Joshua 20:1-9

  • Metse ya setshabelo (1-9)

20  Jehova a re ho Joshua:  “Bua le Baiseraele o re, ‘Ikgetheleng metse ya setshabelo+ eo ke buileng le lona ka yona ka Moshe  e le hore mmolai ya bolayang motho ka phoso kapa e se ka morero a ka balehela moo. E tla ba setshabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ya amanang le motho ya bolailweng.*+  Mmolai o tla balehela ho o mong wa metse ena+ mme a eme keiting ya motse+ ebe o ipolela ho baholo ba motse. Ba tla mo amohela motseng, ba mo fe sebaka mme a dule le bona.  Haeba motho ya amanang le motho ya bolailweng a mo lelekisa, ba se ke ba nehelana ka mmolai letsohong la hae hobane mmolai eo o bolaile wa habo ka phoso mme o ne a sa mo hloya pele ho moo.+  A dule motseng oo ho fihlela nyewe ya hae e hlahlojwa ka pela phutheho+ mme a dule moo ho fihlela moprista ya phahameng ya sebeletsang ka nako eo a shwa.+ Ka mora moo, mmolai a ka kgutlela motseng oo a neng a balehile ho wona mme a ka kena motseng wa habo le ka tlung ya hae.’”+  Ka hoo, ba fa Kedeshe+ e Galilea boemo bo halalelang sebakeng se dithaba sa Nefthali, Shikeme+ e sebakeng se dithaba sa Efraime le Kiriathe-arba+ e leng Hebrone, e sebakeng se dithaba sa Juda.  Sebakeng sa Jordane ka botjhabela ho Jeriko, ba kgetha Bezere+ lefeelleng le sebakeng se phahameng* ho tswa lelokong la Rubene, ho tswa lelokong la Gade ba kgetha Ramothe+ e Gileade mme ho tswa lelokong la Manase+ ba kgetha Golane+ e Bashane.  Ena e ne e le metse e kgethilweng bakeng sa Baiseraele bohle le baditjhaba ba dulang hara bona, e le hore motho ya bolayang e mong e se ka morero a balehele teng+ mme a se ke a bolawa ke motho ya amanang le motho ya bolailweng pele nyewe ya hae e hlahlojwa ka pela phutheho.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mopheteletsi wa madi.”
Kapa: “sehlabeng.”