Joshua 8:1-35

  • Joshua o hlasela Ai (1-13)

  • Ai e a hapuwa (14-29)

  • Molao o balwa Thabeng ya Ebale (30-35)

8  Jehova a re ho Joshua: “O se ke wa tshoha kapa wa thothomela.+ Nka masole ohle mme o yo lwantsha motse wa Ai. Ke nehelane ka morena wa Ai le batho ba hae le motse wa hae le naha ya hae+ letsohong la hao.  O fedise Ai le morena wa yona feela jwalo ka ha o ile wa fedisa Jeriko le morena wa yona+ empa le ka inkela thepa ya yona e hapuweng le diphoofolo tsa yona. O behe masole a tla ipata ka mora motse bakeng sa ho hlasela motse.”  Ka hoo, Joshua a tsamaya le masole ohle ho ya lwantsha Ai. Joshua a kgetha banna ba 30 000 ba matla mme a ba romela bosiu.  A re ho bona: “Le ipate ka mora motse hore le tle le o hlasele. Le se ke la ya hole haholo le motse mme kaofela ha lona le dule le itokisitse.  Ke tla atamela motse ha mmoho le masole ohle mme ha ba tla ho rona ho tla re hlasela jwalo ka pele,+ re tla ba baleha.  Ha ba re lelekisa, re tla etsa hore ba re lelekise ho fihlela ba le hole le motse wa bona hobane ba tla re, ‘Ba re baleha jwalo ka pele.’+ Le rona re tla ba baleha.  Le tlohe moo le ipatileng teng mme le hape motse. Jehova Modimo wa lona o tla etsa hore le o fedise.  Hang ha le hapile motse le o tjhese.+ Le etse seo Jehova a le boleletseng sona. Tsena ke ditaelo tseo ke le fang tsona.”  Joshua a re ba tsamaye yaba ba ya moo ba yo ipata teng. Ba fihla ba dula pakeng tsa Bethele le Ai, ho elella ka bophirimela ho Ai. Joshua yena a sala le masole a mang bosiung boo. 10  Ka mora hore Joshua a tsohe hoseng haholo mme a bokelle masole, yena le baholo ba Iseraele ba etella masole pele ho ya Ai. 11  Masole ohle+ a neng a ena le yena a nyoloha mme a ya ka pela motse. Ba hloma ditente ho elella ka lehlakoreng le ka leboya la Ai, kgohlo e le pakeng tsa bona le Ai. 12  Ka nako eo, o ne a nkile banna ba ka bang 5 000, a itse ba ipate+ pakeng tsa Bethele+ le Ai, ho elella ka bophirimela ho motse. 13  Ka hoo, masole a hloma ditente ka leboya ho motse+ mme a neng a ipatile a ne a le ka bophirimela ho motse+ yaba Joshua o kena ka hara kgohlo* bosiung boo. 14  Hang ha morena wa Ai a ba bona, yena le banna ba motse ba tswa ka potlako hoseng ho ya lwantsha Baiseraele sebakeng se itseng se ka pela lehwatata.* Empa o ne a sa tsebe hore ho na le masole a ipatileng ka mora motse a neng a tlo mo hlasela. 15  Ha banna ba Ai ba ba hlasela, Joshua le Baiseraele bohle ba baleha ka tsela e yang lefeelleng.+ 16  Yaba banna bohle ba neng ba le motseng ba a bitswa hore ba ba lelekise mme ha ba ntse ba lelekisa Joshua ba ne ba ntse ba ya hole le motse. 17  Banna bohle ba Ai le Bethele ba ile ba tswa ho ya lelekisa Baiseraele, ha ho na monna ya ileng a sala. Ba ile ba siya motse o bulehile mme ba lelekisa Baiseraele. 18  Jehova a re ho Joshua: “Otlolla letsoho o supe motse wa Ai+ ka lerumo le letsohong la hao hobane ke tla etsa hore o e hape.”+ Ka hoo, Joshua a supa motse ka lerumo leo a le tshwereng. 19  Eitse ha banna ba ipatileng ba bona Joshua a otlollotse letsoho, ba ema ka potlako sebakeng sa bona mme ba mathela motseng ba o hapa yaba ba o tjhesa+ hanghang. 