Joshua 19:1-51

  • Lefa la Simeone (1-9)

  • Lefa la Zabulone (10-16)

  • Lefa la Isakare (17-23)

  • Lefa la Ashere (24-31)

  • Lefa la Nefthali (32-39)

  • Lefa la Dane (40-48)

  • Lefa la Joshua (49-51)

19  Lotho ya bobedi+ ya tswa bakeng sa Simeone,+ bakeng sa leloko la Simeone ka malapa a lona. Lefa la lona le ne le le hara lefa la Juda.+  Lefa la lona e ne e le Beersheba+ ha mmoho le Sheba, Molada,+  Hazare-shuale,+ Bala, Ezeme,+  Eltolade,+ Bethule, Horma,  Ziklage,+ Bethe-markabothe, Hazare-susa,  Bethe-lebaothe+ le Sharuhene e le metse e 13 le metsana ya yona.  Aine, Rimone, Ethere le Ashane+ e le metse e mene le metsana ya yona  le metsana yohle e neng e potapotile metse ena ho ya fihla Baalathe-beere, eo hape e bitswang Rama e ka borwa. Lena e ne e le lefa la leloko la Simeone ho ya ka malapa a lona.  Lefa la ditloholo tsa Simeone le ne le tswa karolong ya naha e neng e fuwe Juda hobane karolo ya Juda e ne e le kgolo haholo bakeng sa tsona. Ka hoo, ditloholo tsa Simeone tsa fumana sebaka hara lefa la tsona.+ 10  Ka mora moo, lotho ya boraro+ ya hlaha bakeng sa ditloholo tsa Zabulone+ ho ya ka malapa a tsona mme moedi wa lefa la tsona o ne o fihla Saride. 11  Moedi wa tsona o ne o nyolohela ka bophirimela ho ya Mareala mme o fihla Dabeshethe o ya kgohlong* e ka pela Jokneame. 12  O ne o tloha Saride ka botjhabela, o ya moeding wa Kislothe-tabore mme o fihla Dabrathe+ ebe o nyolohela Jafia. 13  Ho tloha moo o ne o fetela ka botjhabela ho ya Gathe-hefere,+ o ya Ethe-kazine mme o fetela Rimone ho ya fihla Nea. 14  Moedi o ne o e potoloha ka leboya ho ya Hanathone mme o fella Kgohlong ya Ifta-ele 15  le Katathe, Nahalale, Shimrone,+ Idala le Bethlehema+ e le metse e 12 le metsana ya yona. 16  Lena e ne e le lefa la ditloholo tsa Zabulone ho ya ka malapa a tsona.+ Ena e ne e le metse le metsana ya yona. 17  Lotho ya bone+ ya tswa bakeng sa Isakare,+ bakeng sa ditloholo tsa Isakare ho ya ka malapa a tsona. 18  Moedi wa bona e ne e le Jezriele,+ Kesulothe, Shuneme,+ 19  Hafaraime, Shione, Anaharathe, 20  Rabithe, Kishione, Ebeze, 21  Remethe, Ene-ganime,+ Ene-hada le Bethe-pazeze. 22  Moedi o ne o fihla Tabore+ le Shahazuma le Bethe-shemeshe mme o ne o fella Jordane e le metse e 16 le metsana ya yona. 23  Lena e ne e le lefa la leloko la Isakare ho ya ka malapa a lona,+ metse le metsana ya yona. 24  Lotho ya bohlano+ ya tswa bakeng sa leloko la Ashere+ ho ya ka malapa a lona. 25  Moedi wa lona e ne e le Helkathe,+ Hali, Betene, Akshafe, 26  Alameleke, Amade le Mishale. O ne o fihla ka bophirimela ho ya Karmele+ le ho ya Shihore-libnathe 27  mme o ne o kgutlela morao ka botjhabela ho ya Bethe-dagone, o fihla Zabulone le Kgohlong ya Ifta-ele ho ya ka leboya, o ya Bethe-emeke le Nejele hape o ne o fihla Kabule ka ho le letshehadi 28  le ho ya Ebrone, Rehobe, Hamone le Kana ho ya fihla Sidone e Kgolo.+ 29  Moedi o ne o kgutlela Rama ho ya fihla motseng wa Tire+ o sireleditsweng ka marako. Ho tloha moo, o ne o kgutlela Hosa mme o fella lewatleng sebakeng sa Akzibe, 30  Uma, Afeke+ le Rehobe+ e le metse e 22 le metsana ya yona. 31  Lena e ne e le lefa la leloko la Ashere ho ya ka malapa a lona.+ Ena e ne e le metse le metsana ya yona. 32  Lotho ya botshelela+ ya tswa bakeng sa ditloholo tsa Nefthali ho ya ka malapa a tsona. 33  Moedi wa tsona o ne o tloha Helefe, ho tloha sefateng se seholo se Zananime,+ Adami-nekebe le Jabniele ho ya fihla Lakume mme o fella Jordane. 34  Moedi o ne o kgutlela morao ka bophirimela ho ya Aznothe-tabore, o tloha moo o ya Hukoke o bile o fihla Zabulone ka borwa, o ya Ashere ka bophirimela o leba Juda mme o fihla Jordane ka botjhabela. 35  Metse e sireleditsweng ka marako e ne e le Zidime, Zere, Hamathe,+ Rakathe, Kinerethe, 36  Adama, Rama, Hazore,+ 37  Kedeshe,+ Edrei, Ene-hazore, 38  Yirone, Migdale-ele, Horeme, Bethe-anathe le Bethe-shemeshe+ e le metse e 19 le metsana ya yona. 39  Lena e ne e le lefa la leloko la Nefthali ho ya ka malapa a lona,+ metse le metsana ya yona. 40  Lotho ya bosupa+ ya tswa bakeng sa leloko la Dane+ ho ya ka malapa a lona. 41  Moedi wa lefa la bona e ne e le Zora,+ Eshtaole, Ire-shemeshe, 42  Shalabine,+ Ajalone,+ Ithela, 43  Elone, Timna,+ Ekrone,+ 44  Elteke, Gibethone,+ Baalathe, 45  Jehude, Bene-berake, Gathe-rimone,+ 46  Me-jarkone le Rakone ha mmoho le moedi o shebaneng le Jopa.+ 47  Empa sebaka sa Dane se ne se le senyenyane haholo bakeng sa leloko leo.+ Ka hoo la nyoloha, la lwantsha Lesheme+ mme la e hapa le ho e hlasela ka sabole. La e hapa mme la dula ho yona yaba le fetola lebitso la Lesheme hore e be Dane, la e rehella ka lebitso la moholoholo wa lona Dane.+ 48  Lena e ne e le lefa la leloko la Dane ho ya ka malapa a lona. Ena e ne e le metse le metsana ya lona. 49  Ka hoo, ba qeta ho arola naha ho ya ka dibaka tsa yona hore e be lefa. Jwale Baiseraele ba fa Joshua mora wa Nune lefa hara bona. 50  Ka taelo ya Jehova, ba mo fa motse oo a ileng a o kopa e leng Timnathe-sera,+ sebakeng se dithaba sa Efraime mme a haha motse le ho dula ho wona. 51  Ana ke mafa ao moprista Eleazare, Joshua mora wa Nune le dihlooho tsa malapa a bontate ba maloko a Iseraele, ba ileng ba a aba+ ka lotho ba le Shilo+ ka pela Jehova monyako wa tente ya pokano.+ Ba qeta ho arola naha.

Dintlha tse qetellong ya sehloho