Joshua 22:1-34

  • Meloko e ka botjhabela e kgutlela hae (1-8)

  • Ho hahwa aletare dibakeng tsa Jordane (9-12)

  • Ho hlaloswa hore na ke hobaneng ha ho hahilwe aletare (13-29)

  • Ba lokisa ditaba (30-34)

22  Yaba Joshua o bitsa Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase  mme a re ho bona: “Le entse sohle seo Moshe mohlanka wa Jehova a le laetseng sona+ mme le ile la mmamela dinthong tsohle tseo ke le laetseng tsona.+  Ha le a tlohela bana ba bo lona nakong ena yohle ho fihlela letsatsing lena+ mme le bolokile taelo ya Jehova Modimo wa lona.+  Jwale, Jehova Modimo wa lona o entse hore bana ba bo lona ba dule ba sireletsehile feela jwalo ka ha a ile a ba tshepisa.+ Ka hoo, le ka kgutlela ditenteng tsa lona naheng eo Moshe mohlanka wa Jehova a ileng a le fa yona ka lehlakoreng le leng* la Jordane.+  Le mpe le etse bonnete ba hore le phetha taelo le Molao oo Moshe mohlanka wa Jehova a le fileng wona,+ ka ho rata Jehova Modimo wa lona,+ ka ho tsamaya ditseleng tsohle tsa hae,+ ka ho boloka ditaelo tsa hae,+ ka ho mo kgomarela+ le ka ho mo sebeletsa+ ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya wa lona wohle.”+  Joshua a ba hlohonolofatsa mme a re ba tsamaye. Yaba ba ya ditenteng tsa bona.  Moshe o ne a file halofo ya leloko la Manase lefa Bashane+ yaba Joshua o fa halofo e nngwe ya leloko leo ha mmoho le bana ba bo bona naha ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane.+ Ho feta moo, ha Joshua a re ba ye ditenteng tsa bona, a ba hlohonolofatsa  mme a re ho bona: “Kgutlelang ditenteng tsa lona ka maruo a mangata, ka diphoofolo tse ngata ha mmoho le silevera le kgauta, koporo le tshepe le diaparo tse ngata haholo.+ Nkang karolo ya lona ya thepa+ eo le e hapileng ho dira tsa lona le e arolele le bana ba bo lona.”  Ka mora moo, Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba tloha ho Baiseraele ba bang, ho tloha Shilo e naheng ya Kanana mme ba kgutlela naheng ya Gileade,+ naheng ya bona moo Jehova a ileng a ba laela a sebedisa Moshe+ hore ba dule teng. 10  Ha ba fihla dibakeng tsa Jordane tse naheng ya Kanana, Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase, ba haha aletare moo haufi le Jordane, aletare e kgolo, e ntle. 11  Ha morao, Baiseraele ba bang ba utlwa+ ho thwe: “Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba hahile aletare moeding wa naha ya Kanana, dibakeng tsa Jordane ka lehlakoreng le ka bophirimela la Baiseraele.” 12  Ha Baiseraele ba utlwa taba ena, setjhaba sohle sa Baiseraele sa phuthehela Shilo+ ho ya ba lwantsha. 13  Baiseraele ba romela Finease+ mora wa moprista Eleazare ho Barubene, Bagade le ho halofo ya leloko la Manase naheng ya Gileade. 14  Dikgosana tse leshome di ne di ena le yena, kgosana e le nngwe ya ntlo ka nngwe ya lelapa la habo ntate wa maloko ohle a Iseraele mme e nngwe le e nngwe e le hlooho ya ntlo ya bontate ba bona ho ba dikete* ba Iseraele.+ 15  Ha ba fihla ho Barubene, Bagade le ho halofo ya leloko la Manase naheng ya Gileade ba re ho bona: 16  “Molaetsa o tswang ho setjhaba sohle sa Jehova ke ona, ‘Ke hobaneng ha le entse ntho ee mme le sa tshepahalla+ Modimo wa Iseraele? Kajeno le tlohetse Jehova ka ho ikahela aletare mme le fetohetse Jehova.+ 17  Na phoso ya Peore e ne e sa lekana? Le hoja setjhaba sa Jehova+ se ile sa fuwa kotlo, le kajeno re ntse re kotula ditholwana tsa phoso eo. 18  Na jwale ha le sa batla ho mamela Jehova? Haeba le fetohela Jehova kajeno, hosane o tla halefela setjhaba sohle sa Iseraele.