Levitike 11:1-47

  • Diphoofolo tse hlwekileng le tse sa hlwekang (1-47)

11  Jehova a re ho Moshe le Arone:  “Ereng ho Baiseraele, ‘Tsena ke dibopuwa tse phelang tsa lefatshe* tseo le ka di jang:+  Le ka ja phoofolo e nngwe le e nngwe e nang le tlhako e arohaneng ka ho feletseng ebile e thuisa.  Empa le se ke la ja diphoofolo tse thuisang kapa tse nang le tlhako e arohaneng e leng kamele hobane e a thuisa empa ha e na tlhako e arohaneng. Ha e a hlweka.+  Le se ke la ja le pela+ hobane e a thuisa empa ha e na tlhako e arohaneng. Ha e a hlweka.  Mmutla hobane o a thuisa empa ha o na tlhako e arohaneng. Ha o a hlweka.  Kolobe+ hobane e na le tlhako e arohaneng ka ho feletseng empa ha e thuise. Ha e a hlweka.  Le se ke la ja nama le ha e le efe ya tsona kapa la tshwara ditopo tsa tsona. Ha di a hlweka.+  Sena ke seo le ka se jang hara dibopuwa tsohle tsa metsing: Ntho le ha e le efe e ka metsing e nang le maphewana le makgakgapha ebang e mawatleng kapa dinokeng.+ 10  Empa ntho le ha e le efe e mawatleng le e dinokeng e se nang maphewana le makgakgapha ho dibopuwa tsohle tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha le sebopuwa se seng le se seng se phelang ka metsing, ke ntho e nyonyehang ho lona. 11  Le se ke la di ja.+ Le di nyonye le be le nyonye le ditopo tsa tsona. 12  Ntho e nngwe le e nngwe e ka metsing e se nang maphewana le makgakgapha ke ntho e nyonyehang ho lona. 13  Tsena ke dibopuwa tse fofang tseo le lokelang ho di nyonya, ha di a lokela ho jewa ka ha di a nyonyeha: ntsu,+ phakwe e jang ditlhapi, lenong le letsho,+ 14  mmankgodi o mofubedu le mefuta yohle ya mmankgodi o motsho, 15  mefuta yohle ya lekgwaba, 16  mpshe, sephooko, nonyana ya metsing, mefuta yohle ya phakwe, 17  sephooko se senyenyane, seinodi, sephooko se ditsebe di telele, 18  kgantshi, letata le jang ditlhapi, lenong, 19  mokotatsie, mefuta yohle ya kokolofitwe, popopo le mmankgane. 20  Dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamayang e le sehlopha mme di tsamaya ka maoto ohle a tsona a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona. 21  Hara dikokwanyana tsohle tse nang le mapheo tse tsamayang e le sehlopha mme di tsamaya ka maoto a mane, le ka ja feela tse nang le maoto ao di qhomang ka ona.* 22  Ho tsona le ka ja tse latelang: mefuta e fapaneng ya ditsie tse sa duleng sebakeng se le seng, mefuta ya ditsie tse ding tse jewang,+ ya matjeketjane* le ya marutle. 23  Dibopuwa tse ding tsohle tse nang le mapheo tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha tse nang le maoto a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona. 24  Di tla le silafatsa. E mong le e mong ya thetsang ditopo tsa tsona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 25  Mang kapa mang ya nkang ditopo tsa tsona a hlatswe diaparo tsa hae+ mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 26  Phoofolo le ha e le efe e nang le tlhako e arohaneng empa e se ka ho feletseng ebile e sa thuise, ha e a hlweka. E mong le e mong ya e thetsang o tla dula a sa hlweka.+ 27  Dibopuwa tsohle tse tsamayang ka maro* hara dibopuwa tse tsamayang ka maoto ohle a mane ha di a hlweka. E mong le e mong ya thetsang ditopo tsa tsona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 28  Motho ya nkang ditopo tsa tsona a hlatswe diaparo tsa hae+ mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ Ha di a hlweka. 