Levitike 12:1-8

  • Ho itlhwekisa ka mora ho ba le ngwana (1-8)

12  Jehova a re ho Moshe:  “Bolella Baiseraele hore haeba mosadi a ima* mme a ba le ngwana wa moshanyana, o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng feela jwalo ka ha a sa hlweka ha a le matsatsing.+  Ka letsatsi la borobedi ngwana eo a bolotswe.+  Mosadi eo a qete matsatsi a 33 a itlhwekisa. A se ke a tshwara ntho le ha e le efe e halalelang mme a se ke a kena sebakeng se halalelang ho fihlela a qeta ho itlhwekisa.  Haeba a eba le ngwana wa ngwanana o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a 14 feela jwalo ka ha a sa hlweka ha a le matsatsing. A qete matsatsi a 66 a itlhwekisa.  Ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fela ka mora hore a be le mora kapa moradi, a nke ramo e nyenyane e nang le selemo, a e tlise ho moprista monyako wa tente ya pokano hore ho etswe nyehelo ya setjheso.+ A tlise le leeba kapa leebanakgorwana hore ho etswe nyehelo ya sebe ka lona.  Moprista a e tlise ka pela Jehova mme a etsetse mosadi eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, o tla hlweka phallong ya hae ya madi. Ona ke molao bakeng sa mosadi ya bang le ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana.  Empa haeba a ke ke a kgona ho fana ka nku, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi,+ le leng bakeng sa nyehelo ya setjheso le le leng bakeng sa nyehelo ya sebe. Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe mme o tla hlweka.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “emola peo.”