Levitike 10:1-20

  • Mollo o tswang ho Jehova o bolaya Nadabe le Abihu (1-7)

  • Melao eo baprista ba lokelang ho e latela mabapi le ho nwa le ho ja (8-20)

10  Bara ba Arone e leng Nadabe le Abihu+ ba nka dipane tsa bona tsa mollo yaba ba tshela mashala a hlenneng ka hara tsona mme ba beha dibano+ hodima ona. Ba etsetsa Jehova nyehelo ya mollo e seng molaong.+  Mollo o tswang ho Jehova wa ba tjhesa+ yaba ba shwella ka pela Jehova.+  Moshe a re ho Arone: “Jehova o itse o tla halaletswa hara batho ba haufi le yena+ mme a tlotliswe ka pela setjhaba sohle.” Arone a thola.  Moshe a bitsa Mishaele le Elzafane, bara ba Uziele+ e leng rangwane wa Arone mme a re ho bona: “Tlosang bana ba bo lona ka pela sebaka se halalelang le ba ise ka ntle ho ditente.”  Ba tla yaba ba tlosa banna bao ba shweleng ba ntse ba apere diaparo tsa bona, ba ba isa ka ntle ho ditente feela jwalo ka ha Moshe a ne a ba boleletse.  Moshe a re ho Arone le ho bara ba bang ba hae e leng Eleazare le Ithamare: “Le se ke la tlohela moriri wa lona o sa kangwa ebile o se makgethe kapa la tabola diaparo tsa lona+ e le hore le se ke la shwa le hore Modimo a se ke a halefela setjhaba sohle. Bana ba bo lona ba ntlo yohle ya Iseraele ba tla llela bao Jehova a ba bolaileng ka mollo.  Le se ke la tloha monyako wa tente ya pokano, ho seng jwalo le tla shwa ka ha oli e halalelang* ya Jehova e hodima lona.”+ Ba etsa ho ya ka moo Moshe a neng a ba boleletse.  Jehova a re ho Arone:  “Wena le bara ba hao le se ke la nwa veine kapa dino tse ding tse tahang ha le kena ka tenteng ya pokano+ e le hore le se ke la shwa. Ke taelo e tla dula e le teng melokong ya lona. 10  Le etse sena e le hore le kgetholle pakeng tsa ntho e halalelang le e silafetseng, pakeng tsa ntho e sa hlwekang le e hlwekileng+ 11  le ho ruta Baiseraele melao yohle eo Jehova a ba boleletseng yona a sebedisa Moshe.”+ 12  Moshe a bua le Arone le Eleazare le Ithamare e leng bara ba Arone ba neng ba setse a re: “Nkang dijo tse setseng nyehelong ya dijo* dinyehelong tse tjhesetswang Jehova mme le di je e le bohobe bo se nang tomoso haufi le aletare+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 13  Le di jelle sebakeng se halalelang+ hobane ke kabelo ya lona le ya bara ba lona dinyehelong tse tjhesetswang Jehova ka ha sena ke seo ke se laetsweng. 14  Lona le bara le baradi ba lona+ le je sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang+ sebakeng se hlwekileng hobane dintho tsena di fanwe e le kabelo ya lona le ya bara ba lona mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele. 15  Ba tlise leoto la karolo e halalelang, sefuba sa nyehelo e tsokwang le dinyehelo tsa mafura tse tjheswang ka mollo e le hore ba di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova. E be kabelo ya ka ho sa feleng bakeng sa lona le bara ba lona+ feela jwalo ka ha Jehova a laetse.” 16  Moshe a batlana le podi ya nyehelo ya sebe+ mme a fumana hore e tjhesitswe. A halefela Eleazare le Ithamare e leng bara ba Arone ba setseng a re: 17  “Ke hobaneng ha le sa ja nyehelo ya sebe sebakeng se halalelang+ ka ha ke ntho e halalelang ka ho fetisisa ebile le e filwe e le hore le ka ikarabella bakeng sa phoso ya setjhaba le hore le etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa sona ka pela Jehova? 18  Ha ho na motho ya tlisitseng madi a yona ka hara sebaka se halalelang.+ Le ka be le e jelletse sebakeng se halalelang feela jwalo ka ha ke ne ke laetswe.” 19  Arone a re ho Moshe: “Kajeno setjhaba se hlahisitse nyehelo ya sona ya sebe le nyehelo ya sona ya setjheso ka pela Jehova.+ Empa ka mora dintho tsee tse nketsahalletseng, na Jehova o ne a tla thaba haeba ke ne ke jele nyehelo ya sebe kajeno?” 20  Moshe a kgotsofala ha a utlwa seo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.