Joshua 2:1-24

  • Joshua o romela dihlwela tse pedi Jeriko (1-3)

  • Rahaba o pata dihlwela (4-7)

  • Rahaba o fuwa tshepiso (8-21a)

    • Thapo e kgubedu ke letshwao (18)

  • Dihlwela di kgutlela ho Joshua (21b-24)

2  Jwale Joshua mora wa Nune a romela banna ba babedi ka sephiri ho tloha Shitime+ hore ba yo hlwela* naha. A re ho bona: “Eyang mme le yo hlwela naha, haholoholo naha ya Jeriko.” Ka hoo, ba ya mme ba fihla ntlong ya Rahaba mosadi wa letekatse+ yaba ba dula moo.  Morena wa Jeriko o ile a bolellwa sena: “Banna ba Baiseraele ba fihlile mona bosiung bona ho tla hlwela naha.”  Yaba morena wa Jeriko o romela molaetsa ho Rahaba o re: “Ntsha banna ba tlileng mona, ba keneng ka tlung ya hao hobane ba tlile ho tla hlwela naha ena yohle.”  Empa mosadi eo a pata banna bao ba babedi. Yaba o re: “Ke nnete hore banna bao ba ile ba tla ho nna empa ke ne ke sa tsebe hore na ba tswa hokae.  Ha ho eba lefifi mme keiti ya motse e se e tlo kwalwa, banna bao ba ile ba tswa. Ha ke tsebe hore na ba ile hokae empa haeba le ka ba lelekisa kapele, le tla ba tshwara.”  (Le ha ho le jwalo, o ne a ba isitse marulelong mme a ba patile hara mahlaka a semela sa folakse* a neng a adilwe hodima marulelo.)  Ka hoo, banna bao ba ba lelekisa ka tsela ya madiboho a Jordane+ mme keiti ya motse ya kwalwa hang ka mora hore ba ba lelekisang ba tswe.  Pele banna bao ba robala, a tla ho bona marulelong.  A re ho bona: “Ke a tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tshaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10  hobane re utlwile ka moo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Lewatleng le Lefubedu ha le ne le tswa Egepeta.+ Hape re utlwile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabedi a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a fedisa ka lehlakoreng* lane la Jordane. 11  Ha re utlwa ditlaleho tseo, re ile ra tshoha mme ha ho na motho ya nang le sebete ka lebaka la lona hobane Jehova Modimo wa lona ke Modimo hodimo mahodimong le tlase lefatsheng.+ 12  Jwale, ka kopo, ntlhapanyetseng ka Jehova hore ha e le mona ke le bontshitse mosa* le lona le tla bontsha mosa ho ba ntlo ya Ntate mme le mphe bopaki ba hore le tla tshepahala.* 13  Le boloke Ntate le Mme le bana beso le bohle ba dulang le bona ba phela mme le re pholose hore re se ke ra shwa.”+ 14  Yaba banna bao ba re ho yena: “Re tla le shwela! Haeba le sa bolele taba ena ya rona, re tla le bontsha mosa mme re tla le tshepahalla ha Jehova a re fa naha ena.” 15  Ka mora moo, a ba fa ropo hore ba e sebedisetse ho theohela fatshe ka fensetere hobane ntlo ya hae e ne e le lerakong la motse.+ 16  A re ho bona: “Eyang dithabeng mme le ipate moo ka matsatsi a mararo e le hore banna ba le lelekisang ba se ke ba le fumana. Jwale ha ba se ba kgutlile le ka itsamaela.” 17  Banna bao ba re ho yena: “Re ke ke ra tlangwa ke letho ho phetha kano ena eo o entseng hore re hlapanye hore re tla e phetha+ 18  haeba mohlang re tlo kena naheng ena, o sa tlama thapo ena ya kgwele e kgubedu fensetereng eo o re theotseng ka yona. O bokelle ntate wa hao, mme wa hao, bana beno le bohle ba ntlo ya ntate wa hao hore ba be le wena ka tlung.+ 19  Jwale, haeba mang kapa mang a tswela ka ntle ho ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae mme re ke ke ra ba molato. Empa haeba mang kapa mang ya nang le wena ka tlung a ka tswa kotsi, madi a hae a tla ba dihloohong tsa rona. 20  Empa haeba o ka bolela taba ena ya rona,+ re ke ke ra ba molato mabapi le kano ya hao eo o entseng hore re hlapanye hore re tla e phetha.” 21  A re: “Ho lokile, ke tla etsa seo le itseng ke se etse.” Yaba o re ba tsamaye mme ba tsamaya. Ka mora moo, a tlama thapo e kgubedu fensetereng. 22  Ka hoo, ba tsamaya ba ya dithabeng mme ba dula moo ka matsatsi a mararo, ho fihlela ba ba lelekisang ba kgutlile. Banna ba ba lelekisang ba ile ba ba batla tseleng e nngwe le e nngwe empa ha ba a ka ba ba fumana. 23  Yaba banna bao ba babedi ba theoha dithabeng mme ba tshela noka, ba tla ho Joshua mora wa Nune. Ba mo bolella dintho tsohle tse ileng tsa ba etsahalla. 24  Ba re ho Joshua: “Jehova o re file naha yohle.+ Ebile baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la rona.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “hlahloba.”
Mofuta wa semela o neng o lengwa mehleng ya kgale mme ho etswa masela a line ka sona.
E leng le ka botjhabela.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “pontsho eo nka e tshepang.”