20  Ha banna ba Ai ba hetla, ba bona mosi o tswa motseng, o nyolohela mahodimong yaba ba fellwa ke matla hobane ho ne ho se na moo ba ka balehelang teng. Yaba masole a Baiseraele a neng a balehela lefeelleng a sheba ka ho banna ba neng ba ba lelekisa. 21  Ha Joshua le masole ohle a Baiseraele ba bona hore ba neng ba ipatile ba hapile motse mme ba bona motse o kubella mosi, ba sheba ka ho banna ba Ai mme ba ba hlasela. 22  Masole a hapileng motse le ona a tswa motseng, a ba hlasela. Banna ba Ai ba ne ba le dipakeng, Baiseraele ba bang ba le ka lehlakoreng lena mme ba bang ba le ka ho lane yaba ba a ba bolaya mme ha ho a ka ha eba le ya mong ya phonyohang kapa ya balehang.+ 23  Empa ba tshwara morena wa Ai+ a ntse a phela yaba ba mo tlisa ho Joshua. 24  Ha Baiseraele ba qeta ho bolaya baahi bohle ba Ai lefeelleng leo ba neng ba ba lelekisa ho ya ho lona mme ba ba bolaile kaofela ka sabole, jwale Baiseraele bohle ba kgutlela Ai mme ba bolaya ba setseng ka sabole. 25  Letsatsing leo ho ile ha bolawa batho bohle ba Ai ba 12 000, ho tloha ho monna ho ya ho mosadi. 26  Joshua ha a ka a theola letsoho leo a neng a tshwere lerumo+ ka lona ho fihlela a fedisitse+ baahi bohle ba Ai. 27  Ka mora moo, Baiseraele ba ile ba inkela diphoofolo le thepa eo ba e hapileng ya motse oo, ho ya ka ditaelo tseo Jehova a neng a di file Joshua.+ 28  Jwale Joshua a tjhesa Ai mme ho fihlela letsatsing lena ho setse qubu ya majwe feela.+ 29  A fanyeha morena wa Ai palong* ho fihlela mantsiboya. Yaba ha letsatsi le le haufi le ho dikela, Joshua a laela hore setopo sa hae se theolwe palong.+ Ba se lahlela keiting ya motse mme ba beha qubu e kgolo ya majwe hodima hae, e ntseng e le teng ho fihlela letsatsing lena. 30  Ka mora moo, Joshua a hahela Jehova Modimo wa Iseraele aletare Thabeng ya Ebale,+ 31  feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ne a laetse Baiseraele le jwalo ka ha bukeng ya Molao+ wa Moshe ho ngotswe mantswe a reng: “Aletare ya majwe a sa thujwang ka thulusi ya tshepe.”+ Ba ne ba nyehela ho Jehova dinyehelo tsa setjheso hodima yona, ba etsa le mahlabelo a kopanetsweng.+ 32  Jwale a kopiletsa Molao+ oo Moshe a neng a o ngotse hodima majwe ao ka pela Baiseraele.+ 33  Baiseraele bohle, baholo ba bona, balaodi le baahlodi ba bona ba ne ba eme ka mahlakoreng a mabedi a Areka ka pela baprista ba Balevi ba neng ba jere areka ya selekane sa Jehova. Baditjhaba ha mmoho le Baiseraele+ ba ne ba le moo. Halofo e nngwe ya bona e ne e le ka pela Thaba ya Gerizime mme halofo e nngwe ya bona e le ka pela Thaba ya Ebale+ (feela jwalo ka ha Moshe mohlanka wa Jehova a ne a laetse),+ ho hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele. 34  Ka mora moo, a balla hodimo mantswe ohle a Molao,+ ditlhohonolofatso+ le dithohako,+ ho ya ka sohle se ngotsweng bukeng ya Molao. 35  Joshua o ile a balla hodimo ditaelo tsohle tseo Moshe a neng a di laetse. A di bala ka pela phutheho yohle ya Iseraele,+ ho bile ho ena le basadi le bana le baditjhaba+ ba neng ba dula* le bona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phula.”
Kapa: “thota ya lehwatata.”
Kapa: “sefateng.”
Ka Seheberu: “tsamaya.”