Joshua 7:1-26

  • Baiseraele ba a hlolwa Ai (1-5)

  • Thapelo ya Joshua (6-9)

  • Baiseraele ba hlotswe hobane ba entse sebe (10-15)

  • Akane o a fumanwa mme o tlepetswa ka majwe (16-26)

7  Empa Baiseraele ha ba a ka ba tshepahala mabapi le dintho tse neng di lokela ho fediswa hobane Akane+ mora wa Karmi, mora wa Zabdi, mora wa Zera wa leloko la Juda, o ile a nka tse ding tsa dintho tse neng di lokela ho fediswa.+ Yaba Jehova o halefela Baiseraele+ haholo.  Joshua a romela banna Ai+ e haufi le Bethe-avene, ka botjhabela ho Bethele+ ba tswa Jeriko a re ho bona: “Nyolohang le yo hlwela* naha.” Ka hoo, banna bao ba nyoloha mme ba hlahloba Ai.  Ha ba kgutlela ho Joshua ba ile ba re ho yena: “Ha ho hlokahale hore setjhaba sohle se nyolohe. Banna ba ka bang 2 000 kapa ba ka bang 3 000 ba tla lekana hore ba hlole Ai. O se ke wa kgathatsa setjhaba sohle ka hore se ye moo hobane baahi ba moo ha ba bangata.”  Ka hoo, banna ba ka bang 3 000 ba nyolohela moo empa ba ile ba tlameha ho baleha banna ba Ai.+  Banna ba Ai ba bolaya banna ba 36 mme ba ba lelekisa ho tloha ka ntle ho keiti ya motse ho ya fihla Shebarime mme ba tswela pele ho ba bolaela motheong. Ka lebaka leo, batho ba ile ba tshoha mme ba fellwa ke matla.  Joshua le baholo ba Iseraele ba tabola diaparo tsa bona mme ba kgumama difahleho tsa bona di shebile fatshe ka pela Areka ya Jehova ho fihlela mantsiboya mme ba nna ba itshela ka lerole dihloohong.  Joshua a re: “Oho, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke hobaneng ha o ile wa tshedisa setjhaba see Jordane hore feela o nehelane ka rona ho Baamore hore ba re fedise? Hoja ra itulela ka lehlakoreng lane* la Jordane.  Ntshwarele Jehova, ke tla reng ha e le moo Baiseraele ba balehile* dira tsa bona?  Ha Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba utlwela ka taba ena ba tla re potapota mme ba fedise lebitso la rona lefatsheng. Jwale o tla etsang ho sireletsa lebitso la hao le leholo?”+ 10  Jehova a re ho Joshua: “Ema! Ke hobaneng ha o itihetse fatshe ka sefahleho? 11  Baiseraele ba entse sebe. Ha ba a boloka selekane*+ sa ka seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke. Ba nkile tse ding tsa dintho tse neng di lokela ho fediswa,+ ba di utswitse+ mme ba di patile hara dintho tsa bona.+ 12  Ka hoo, Baiseraele ba ke ke ba kgona ho hlola dira tsa bona. Ba tla baleha dira tsa bona hobane ba lokela ho fediswa. Nke ke ka ba le lona hape ntle le haeba le ka tlosa ntho e lokelang ho fediswa+ hara lona. 13  Ema mme o hlwekise* setjhaba.+ O re ho sona, ‘Itlhwekisetseng* hosane hobane sena ke seo Jehova Modimo wa Iseraele a se boletseng: “Ho na le ntho e lokelang ho fediswa hara lona Baiseraele. Le ke ke la kgona ho hlola dira tsa lona ho fihlela le tlositse ntho eo e lokelang ho fediswa hara lona. 14  Le itlhahise ka pela Modimo hoseng ho ya ka meloko ya lona. Leloko leo Jehova a le kgethang+ le tla atamela mme hara malapa ohle a leloko leo, lelapa leo Jehova a le kgethang le tla atamela, hara lelapa leo, ba ntlo eo Jehova a e kgethang ba tla atamela, ho ba ntlo eo, monna e mong le e mong o tla atamela. 15  Motho eo ho tla fumanwa a ena le ntho e lokelang ho fediswa, o tla tjheswa ka mollo+ le dintho tsohle tsa hae hobane ha a boloka selekane+ sa Jehova ebile o entse ntho e swabisang Iseraele.”’” 16  Letsatsing le hlahlamang, Joshua a tsoha hoseng haholo mme a re Baiseraele ba atamele ho ya ka maloko a bona yaba Modimo o kgetha leloko la Juda. 17  Joshua a re malapa a leloko la Juda a atamele mme Modimo a kgetha lelapa la Bazera+ yaba ka mora moo Joshua o laela hore monna ka mong ho lelapa la Bazera a atamele mme Modimo a kgetha Zabdi. 18  Qetellong Joshua a re monna ka mong ho ba ntlo ya Zabdi a atamele yaba Modimo o kgetha+ Akane mora wa Karmi, mora wa Zabdi, mora wa Zera wa leloko la Juda. 19  Joshua a re ho Akane: “Mora wa ka ka kopo, tlotlisa Jehova Modimo wa Iseraele mme o ipolele ho yena. Ka kopo mpolelle hore na o entseng. O se ke wa mpatela letho.” 20  Akane a araba Joshua a re: “Ka nnete ke nna ya sitetsweng Jehova Modimo wa Iseraele mme seo ke se entseng ke hore, 21  ha ke bona seaparo se kgethehileng se setle se tswang Shinare+ hara thepa e hapuweng le dikotwana tsa silevera tsa boima ba dikhilokramo tse pedi* le setene se le seng sa kgauta se boima ba dikramo tse 570,* ke ile ka di kgalla yaba ke a di nka. Ke di patile fatshe ka hara tente ya ka mme tjhelete e ka tlasa tsona.” 22  Hanghang Joshua a romela baromuwa yaba ba mathela tenteng. Seaparo se ne se patilwe ka tenteng ya hae mme tjhelete e le ka tlasa sona. 23  Ka hoo, ba ntsha dintho tseo ka tenteng, ba di tlisa ho Joshua le ho Baiseraele bohle mme ba di beha ka pela Jehova. 24  Jwale Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane+ mora wa Zera ha mmoho le silevera, seaparo se kgethehileng le setene sa kgauta+ le bara ba hae, baradi ba hae, dikgomo tsa hae, ditonki tsa hae, mehlape ya hae ya dinku le dipodi, tente ya hae le dintho tsohle tsa hae mme ba di isa Kgohlong* ya Akore.+ 25  Joshua a re: “Ke hobaneng ha o re tliseditse tlokotsi?*+ Le wena Jehova o tla o tlisetsa tlokotsi letsatsing lena.” Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe.+ Ka mora moo, ba ba tjhesa ka mollo.+ Ba ile ba ba bolaya kaofela ka ho ba tlepetsa ka majwe. 26  Ba etsa qubu e kgolo ya majwe hodima hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena. Yaba bohale ba Jehova bo a kokobela.+ Ke ka lebaka leo sebaka seo se bitswang Kgohlo ya Akore* ho fihlela letsatsing lena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “hlahloba.”
E leng le ka botjhabela.
Kapa: “ba furalletse.”
Ka Seheberu: “Ikgalaletseng.”
Ka Seheberu: “halaletse.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 200.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “mathata; kgathatso.”
E bolelang “Tlokotsi; Kgathatso.”