Joshua 5:1-15

  • Ba bolla Gilgale (1-9)

  • Mokete wa Paseka; manna a kgaotsa ho ba teng (10-12)

  • Kgosana ya lebotho la Jehova (13-15)

5  Hang ha marena ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le lewatle a utlwa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a kgaotse ho phalla ka pela Baiseraele ho fihlela ba tshetse, a ile a tshoha mme a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+  Ka nako eo Jehova a re ho Joshua: “Iketsetse dithipa tsa lejwe le thata mme o bolotse+ banna ba Iseraele hape ka lekgetlo la bobedi.”  Ka hoo, Joshua a etsa dithipa tsa lejwe le thata mme a bolotsa banna ba Iseraele Gibeathe-haralothe.*+  Lena ke lebaka le entseng hore Joshua a ba bolotse: Banna bohle ba tswileng Egepeta e leng banna bohle ba ntwa,* ba ne ba shwelletse lefeelleng tseleng ka mora hore ba tswe Egepeta.+  Batho bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba ne ba bolotse empa batho bohle ba tswaletsweng lefeelleng tseleng ka mora hore setjhaba se tswe Egepeta, ba ne ba eso bolotswe.  Baiseraele ba ne ba tsamaile dilemo tse 40+ lefeelleng ho fihlela setjhaba sohle se shwele e leng banna ba ntwa ba tswileng Egepeta ba sa kang ba mamela lentswe la Jehova.+ Jehova o ile a ba a ikana hore le ka mohla a ke ke a ba dumella ho bona naha eo+ Jehova a neng a ikanne ho baholoholo ba bona hore o tla ba fa yona,+ naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+  Ka hoo, a nka bara ba bona ho ena le bona.+ Joshua o ile a ba bolotsa. Ba ile ba bolotswa hobane ba ne ba sa bolotswa ha ba ntse ba le leetong.  Ha ba qetile ho bolotsa setjhaba sohle, ha ba a ka ba tloha sebakeng seo ba neng ba le ho sona diahelong ho fihlela ba fodile.  Jwale Jehova a re ho Joshua: “Kajeno ke entse bonnete ba hore Baegepeta ba ke ke ba hlola ba le nyefola.”* Ka hoo, sebaka seo esale se bitswa Gilgale+ ho fihlela letsatsing lena. 10  Baiseraele ba nna ba dula diahelong Gilgale yaba ba tshwara Paseka letsatsing la bo14 la kgwedi,+ mantsiboya lehwatateng la Jeriko. 11  Ba ja dihlahiswa tsa naha letsatsing le hlahlamang ka mora Paseka e leng mahobe a se nang tomoso+ le dijo tse kotutsweng tse hadikilweng letsatsing lona leo. 12  Jwale manna a kgaotsa ho ba teng letsatsing le latelang leo ka lona ba jeleng tse ding tsa dihlahiswa tsa naha. Ho ne ho se ho se na manna bakeng sa Baiseraele+ empa ba qala ho ja dihlahiswa tsa naha ya Kanana selemong seo.+ 13  Ha Joshua a le haufi le Jeriko, a phahamisa mahlo mme a bona monna+ a eme ka pela hae a tshwere sabole letsohong la hae.+ Joshua a ya ho yena mme a mo botsa a re: “Na o ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” 14  Yaba o re: “Tjhe, ke tlile ke le kgosana* ya lebotho la Jehova.”+ Hanghang Joshua a kgumama yaba o inamisa hlooho mme a re ho yena: “Morenaka o reng ho mohlanka wa hae?” 15  Kgosana ya lebotho la Jehova ya re ho Joshua: “Rola dieta* tsa hao hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.” Hanghang Joshua a etsa jwalo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “lehlakore le ka nqa ya lewatle.”
E bolelang “Leralla la Ntlha ya Letlalo la Ditho Tsa Botona.”
Kapa: “banna ba dilemong tsa ho kenela sesole.”
Ka Seheberu: “ke tlositse nyefolo ya Egepeta ho lona.”
Kapa: “molaodi.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”