Joshua 23:1-16

  • Mantswe a ho qetela a Joshua ho baetapele ba Iseraele (1-16)

    • Ha ho na lentswe le ha le le leng la Jehova le hlolehileng ho phethahala (14)

23  Dilemo tse ngata* ka mora hore Jehova a fe Baiseraele phomolo+ ho dira tsohle tsa bona tse ba potolohileng, ha Joshua a se a tsofetse le dilemo tsa hae di se di ile,+  Joshua a bitsa Baiseraele bohle,+ baholo ba bona, dihlooho tsa bona, baahlodi ba bona le balaodi ba bona+ mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse le dilemo tsa ka di se di ile.  Le bone dintho tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle molemong wa lona hobane Jehova Modimo wa lona ke yena ya neng a le lwanela.+  Ke le abetse ka lotho+ naha ya ditjhaba tsena tse setseng e le lefa bakeng sa maloko a lona+ ha mmoho le naha ya ditjhaba tsohle tseo ke di fedisitseng,+ ho tloha Jordane ho ya Lewatleng le Leholo* ka bophirimela.  Jehova Modimo wa lona ke yena ya neng a di sutumeletsa hole le lona,+ a bile a di leleka bakeng sa lona yaba le nka naha ya tsona feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a le tshepisitse.+  Jwale le be sebete haholo mme le boloke le ho etsa dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao+ wa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la o kgeloha ho ya ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi+  mme le se ke la itswakanya le ditjhaba tsena+ tse setseng le lona. Le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona+ kapa la hlapanya ka yona hape le ka mohla le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+  Empa le kgomarele Jehova Modimo wa lona+ feela jwalo ka ha le entse ho fihlela letsatsing lena.  Jehova o tla leleka ditjhaba tse kgolo le tse matla ka pela lona+ hobane ha ho na motho ya kileng a le hlola ho fihlela letsatsing lena.+ 10  Motho a le mong feela ho lona o tla lelekisa ba sekete+ hobane Jehova Modimo wa lona o a le lwanela+ feela jwalo ka ha a le tshepisitse.+ 11  Ka hoo, le dule le lebetse+ ka hore le rate Jehova Modimo wa lona.+ 12  Empa haeba le ka furalla Modimo la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itswakanya le tsona, 13  le tsebe hore Jehova Modimo wa lona a ke ke a tswela pele ho leleka ditjhaba tsena bakeng sa lona.+ Ditjhaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephadi se le otlang ka mahlakoreng+ mme e be meutlwa ka mahlong a lona ho fihlela le fedisitswe naheng ena e ntle eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona. 14  Ke makgatheng a lefu mme le tseba hantle ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya wa lona wohle hore ha ho na lentswe le ha le le leng le hlolehileng ho phethahala ditshepisong tsohle tse molemo tseo Jehova Modimo wa lona a le boleletseng tsona. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentswe le ha le le leng la tsona le hlolehileng ho phethahala.+ 15  Empa feela jwalo ka ha ditshepiso tsohle tse molemo tseo Jehova Modimo wa lona a le boleletseng tsona di phethahetse,+ Jehova o tla le tlisetsa tlokotsi yohle eo a e tshepisitseng* mme a le fedise naheng ena e ntle eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona.+ 16  Haeba le tlola selekane sa Jehova Modimo wa lona seo a le laetseng hore le se boloke mme haeba le sebeletsa medimo e meng le ho e inamela, jwale Jehova o tla le halefela haholo+ mme le tla fediswa ka potlako naheng e ntle eo a le fileng yona.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Matsatsi a mangata.”
E leng Lewatle la Mediterranean.
Kapa: “lentswe lohle le lebe.”