Joshua 21:1-45

  • Metse ya Balevi (1-42)

    • Ya bara ba Arone (9-19)

    • Ya Bakohathe kaofela (20-26)

    • Ya Bagershone (27-33)

    • Ya Bamerari (34-40)

  • Jehova o phethahatsa ditshepiso tsa hae (43-45)

21  Jwale dihlooho tsa Balevi tsa matlo a bontate ba tsona tsa atamela moprista Eleazare,+ Joshua mora wa Nune le dihlooho tsa maloko a Iseraele tsa matlo a bontate ba tsona,  tsa bua le bona Shilo+ naheng ya Kanana tsa re: “Jehova o ile a fana ka taelo a sebedisa Moshe hore re fuwe metse eo re tla dula ho yona ha mmoho le makgulo a yona bakeng sa diphoofolo tsa rona.”+  Ka hoo, Baiseraele ba mamela taelo ya Jehova mme ba fa Balevi metse ena+ le makgulo a yona ho tswa lefeng la bona.+  Lotho ya tswa bakeng sa malapa a Bakohathe+ mme Balevi bao e neng e le ditloholo tsa moprista Arone ba fuwa metse e 13 ka lotho* ho tswa lelokong la Juda,+ lelokong la Simeone+ le lelokong la Benjamine.+  Bakohathe ba bang bohle ba ile ba abelwa* metse e leshome ho tswa malapeng a leloko la Efraime,+ lelokong la Dane le halofong ya leloko la Manase.+  Bagershone+ ba ile ba abelwa metse e 13 ho tswa malapeng a leloko la Isakare, lelokong la Ashere, lelokong la Nefthali le halofong ya leloko la Manase naheng ya Bashane.+  Bakeng sa Bamerari+ ho ya ka malapa a bona, ho ne ho ena le metse e 12 ho tswa lelokong la Rubene, lelokong la Gade le lelokong la Zabulone.+  Baiseraele ba fa Balevi metse ena ha mmoho le makgulo a yona ka lotho feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse a sebedisa Moshe.+  Ho tswa lelokong la Juda le lelokong la Simeone, ba fana ka metse ena e boletsweng ka mabitso+ 10  mme ya fuwa bara ba Arone ho tswa malapeng a Bakohathe a Balevi hobane ba fumane lotho ya pele. 11  Ba ba fa Kiriathe-arba+ (Arba e ne e le ntate wa Anake) e leng Hebrone,+ sebakeng se dithaba sa Juda le makgulo a yona a e potapotileng. 12  Empa ba fa Kalebe mora wa Jefune masimo a motse le metsana ya wona e le lefa.+ 13  Ba fa bara ba moprista Arone motse wa setshabelo bakeng sa mmolai+ e leng Hebrone+ le makgulo a yona, Libna+ le makgulo a yona, 14  Jatire+ le makgulo a yona, Eshtemowa+ le makgulo a yona, 15  Holone+ le makgulo a yona, Debire+ le makgulo a yona, 16  Aine+ le makgulo a yona, Juta+ le makgulo a yona le Bethe-shemeshe le makgulo a yona. E ne e le metse e robong ho tswa malokong ana a mabedi. 17  Ho tswa lelokong la Benjamine: Gibeone+ le makgulo a yona, Geba le makgulo a yona,+ 18  Anathothe+ le makgulo a yona le Almone le makgulo a yona. E ne e le metse e mene. 19  Metse yohle e fuweng ditloholo tsa Arone e leng baprista, e ne e le metse e 13 le makgulo a yona.+ 20  Malapa a mang ohle a Bakohathe hara Balevi a ile a fuwa metse ho tswa lelokong la Efraime ka lotho. 21  Ba ba fa motse wa setshabelo bakeng sa mmolai+ e leng Shikeme+ ha mmoho le makgulo a yona dithabeng tsa Efraime, Gezere+ ha mmoho le makgulo a yona, 22  Kibzaime ha mmoho le makgulo a yona, Bethe-horone+ ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene. 23  Ho tswa lelokong la Dane: Elteke ha mmoho le makgulo a yona, Gibethone ha mmoho le makgulo a yona, 24  Ajalone+ ha mmoho le makgulo a yona, Gathe-rimone ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene. 25  Ho tswa halofong ya leloko la Manase: Tanake+ ha mmoho le makgulo a yona, Gathe-rimone ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mmedi. 