+ 19  Haeba lebaka ke hobane naha ya lona ha e a hlweka, le tshelele naheng ya Jehova+ moo tabernakele ya Jehova e dulang teng+ mme le dule hara rona empa le se ke la fetohela Jehova mme le se ke la etsa eka re marabele ka hore le ikahele aletare empa aletare ya Jehova Modimo wa rona e ntse e le teng.+ 20  Na Modimo ha a a ka a halefela setjhaba sohle sa Iseraele,+ ha Akane+ mora wa Zera a sa tshepahale malebana le ntho e neng e lokela ho fediswa? Ha se yena feela motho ya ileng a shwa ka lebaka la phoso ya hae.’”+ 21  Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba araba dihlooho tsa dikete* tsa Iseraele+ ba re: 22  “Modimo wa medimo, Jehova, Modimo wa medimo, Jehova+ o a tseba mme Baiseraele le bona ba tla tseba. Haeba re fetohetse Jehova ebile re sa mo tshepahalla, e se eka Modimo a ke ke a re pholosa letsatsing lena. 23  Haeba re ikahetse aletare hore re tlohele Jehova le ho etsa dinyehelo tsa setjheso, dinyehelo tsa dijo* le mahlabelo a kopanetsweng ho yona, Jehova o tla fana ka kotlo e loketseng.+ 24  Ho ena le hoo, re entse sena hobane re ne re tshwenyehile ka taba e nngwe. Re ile ra nahana ra re, ‘Nakong e tlang, bara ba lona ba tla re ho bara ba rona: “Le na le tokelo efe ya ho rapela Jehova Modimo wa Iseraele le rona? 25  Jehova o behile Jordane e le moedi pakeng tsa rona le lona, Barubene le Bagade. Ha ho na letho le le kopanyang le Jehova.” Bara ba lona ba tla thibela bara ba rona ho rapela* Jehova.’ 26  Ka hoo re ile ra re, ‘A re etseng bonnete ba hore re haha aletare eseng bakeng sa dinyehelo tsa setjheso kapa bakeng sa mahlabelo 27  empa hore e be bopaki pakeng tsa rona le lona+ le ditloholo* tsa rona hore re tla etsa tshebeletso ya Jehova ka pela hae ka dinyehelo tsa rona tsa setjheso le mahlabelo a rona le mahlabelo a rona a kopanetsweng+ e le hore nakong e tlang bara ba lona ba tle ba se ke ba re ho bara ba rona: “Ha ho na letho le le kopanyang le Jehova.”’ 28  Ka hoo ra re, ‘Haeba ba ka bolella rona le ditloholo* tsa rona seo nakong e tlang, re tla re: “Bonang aletare e tshwanang le ya Jehova eo baholoholo ba rona ba e entseng, eseng bakeng sa dinyehelo tsa setjheso kapa bakeng sa mahlabelo empa hore e be bopaki pakeng tsa rona le lona.”’ 29  Le ka mohla re ke ke ra fetohela Jehova kapa ra tlohela Jehova+ ka ho haha aletare bakeng sa dinyehelo tsa setjheso, dinyehelo tsa dijo* le mahlabelo ho ntse ho ena le aletare ya Jehova Modimo wa rona e ka pela tabernakele ya hae.”+ 30  Ha moprista Finease, dikgosana tsa setjhaba le dihlooho tsa dikete* tsa Iseraele tse neng di ena le yena ba utlwa mantswe a builweng ke ditloholo tsa Rubene, tsa Gade le tsa Manase, ba kgotsofala.+ 31  Ka hoo, Finease mora wa moprista Eleazare a re ho ditloholo tsa Rubene, tsa Gade le tsa Manase: “Kajeno re a tseba hore Jehova o hara rona hobane ha le a fetohela Jehova. Le pholositse Baiseraele letsohong la Jehova.” 32  Ka mora moo, Finease mora wa moprista Eleazare a kgutla le dikgosana ho tswa ho Barubene le Bagade naheng ya Gileade, ba ya naheng ya Kanana mme ba fihla ba phetela Baiseraele ba bang ditaba. 33  Baiseraele ba ile ba kgotsofala ha ba utlwa tlaleho eo. Yaba ba rorisa Modimo mme ha ba a ka ba hlola ba bua letho ka ho ya lwantsha Barubene le Bagade, ho ya fedisa naha eo ba neng ba dula ho yona. 34  Ka hoo, Barubene le Bagade ba reha aletare* lebitso hobane ba ile ba re, “Ke bopaki pakeng tsa rona hore Jehova ke Modimo wa nnete.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.
Kapa: “maloko.”
Kapa: “maloko.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “tshaba.”
Ka Seheberu: “meloko.”
Kapa: “meloko.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “maloko.”
Ho ya ka tlhaloso, ho bonahala eka aletare eo e ile ya rehwa Bopaki.