”