Joshua 18:1-28

  • Naha e setseng e arolwa Shilo (1-10)

  • Lefa la Benjamine (11-28)

18  Setjhaba sohle sa Baiseraele sa phuthehela Shilo+ mme sa hloma tente ya pokano moo+ ka ha jwale se ne se hapile naha.+  Empa ho ne ho ntse ho ena le maloko a supileng a Baiseraele a neng a eso ka a fuwa lefa la ona.  Ka hoo, Joshua a re ho Baiseraele: “Le tla dieha halelele hakae ho ya nka naha eo Jehova Modimo wa baholoholo ba lona a le fileng yona?+  Mpheng banna ba bararo ho tswa lelokong ka leng hore ke ba rome. Ba lokela ho tsamaya naheng yohle mme ba etse mmapa wa yona ho ya ka lefa la bona. Ka mora moo, ba kgutlele ho nna.  Ba tla e arola hara bona ka dikarolo tse supileng.+ Juda o tla nne a dule sebakeng sa hae se ka borwa+ mme ntlo ya Josefa e tla nne e be sebakeng sa yona se ka leboya.+  Ha e le lona, etsang mmapa wa naha, le e arole ka dikarolo tse supileng ebe le di tlisa ho nna mme ke tla lahla lotho+ mona bakeng sa lona ka pela Jehova Modimo wa rona.  Empa Balevi ba ke ke ba fuwa lefa hara lona+ hobane lefa la bona ke ho sebeletsa e le baprista ba Jehova+ mme Gade, Rubene le halofo ya leloko la Manase+ ba se ba nkile lefa la bona ka lehlakoreng le ka botjhabela ho Jordane, leo Moshe mohlanka wa Jehova a ba fileng lona.”  Banna bao ba neng ba yo etsa mmapa wa naha, ba itokisetsa ho tsamaya mme Joshua a ba laela a re: “Eyang mme le tsamaye hara naha eo, le etse mmapa wa yona ebe le kgutlela ho nna. Jwale ke tla lahla lotho mona Shilo+ ka pela Jehova bakeng sa lona.”  Jwale banna bao ba tsamaya hara naha eo, ba etsa mmapa o arolang naha ka dikarolo tse supileng ho ya ka metse ya yona mme ba o ngola bukeng. Ka mora moo, ba kgutlela Shilo ho Joshua. 10  Yaba Joshua o lahla lotho bakeng sa bona Shilo ka pela Jehova.+ Joshua a arolela Baiseraele naha moo ka dikarolo tsa bona.+ 11  Lotho ya leloko la Benjamine ka malapa a bona ya hlaha mme sebaka sa lotho ya bona se ne se le pakeng tsa batho ba Juda+ le batho ba Josefa.+ 12  Ka lehlakoreng le ka leboya, moedi wa bona o ne o qala Jordane, o nyolohela moepeng wa Jeriko+ ka leboya mme o nyolohela thabeng ka bophirimela, o fihla lefeelleng la Bethe-avene.+ 13  Moedi o ne o tloha moo o fetela Luze, moepeng o ka borwa wa Luze e leng Bethele.+ O ne o theohela Atarothe-adare+ hodima thaba e ka leboya ho Bethe-horone e ka Tlase.+ 14  Moedi wa tshwauwa ka lehlakoreng le ka bophirimela mme wa potoloha ho ya ka borwa ho tloha thabeng e shebileng Bethe-horone ho ya ka borwa. O ne o fella Kiriathe-baale e leng Kiriathe-jearime,+ motse wa Juda. Lena ke lehlakore le ka bophirimela. 15  Lehlakore le ka borwa le ne le le ho tloha qetellong ya Kiriathe-jearime mme moedi o ne o fihla ka bophirimela o leba sedibeng sa metsi sa Neftowa.+ 16  Moedi o ne o theohela qetellong ya thaba e shebileng Kgohlo ya Mora wa Hinome+ e leng Kgohlong* ya Barefaime+ ho ya ka leboya, o theohela Kgohlong ya Hinome, ho ya moepeng wa Bajebuse+ ka borwa hape o theohela Ene-rogele.+ 17  O ile wa tshwauwa ka leboya ho ya fihla Ene-shemeshe mme wa fetela Gelilothe e leng ka pela moepa wa Adumime,+ wa theohela lejweng+ la Bohane+ mora wa Rubene. 18  O ne o fetela moepeng o ka leboya ka pela Araba mme o theohela Araba. 19  Moedi o ne o fetela moepeng o ka leboya wa Bethe-hogla+ mme o fella lebopong* le ka leboya la Lewatle la Letswai*+ qetellong e ka borwa ya Jordane. Ona e ne e le moedi o ka borwa. 20  Jordane e ne e le moedi o ka lehlakoreng le ka botjhabela. Lena e ne e le lefa la ditloholo tsa Benjamine ho ya ka malapa a bona, ho ya ka meedi e neng e le ka mahlakoreng ohle a lefa la bona. 21  Metse ya leloko la Benjamine ho ya ka malapa a bona e ne e le: Jeriko, Bethe-hogla, Emeke-kezize, 22  Bethe-araba,+ Zemaraime, Bethele,+ 23  Avime, Para, Ofra, 24  Kefare-amoni, Ofni, Geba,+ e le metse e 12 le metsana ya yona. 25  Gibeone,+ Rama, Beerothe, 26  Mizpe, Kefira, Moza, 27  Rekeme, Irepiele, Tarala, 28  Zela,+ Ha-elefe, Jebusi e leng Jerusalema,+ Gibea+ le Kiriathe, e le metse e 14 le metsana ya yona. Lena e ne e le lefa la ditloholo tsa Benjamine ho ya ka malapa a tsona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “koung.”
E leng Lewatle le Shweleng.