Joshua 3:1-17

  • Baiseraele ba tshela Jordane (1-17)

3  Jwale Joshua a tsoha hoseng haholo mme yena le Baiseraele* bohle ba tloha Shitime+ mme ba tla Jordane. Ba ile ba qeta bosiu moo pele ba ka tshela.  Ka mora matsatsi a mararo, balaodi+ ba tsamaya hara diahelo  mme ba laela batho ba re: “Hang ha le bona areka ya selekane sa Jehova Modimo wa lona e jerwe ke baprista ba Balevi,+ le tlohe sebakeng sa lona mme le e sale morao.  Empa le be hole le yona ka dimithara tse ka bang 890.* Le se ke la e atamela e le hore le ka bona tsela eo le lokelang ho tsamaya ka yona hobane ha le eso ka le tsamaya tseleng ena.”  Joshua a re ho setjhaba: “Itlhwekiseng*+ hobane hosane Jehova o tla etsa dintho tse hlollang hara lona.”+  Joshua a re ho baprista: “Nkang areka+ ya selekane mme le etelle setjhaba pele.” Ka hoo, ba nka areka ya selekane mme ba tsamaya ka pela setjhaba.  Jehova a re ho Joshua: “Letsatsing lena ke tla etsa hore Baiseraele bohle ba o hlomphe+ e le hore ba ka tseba hore ke tla ba le wena+ feela jwalo ka ha ke ile ka ba le Moshe.+  O laele baprista ba jereng areka ya selekane o re: ‘Hang ha le kena ka metsing a Jordane le eme le sa sisinyehe ka hara Jordane.’”+  Joshua a re ho Baiseraele: “Atamelang mona mme le mamele mantswe a Jehova Modimo wa lona.” 10  Joshua a re: “Le tla tseba ka sena hore Modimo ya phelang o hara lona+ le hore ka sebele o tla leleka ka pela lona Bakanana, Bahethe, Baheve, Bapereze, Bagirgashe, Baamore le Bajebuse.+ 11  Areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle e le etelletse pele ho tshela Jordane. 12  Nkang banna ba 12 malokong a Iseraele. Le nke monna a le mong lelokong le leng le le leng+ 13  mme hang ha maoto a baprista ba jereng Areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle a thetsa* metsi a Jordane, metsi a Jordane a phallang ho tswa hodimo nokeng a tla ema tsi! jwalo ka metsi a letamo.”*+ 14  Ka hoo, ha setjhaba se tloha ditenteng tsa sona pele se tshela Jordane, baprista ba jereng areka+ ya selekane ba etella setjhaba pele. 15  Hang ha baprista ba jereng Areka ba fihla Jordane mme ba kenya maoto a bona ka metsing (Jordane e tlala ho feta tekano+ matsatsing ohle a kotulo), 16  metsi a phallang ho tloha hodimo a ema tsi! hole kwana Adama e leng motse o haufi le Zarthane. A ile a phahama, a ba jwalo ka letamo,* ha ka nako eo metsi a theohelang Lewatleng la Araba e leng Lewatle la Letswai* a ntse a fela. Noka ya kgaotsa ho phalla yaba setjhaba se tshela se shebane le Jeriko. 17  Ha baprista ba jereng areka ya selekane sa Jehova ba ntse ba eme ba sa sisinyehe mobung o ommeng+ bohareng ba Jordane, Baiseraele bohle ba feta mobung o ommeng+ ho fihlela setjhaba kaofela se qetile ho tshela Jordane.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Ka Seheberu: “ditswe tse ka bang 2 000.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “Ikgalaletseng.”
Ka Seheberu: “a hata.”
Kapa: “lebota.”
Kapa: “lebota.”
E leng Lewatle le Shweleng.