Joshua 9:1-27

  • Bagibeone ba bohlale ba batla ho etsa kgotso (1-15)

  • Leqheka la Bagibeone le a hlahella (16-21)

  • Bagibeone ba lokela ho rwalla patsi le ho kga metsi (22-27)

9  Ha marena ohle a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela ho Jordane,+ a dulang dithabeng le a dulang Shefela le pela lebopo lohle la Lewatle le Leholo*+ le ka pela Lebanone, a utlwa ka se etsahetseng, marena ana a Bahethe, Baamore, Bakanana, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+  a ile a ikopanya hore a lwantshe Joshua le Baiseraele.+  Baahi ba Gibeone+ le bona ba utlwa ka seo Joshua a neng a se entse Jeriko+ le Ai.+  Ka hoo, ba tla ka leqheka. Ba kenya mefaho ka hara mekotla ya kgale, ba e beha hodima ditonki tsa bona ha mmoho le makuka* a veine a kgale a neng a phatlohile mme a rokilwe.  Hape ba ne ba rwetse dieta* tsa kgale tse seng di rokilwe ebile di lapilwe, ba apere diaparo tsa kgale tse tabohileng. Bohobe bohle boo ba neng ba bo nkile bo ne bo omeletse bo bile bo foforeha.  Jwale ba ya ho Joshua diahelong tse Gilgale+ mme ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: “Re tswa naheng e hole. Etsang tumellano le rona.”  Empa banna ba Iseraele ba re ho Baheve:+ “Mohlomong le dula naheng e haufi le rona, re ka etsa tumellano jwang le lona?”+  Ba re ho Joshua: “Re bahlanka* ba hao.” Joshua a re ho bona: “Le bomang hona le tswa hokae?”  Ba re ho yena: “Bahlanka ba hao ba tswa naheng e hole haholo+ ka lebaka la lebitso la Jehova Modimo wa hao hobane re utlwile ka botumo ba hae le ka dintho tsohle tseo a di entseng Egepeta+ 10  le ka dintho tsohle tseo a di entseng ho marena a mabedi a Baamore a neng a le ka lehlakoreng lane* la Jordane e leng Morena Sihone+ wa Heshbone le Morena Oge+ wa Bashane, ya neng a le Ashtarothe. 11  Ka hoo, baholo ba rona le baahi bohle ba naha ya rona ba ile ba re ho rona, ‘Nkang mefaho bakeng sa leeto mme le tsamaye le yo kopana le bona. Le re ho bona: “Re tla ba basebeletsi ba lona.+ Etsang tumellano le rona.”’+ 12  Bohobe bona boo re bo nkileng e le mefaho ya rona, bo ne bo ntse bo tjhesa ha re tloha matlong a rona re tla mona ho lona. Jwale le a bo bona hore bo omeletse ebile bo a foforeha.+ 13  Makuka* ana a veine a ne a le matjha ha re a tlatsa empa hona jwale a phatlohile.+ Diaparo tsa rona le dieta* tsa rona di tabohile ebile di senyehile hobane re tsamaile leeto le le lelele.” 14  Yaba banna ba Iseraele ba nka* e meng ya mefaho ya bona empa ha ba a ka ba botsa Jehova+ hore na ba etseng. 15  Ka hoo, Joshua a etsa kgotso le bona+ mme a etsa tumellano le bona ya hore a ke ke a ba bolaya. Dikgosana tsa setjhaba tsa ikana hore di tla tshepahalla tumellano eo.+ 16  Matsatsi a mararo ka mora hore ba etse tumellano le bona, ba ile ba utlwela hore ba dula sebakeng se haufinyane le bona. 17  Jwale Baiseraele ba tloha yaba ba fihla metseng ya bona letsatsing la boraro. Metse ya bona e ne e le Gibeone,+ Kefira, Beerothe le Kiriathe-jearime.+ 18  Empa Baiseraele ha ba a ka ba ba hlasela hobane dikgosana tsa setjhaba di ne di ikanne ka Jehova+ Modimo wa Iseraele. Ka hoo, setjhaba sohle sa qala ho korotlela dikgosana. 19  Yaba dikgosana tsohle di re ho setjhaba: “Ka ha re ile ra ikana ho bona ka Jehova Modimo wa Iseraele, ha re a dumellwa ho ba utlwisa bohloko. 20  Jwale re tla etsa tjena: Re tla ba tlohela hore ba phele e le hore Modimo a se ke a re halefela ka lebaka la kano eo re e entseng ho bona.”+ 21  Dikgosana tsa boela tsa re: “Le se ke la ba bolaya empa mosebetsi wa bona e tla ba ho rwalla patsi le ho kga metsi bakeng sa setjhaba.” Ena ke qeto eo dikgosana di e entseng mabapi le bona. 22  Jwale Joshua a ba bitsa mme a re ho bona: “Ke hobaneng ha le ile la re qhekella la re le tswa hole empa le ntse le dula haufi le rona moo?+ 23  Ho tloha hona jwale ho ya pele, le rohakilwe+ mme le tla dula le le makgoba a rwallang patsi le a kgang metsi bakeng sa ntlo ya Modimo wa ka.” 24  Ba araba Joshua ba re: “Ke hobane bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa ka ho hlakileng hore Jehova Modimo wa hao o laetse mohlanka wa hae Moshe hore o lokela ho le fa naha yohle le ho fedisa baahi bohle ba yona hore ba tlohe ka pela lona.+ Ka hoo, re ne re tshohile hore le tlo re bolaya,+ ke ka lebaka leo re entseng ntho ena.+ 25  Jwale re mohaung wa hao.* Etsa eng kapa eng ka rona eo o bonang e lokile ebile e nepahetse.” 26  Joshua a etsa jwalo, a ba lopolla matsohong a Baiseraele mme ha ba a ka ba ba bolaya. 27  Empa letsatsing leo, Joshua a ba etsa ba rwallang patsi le ba kgang metsi bakeng sa setjhaba+ le bakeng sa aletare ya Jehova sebakeng seo Modimo a neng a tla se kgetha+ mme ba ntse ba etsa jwalo le letsatsing lena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng Lewatle la Mediterranean.
Mekotla ya letlalo e tshelang metsi.
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Kapa: “makgoba.”
E leng ka lehlakoreng le ka botjhabela.
Mekotla ya letlalo e tshelang metsi.
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “matsohong a hao.”