Joshua 6:1-27

  • Lerako la Jeriko le a wa (1-21)

  • Rahaba le lelapa labo ba a pholoswa (22-27)

6  Jeriko e ne e kwetswe ka thata ka lebaka la Baiseraele. Ho ne ho se na motho ya tswang le ya kenang.+  Yaba Jehova o re ho Joshua: “Ke nehelane ka Jeriko le morena wa yona le banna ba yona ba ntwa ba matla ho wena.+  Lona banna bohle ba ntwa le potolohe motse, le o potolohe hanngwe. Le o potolohe ka matsatsi a tsheletseng.  O laele baprista ba supileng hore ba nke manaka a supileng a diramo ka pela Areka. Empa ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng mme baprista ba letse manaka.+  Ha ba letsa lenaka la ramo mme le utlwa modumo* wa lenaka, setjhaba sohle se etse modumo o moholo wa ntwa. Lerako la motse le tla wa putla!+ mme setjhaba se nyolohe, e mong le e mong a lebe pele.”  Ka hoo, Joshua mora wa Nune a bitsa baprista mme a re ho bona: “Nkang areka ya selekane mme baprista ba supileng ba nke manaka a supileng a diramo ka pela Areka ya Jehova.”+  A re ho masole: “Fetelang pele le potolohe motse mme masole a hlometseng+ bakeng sa ntwa a tsamaye ka pela Areka ya Jehova.”  Feela jwalo ka ha Joshua a ne a boleletse setjhaba, baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a diramo ka pela Jehova ba ya ka pele mme ba letsa manaka mme areka ya selekane sa Jehova e ne e ba latela.  Masole a hlometseng bakeng sa ntwa a ne a tsamaya ka pela baprista ba neng ba letsa manaka mme balebedi ba ka morao ba latela Areka ha manaka a ntse a letswa a sa kgaotse. 10  Joshua o ne a laetse setjhaba a re: “Le se ke la hweletsa kapa la etsa hore mantswe a lona a utluwe. Ha ho lentswe le lokelang ho tswa melomong ya lona ho fihlela letsatsing leo ka lona ke reng ho lona, ‘Hweletsang!’ Jwale le tla hweletsa.” 11  A etsa hore Areka ya Jehova e potolohe motse, ya o potoloha hanngwe mme ka mora moo, ba kgutlela ditenteng tsa bona mme ba qeta bosiu moo. 12  Letsatsing le hlahlamang Joshua a tsoha hoseng haholo mme baprista ba jara Areka+ ya Jehova. 13  Baprista ba supileng ba nkileng manaka a supileng a diramo ba ne ba tsamaya ka pela Areka ya Jehova, ba ntse ba letsa manaka ba sa kgaotse. Masole a hlometseng bakeng sa ntwa a ne a ba eteletse pele ha balebedi ba ka morao ba ntse ba latela Areka ya Jehova mme baprista ba ntse ba letsa manaka ba sa kgaotse. 14  Ba potoloha motse hanngwe ka letsatsi la bobedi, ka mora moo ba kgutlela diahelong. Ke seo ba ileng ba se etsa ka matsatsi a tsheletseng.+ 15  Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng hang ha mafube a hlaha yaba ba potoloha motse ka mokgwa o tshwanang ka makgetlo a supileng. Ke letsatsing leo feela moo ba ileng ba potoloha motse ka makgetlo a supileng.+ 16  Ka lekgetlo la bosupa, baprista ba letsa manaka yaba Joshua o re ho setjhaba: “Hweletsang+ hobane Jehova o le file motse ona! 17  Motse ona le dintho tsohle tse ho wona di lokela ho fediswa.+ Kaofela ha wona ke wa Jehova. Ke Rahaba+ wa letekatse feela ya ka dulang a phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung hobane o ile a pata banna bao re ileng ra ba romela hore ba tlo hlwela* naha.+ 18  Empa le suthele hole le dintho tse lokelang ho fediswa+ e le hore le se ke la di lakatsa mme la di nka+ yaba le etsa hore diahelo tsa Iseraele e be ntho e lokelang ho fediswa mme la e tlisetsa tlokotsi.*+ 19  Empa silevera yohle le kgauta le dintho tsa koporo le tshepe di a halalela ho Jehova.+ Di iswe moo ho bolokwang matlotlo bakeng sa ntlo ya Jehova.”+ 20  Jwale setjhaba sa hweletsa ha ho letswa manaka.+ Hang ha setjhaba se utlwa modumo wa lenaka mme se hweletsa ka modumo o moholo wa ntwa, lerako la wa.+ Ka mora moo, setjhaba sa kena motseng, e mong le e mong a lebile pele mme sa hapa motse. 21  Sa fedisa ntho e nngwe le e nngwe e neng e le motseng ka sabole, banna le basadi, ba banyenyane le ba baholo, dipoho, dinku le ditonki.+ 22  Joshua a re ho banna ba babedi ba neng ba ile ba hlwela* naha: “Kenang ntlong ya mosadi eo wa letekatse mme le ntshe mosadi eo le bohle ba hae feela jwalo ka ha le mo hlapanyeditse.”+ 23  Ka hoo, bahlankana ba neng ba ile ho ya hlwela naha ba kena mme ba ntsha Rahaba, ntate wa hae, mme wa hae, dikgaitsedi tsa hae le bohle ba dulang le yena. Ba ntsha bohle ba lelapa labo+ mme ba ba beha ka ntle ho diahelo tsa Iseraele. 24  Yaba ba tjhesa motse le ntho e nngwe le e nngwe e neng e le ho wona ka mollo. Empa silevera, kgauta le dintho tsa koporo le tsa tshepe, ba di isa moo ho bolokwang matlotlo bakeng sa ntlo ya Jehova.+ 25  Rahaba wa letekatse le ba ntlo ya ntate wa hae le bohle ba dulang le yena, ke bona feela bao Joshua a ileng a ba boloka ba phela+ mme o dula Iseraele ho tla fihlela letsatsing lena+ hobane o ile a pata banna bao Joshua a ileng a ba romela ho ya hlwela* Jeriko.+ 26  Ka nako eo, Joshua a phatlalatsa kano e reng:* “E se eka motho ya tla haha motse ona wa Jeriko a ka rohakwa ka pela Jehova. O tla lahlehelwa ke letsibolo la hae haeba a ka etsa motheo wa motse ona mme o tla lahlehelwa ke ngwana wa hae wa ho fela haeba a ka kenya mamati a wona.”+ 27  Jehova o ne a ena le Joshua,+ ka hona Joshua a tuma* lefatsheng lohle.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “modumo o sa kgaotseng.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “mathata; kgathatso.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa mohlomong: “a etsa hore batho ba etse kano ena.”
Kapa mohlomong ho buuwa ka botumo ba Jehova.