29  Tsena ke dibopuwa tse nyenyane tse sa hlwekang ho lona: Kgwiti, tweba,+ mofuta o mong le o mong wa mokgodutswane, 30  tjhetjheiki, mokgodutswane o moholo, polometsi, sefelekwane le lempetje. 31  Dibopuwa tsena ha di a hlweka.+ E mong le e mong ya di thetsang ha di shwele o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 32  Ntho le ha e le efe eo di welang hodima yona ha di shwa e tla dula e sa hlweka ebang ke sesebediswa sa lepolanka, seaparo, letlalo la phoofolo kapa lesela le hwashang.* Sesebediswa le ha e le sefe se sebediswang se lokela ho kenngwa ka metsing mme e tla ba se sa hlwekang ho fihlela mantsiboya. Ka mora moo, se tla be se hlwekile. 33  Haeba di wela ka hara sejana se entsweng ka letsopa, le se pshatle. Ntho le ha e le efe e neng e le ka hara sona e tla dula e sa hlweka.+ 34  Dijo tsa mefuta yohle tse ka kopanang le metsi a tswang ka sejaneng seo e tla ba tse sa hlwekang mme seno sefe kapa sefe se ka hara sejana seo se ke ke sa hlweka. 35  Ntho le ha e le efe eo ditopo tseo di welang hodima yona e tla dula e sa hlweka. E lokela ho pshatlwa ebang ke onto kapa setofo se senyenyane. Ha e a hlweka mme e tla dula e sa hlweka. 36  Ke sediba le sekoti se bolokang metsi feela tse tla dula di hlwekile. Empa mang kapa mang ya thetsang ditopo tseo o tla dula a sa hlweka. 37  Haeba ditopo tseo di wela hodima peo ya semela e lokelang ho jalwa, peo eo e hlwekile. 38  Empa haeba peo e tshetswe ka metsi mme karolo e nngwe ya ditopo tseo e wela hodima yona, peo eo ha e a hlweka. 39  Haeba phoofolo le ha e le efe eo le e jang e shwa, mang kapa mang ya tshwarang setopo sa yona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 40  Motho ya jang nama ya yona a hlatswe diaparo tsa hae mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ Motho ya nkang setopo sa phoofolo eo a hlatswe diaparo tsa hae. O tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 41  Dibopuwa tsohle tse sa hlwekang tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha lefatsheng ke ntho e nyonyehang.+ Di se ke tsa jewa. 42  Ha le a lokela ho ja dibopuwa tsohle tse hahabang ka mpa, tse tsamayang ka maoto ohle a mane kapa dibopuwa tse nyenyane tse nang le maoto a mangata tse tsamayang e le sehlopha hobane ke ntho e nyonyehang.+ 43  Le se ke la iketsa ba nyonyehang ka lebaka la dibopuwa le ha e le dife tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha mme le se ke la itshilafatsa yaba le ba ba sa hlwekang ka lebaka la tsona.+ 44  Ke nna Jehova Modimo wa lona.+ Ka hoo, le dule le hlwekile mme le halalele+ hobane ke a halalela.+ Le se ke la itshilafatsa ka dibopuwa le ha e le dife tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha. 45  Ke nna Jehova, ya le etellang pele ho tswa Egepeta hore ke be Modimo ho lona,+ le halalele+ hobane ke a halalela.+ 46  Ona ke molao o mabapi le diphoofolo, dibopuwa tse fofang, dibopuwa tsohle tse tsamayang ka metsing le dibopuwa tsohle tse nyenyane tse tsamayang e le sehlopha 47  e le hore le tsebe ho kgetholla pakeng tsa tse sa hlwekang le tse hlwekileng le pakeng tsa dibopuwa tse phelang tse ka jewang le tse ke keng tsa jewa.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ke diphoofolo tsa naheng.”
Ka Seheberu: “tse nang le menoto e di thusang ho qhoma ha di le fatshe.”
Kapa: “tsiritsiri.”
Maro ke karolo e ka tlase ya maoto a diphoofolo tse kang tau, katse le ntja.