Joshua 4:1-24

  • Majwe a sehopotso (1-24)

4  Hang ha setjhaba sohle se qetile ho tshela Jordane, Jehova a re ho Joshua:  “Kgethang banna ba 12 setjhabeng, le kgethe monna a le mong lelokong ka leng+  mme le re ho bona: ‘Nkang majwe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sa sisinyehe+ mme le tshele le majwe ao ebe le a beha sebakeng seo le tla qeta bosiu ho sona.’”+  Ka hoo, Joshua a bitsa banna ba 12 bao a neng a ba kgethile ho Baiseraele, monna a le mong lelokong ka leng.  Joshua a re ho bona: “Fetelang ka pela Areka ya Jehova Modimo wa lona le ye bohareng ba Jordane mme e mong le e mong wa lona a jare lejwe lehetleng la hae, ho ya ka palo ya maloko a Baiseraele  hore e be letshwao hara lona. Haeba bana* ba lona ba ka le botsa nakong e tlang, ba re, ‘Ke hobaneng ha le behile majwe aa moo?’+  Le tla re ho bona: ‘Ke hobane metsi a Jordane a ile a emiswa ka pela areka+ ya selekane sa Jehova. Ha areka e tshela Jordane, metsi a Jordane a ile a emiswa. Majwe ana e tla dula e le sehopotso* ho setjhaba sa Iseraele.’”+  Baiseraele ba etsa feela jwalo ka ha Joshua a ne a laetse. Ba nka majwe a 12 bohareng ba Jordane, a lekanang le palo ya maloko a Baiseraele. Ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Joshua. Ba tshela le ona ho ya sebakeng seo ba neng ba yo qeta bosiu ho sona mme ba a beha moo.  Joshua a hloma majwe a 12 bohareng ba Jordane, moo maoto a baprista ba neng ba jere areka ya selekane a neng a eme teng.+ Majwe ao a ntse a le moo ho fihlela letsatsing lena. 10  Baprista ba jereng Areka ba nna ba ema bohareng ba Jordane, ho fihlela setjhaba se entse ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a laetse Joshua hore a se bolelle hore se e etse, ho ya ka sohle seo Moshe a neng a se laetse Joshua. Ka nako ena yohle, setjhaba se ne se tshela ka potlako. 11  Hang ha setjhaba sohle se qetile ho tshela, baprista ba jereng Areka ya Jehova ba tshela setjhaba se ba shebile.+ 12  Barubene, Bagade le halofo ya leloko la Manase ba tshela ba itokiseditse ho ya lwana,+ ba ne ba tsamaya ka pela Baiseraele ba bang feela jwalo ka ha Moshe a ne a ba laetse.+ 13  Masole a ka bang 40 000 a hlometseng bakeng sa ntwa, a tshela ka pela Jehova ho ya lehwatateng la Jeriko. 14  Letsatsing leo Jehova a phahamisa Joshua ka pela mahlo a Baiseraele bohle+ yaba ba mo hlompha haholo* bophelo bohle ba hae feela jwalo ka ha ba ne ba hlompha Moshe.+ 15  Jehova a re ho Joshua: 16  “Laela baprista ba jereng areka+ ya Bopaki hore ba tswe Jordane.” 17  Ka hoo, Joshua a re ho baprista: “Tswang Jordane.” 18  Ha baprista ba jereng areka+ ya selekane sa Jehova ba tswa bohareng ba Jordane mme maoto a bona a hata mobung o ommeng, metsi a Jordane a boela a phalla mme a tlala ho feta tekano+ jwalo ka pele. 19  Setjhaba se ile sa tshela Jordane ka letsatsi la leshome la kgwedi ya pele mme sa hloma ditente tsa sona Gilgale+ moeding o ka botjhabela wa Jeriko. 20  Ha e le majwe a 12 ao ba neng ba a ntshitse Jordane, Joshua a a hloma Gilgale.+ 21  Yaba o re ho Baiseraele: “Ha bana ba lona ba botsa bontate ba bona nakong e tlang ba re, ‘Majwe aa a bolelang?’+ 22  le hlalosetse bana ba lona le re: ‘Baiseraele ba ile ba tshela Jordane mobung o ommeng+ 23  ha Jehova Modimo wa lona a ne a etsa hore metsi a Jordane a kgaotse ho phalla ho fihlela ba e tshetse feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a entse Lewatleng le Lefubedu, ha a ne a le arola ka pela rona ho fihlela re le tshetse.+ 24  O entse dintho tsena e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di ka tseba ka moo letsoho la Jehova le leng matla ka teng+ le bakeng sa hore le dule le tshaba Jehova Modimo wa lona.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “kgopotso.”
Ka Seheberu: “ba mo tshaba.”