26  Metse yohle ha mmoho le makgulo a yona eo malapa a mang ohle a Bakohathe a e fuweng e ne e le leshome. 27  Ho tswa halofong ya leloko la Manase, Bagershone+ ba malapa a Balevi ba ile ba fuwa motse wa setshabelo bakeng sa mmolai e leng Golane+ e Bashane ha mmoho le makgulo a yona le Beeshtera ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mmedi. 28  Ho tswa lelokong la Isakare:+ Kishione ha mmoho le makgulo a yona, Dabrathe+ ha mmoho le makgulo a yona, 29  Jarmuthe ha mmoho le makgulo a yona le Ene-ganime ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene. 30  Ho tswa lelokong la Ashere:+ Mishale ha mmoho le makgulo a yona, Abdone ha mmoho le makgulo a yona, 31  Helkathe+ ha mmoho le makgulo a yona le Rehobe+ ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene. 32  Ho tswa lelokong la Nefthali: Motse wa setshabelo+ bakeng sa mmolai e leng Kedeshe+ e Galilea ha mmoho le makgulo a yona, Hamothe-dore ha mmoho le makgulo a yona le Kartane ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e meraro. 33  Metse yohle ya Bagershone ka malapa a bona e ne e le metse e 13 ha mmoho le makgulo a yona. 34  Ho tswa lelokong la Zabulone,+ malapa a Bamerari+ e leng Balevi ba bang bohle, ba ile ba fumana Jokneame+ ha mmoho le makgulo a yona, Karta ha mmoho le makgulo a yona, 35  Dimna ha mmoho le makgulo a yona le Nahalale+ ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene. 36  Ho tswa lelokong la Rubene: Bezere+ ha mmoho le makgulo a yona, Jahaze ha mmoho le makgulo a yona,+ 37  Kedemothe ha mmoho le makgulo a yona le Mefathe ha mmoho le makgulo a yona. E ne e le metse e mene. 38  Ho tswa lelokong la Gade:+ Motse wa setshabelo bakeng sa mmolai e leng Ramothe e Gileade+ ha mmoho le makgulo a yona, Mahanaime+ ha mmoho le makgulo a yona, 39  Heshbone+ ha mmoho le makgulo a yona le Jazere+ ha mmoho le makgulo a yona. Kaofela ha yona e le metse e mene. 40  Metse yohle e ileng ya abelwa Bamerari ka malapa a bona, e leng malapa a mang ohle a Balevi, e ne e le metse e 12. 41  Metse yohle ya Balevi e hara eo Baiseraele ba nang le yona, e ne e le metse e 48 ha mmoho le makgulo a yona.+ 42  Motse o mong le o mong o ne o ena le makgulo a wona ho o potapota. Metse ena kaofela e ne e le jwalo. 43  Jehova a fa Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholoholo ba bona.+ Ba e hapa mme ba dula ho yona.+ 44  Ho feta moo, Jehova o ile a etsa hore ba dule ba sireletsehile ka mahlakoreng ohle feela jwalo ka ha a ne a hlapanyeditse baholoholo ba bona+ mme ha ho sera le se seng sa bona se neng se ka ba hlola.+ Jehova o ile a nehelana ka dira tsohle tsa bona matsohong a bona.+ 45  Ha ho tshepiso* e ileng ya hloleha ho phethahala ditshepisong tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di entse ho ntlo ya Iseraele. Di ile tsa phethahala kaofela.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba abelwa.”
Kapa: “ba fuwa ka lotho.”
Kapa: “lentswe.”